THUTO EA 31
Joshua le Bagibeone
Lichaba tse ling tsa Kanana li ile tsa utloa se etsahetseng Jeriko. Kahoo, marena a tsona a rera ho ikopanya ho loantša Baiseraele. Empa Bagibeone ba tla ka leano le fapaneng. Ba apara liaparo tsa khale, ba ea ho Joshua ’me ba re: ‘Re tsoa naheng e hole. Re utloetse ka Jehova le sohle seo a le etselitseng sona Egepeta le Moabe. Re tšepiseng hore le ke ke la re hlasela ’me re tla ba bahlanka ba lona.’
Joshua o ile a ba kholoa ’me a lumela hore a ke ke a ba hlasela. Ka mor’a matsatsi a mararo, a utloa hore ha ba tsoe naheng e hole. Ba tsoa hona naheng eo ea Kanana. Joshua a botsa Bagibeone a re: ‘Ke hobane’ng ha le re thetsitse?’ Ba re: ‘Re le thetsitse hobane re ne re tšohile! Rea tseba hore Jehova Molimo oa lona oa le loanela. Re kopa hore le se ke la re bolaea.’ Joshua a etsa joalokaha a ba tšepisitse ’me a se ke a ba bolaea.
Ka mor’a nakoana, marena a mahlano a Kanana a ile a hlophisa mabotho a ’ona, a itokisetsa ho hlasela Bagibeone. Joshua le banna ba hae ba tsamaea bosiu bohle ho ea ba pholosa. Ntoa ea qala hoseng letsatsing le latelang. Bakanana ba ile ba baleha. Hohle moo ba balehelang teng, Jehova a ba nesetsa sefako. Eaba Joshua o kopa Jehova hore a emise letsatsi. Ke hobane’ng ha a ile a kopa Jehova hore a emise letsatsi empa ho se mohla ntho e joalo e kileng ea etsahala? Ke hobane Joshua o ne a tšepa Jehova. Letsatsi ha lea ka la likela ho fihlela Baiseraele ba hlotse lira tsa bona.
“Ha le re le tla etsa ntho, le fele le e etse. Ha le re le ke ke la etsa ntho, le se ke la e etsa hobane ho fetang hoo ho tsoa ho Diabolose.”—Matheu 5:37