Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lfb thuto 36 leq. 88-leq. 89 ser. 1
  • Tšepiso ea Jafeta

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tšepiso ea Jafeta
  • Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšepiso ea Jafeta
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • O Ile a Thabisa Ntate oa Hae le Jehova
    Ruta Bana ba Hao
  • O ne a Ratoa ke Molimo le Metsoalle ea Hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Molimo o Amohela ba Tšepahalangl
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
Bala Tse Ling
Ithute Lipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 36 leq. 88-leq. 89 ser. 1
Jafeta o tabola liaparo tsa hae ha morali oa hae a tsoa ho tla mo khahlanyetsa

THUTO EA 36

Tšepiso ea Jafeta

Baiseraele ba ile ba boela ba lahla Jehova ’me ba rapela melimo ea bohata. Melimo eo ha ea ka ea ba thusa ha Baamone ba ba loantša. Baiseraele ba ile ba sotleha ka lilemo tse ngata. Qetellong ba re ho Jehova: ‘Re entse sebe. Re kopa u re sireletse ho lira tsa rona.’ Eaba ba senya litšoantšo tseo ba neng ba li rapela ’me ba rapela Jehova hape. Jehova o ne a sa rate ha ba sotleha.

Jehova o ile a khetha monna ea matla ea bitsoang Jafeta hore a etelle masole a Baiseraele pele ha a e’o loantša Baamone. Jafeta o ile a re ho Jehova: ‘Ha u ka re thusa ho hlola ntoeng ena, ke tla u fa motho oa pele ea tla tsoa ka tlung ea ka ho nkhahlanyetsa.’ Jehova o ile a mamela thapelo ea Jafeta eaba o mo thusa hore a hlole ntoeng eo.

Ha Jafeta a khutla ntoeng, motho oa pele ea ileng a tsoa ho tla mo khahlanyetsa ke morali oa hae, ngoana ea mong feela. O ile a tla a ntse a tantša, a letsa moropa. Jafeta o ile a etsa’ng? O ile a hopola tšepiso ea hae eaba o re: ‘Jo! morali oa ka! U nkutloisitse bohloko. Ke tšepisitse Jehova hore motho ea tla tsoa pele ho tla nkhahlanyetsa, ke tla fana ka eena tabernakeleng Shilo. Kahoo, ke lokela ho fana ka uena tabernakeleng.’ Morali oa hae a re ho eena: ‘Ntate, haeba u tšepisitse Jehova, phetha tšepiso ea hao. Empa pele ke ea, ke kopa ho qeta likhoeli tse peli thabeng le metsoalle ea ka. Ka mor’a moo ke tla ea Shilo.’ Morali oa Jafeta o ile a sebeletsa Jehova ka botšepehi tabernakeleng bophelo bohle ba hae. Metsoalle ea hae e ne e mo chakela Shilo selemo le selemo.

Metsoalle ea morali oa Jafeta e mo chakela tabernakeleng

“Ea ratang mora kapa morali ho mpheta, ha a tšoaneloe ke ho ba morutuoa oa ka.”—Matheu 10:37

Lipotso: Jafeta o ile a tšepisa Jehova eng? Morali oa Jafeta o ile a re’ng ha a utloa tšepiso ea ntate oa hae?

Baahloli 10:6–11:11, 11:29-40; 1 Samuele 12:10, 11

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela