THUTO EA 41
Davida le Saule
Ka mor’a hore Davida a bolaee Goliathe, Morena Saule o ile a mo beha hore e be molaoli oa sesole sa hae. Davida o ile a hlola lintoa tse ngata ’me a tsebahala haholo. Kamehla ha Davida a tsoa ntoeng, basali ba ne ba mo khahlanyetsa ba ntse ba tantša ’me ba bina ba re: ‘Saule o bolaile ba likete, ha Davida eena a bolaile ba likete tse mashome.’ Saule a ba mona ’me a batla ho mo bolaea.
Davida o ne a letsa harepa hamonate. Ka letsatsi le leng ha Davida a ntse a letsetsa Saule harepa, Saule o ile a mo betsa ka lerumo. Davida o ile a le qoba eaba le otla leboteng. Ka mor’a moo, Saule o ile a leka ka makhetlo a mangata ho bolaea Davida. Qetellong Davida a baleha eaba o ipata ka ntle ho motse.
Saule o ile a tsamaea le masole a 3 000 ho ea tsoma Davida. A kena ka lehaheng leo Davida le banna ba hae ba neng ba ipatile ka ho lona. Banna ba tsamaeang le Davida ba re: ‘Ona ke monyetla oa hore u bolaee Saule.’ Eaba Davida o atamela pel’a Saule, a seha seaparo sa hae. Empa Saule ha aa ka a utloa. Ka mor’a moo, Davida a ikoahlaela hore ebe ha aa hlompha morena eo Jehova a mo khethileng. O ile a hanela banna ba hae ho loantša Saule. A hoeletsa Saule a mo bolella hore a ka be a mo bolaile ha a ne a batla ho mo bolaea. Na Saule o ile a fetola maikutlo a hae ka Davida?
Che. Saule o ile a tsoela pele ho tsoma Davida. Ka bosiu bo bong Davida le Abishai ba ile ba ea tenteng ea Saule. Ba fumana le molebeli oa Saule ea bitsoang Abnere a robetse. Abishai a re: ‘Re fumane monyetla joale. E-re ke mo bolaee.’ Davida a mo araba, a re: ‘Jehova ke eena ea tla ahlola Saule. A re nke lerumo la hae le jeke ea hae ea metsi.’
Davida a hloella thabeng e haufi le moo Saule a neng a robetse teng. Eaba oa hoeletsa o re: ‘Abnere, ke hobane’ng ha u sa sireletsa morena oa hao? Lerumo la morena le jeke ea hae ea metsi li kae?’ Saule a tseba lentsoe la Davida ’me a re: ‘U ka be u mpolaile empa ha oa etsa joalo. Kea tseba hore u tl’o ba morena ea latelang oa Iseraele.’ Ka mor’a moo, Saule a khutlela ntlong ea hae ea borena. Leha ho le joalo, ha se bohle lelapeng la Saule ba neng ba hloile Davida.
“Le etse sohle seo le ka se khonang e le hore le be le khotso le batho bohle. Baratuoa, le se ke la iphetetsa empa le lumelle Molimo hore a bontše khalefo ea hae.”—Baroma 12:18, 19