Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lfb thuto 63 leq. 150-leq. 151 ser. 1
  • Mongolo Leboteng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mongolo Leboteng
  • Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mongolo Leboteng
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Cyruse e Moholo
    Tsoha!—2013
  • Batho ba Molimo ba Tloha Babylona
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Mantsoe a Mane a Ileng a Fetola Lefatše
    Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
Bala Tse Ling
Ithute Lipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 63 leq. 150-leq. 151 ser. 1
Letsoho le ngola leboteng

THUTO EA 63

Mongolo Leboteng

Ha nako e ntse e ea, Belshatsare e ile ea e-ba morena e mocha oa Babilona. Ka bosiu bo bong, o ile a mema matona a hae a sekete hore a tle moketeng. A re bahlanka ba hae ba tlise lijana tsa khauta tseo Nebukadnezare a li nkileng tempeleng ea Jehova. Belshatsare le baeti ba hae ba noella lijaneng tseo ’me ba rorisa melimo ea bona. Eaba ka tšohanyetso, ho hlaha letsoho le leholo ’me le qala ho ngola mantsoe a makatsang leboteng la ntlo ea ho jela.

Belshatsare o ile a tšoha haholo. Eaba o bitsa maselamose ’me o re ho ’ona: ‘Motho ea ka ntlhalosetsang hore na mantsoe ana a bolela’ng, ke tla mo phahamisa boreneng ba Babilona.’ Maselamose a ile a leka ho hlalosa mantsoe ao, empa a hloleha. Eaba mofumahali o re: ‘Ho na le monna e mong ea bitsoang Daniele ea neng a atisa ho hlalosetsa Nebukadnezare lintho. A ka u hlalosetsa hore na mantsoe ao a bolela’ng.’

Kahoo, Daniele a tla ho morena. Belshatsare a re ho eena: ‘Ha u ka ntlhalosetsa hore na mantsoe ana a bolela’ng, ke tla u fa sefaha sa khauta ke be ke u phahamise boreneng ba Babilona.’ Daniele a re: ‘Ha ke batle limpho tsa hao empa ke tla u bolella hore na mantsoe ana a bolela’ng. Ntate oa hao, Nebukadnezare, o ne a ikhohomosa ’me Jehova o ile a mo kokobetsa. U tseba se mo etsahaletseng, empa u ntse u sa hlomphe Jehova kaha u noella veine lijaneng tsa khauta tse nkiloeng ka tempeleng ea Hae. Kahoo, Molimo o ngotse mantsoe ana: Mene, Mene, Tekel le Parsin. Mantsoe ana a bolela hore Bamede le Bapersia ba tl’o hapa Babilona ’me ha u sa tla hlola u ba morena.’

Masole a Morena Saeruse a tšela noka a leba likeiting tsa Babilona

Ho ne ho sa bonahale eka ho na le motho ea ka hapang Babilona. Motse oo o ne o sirelelitsoe ka marako a maholo ebile o pota-potiloe ke noka e kholo. Empa hona bosiung boo, Bamede le Bapersia ba o hlasela. Morena Saeruse oa Persia o ile a khelosa metsi a noka e le hore masole a hae a fihle likeiting tsa motse. Ha a fihla likeiting, a fumana li butsoe! Kahoo, masole a kena, eaba a hapa motse ’me a bolaea morena. Ka mor’a moo, Saeruse ea e-ba eena ea busang Babilona.

Le pele selemo se fela, Saeruse a re: ‘Jehova o ntaetse hore ke tsosolose tempele ea hae e Jerusalema. Motho leha e le ofe ea mo rapelang ea batlang ho ea e tsosolosa, a ka tsamaea.’ Kahoo, feela joalokaha Jehova a ne a tšepisitse, Bajuda ba bangata ba ile ba khutlela Jerusalema lilemo tse 70 ka mor’a hore e felisoe. Eaba Saeruse o khutlisa lijana tsa khauta le tsa silevera tseo Nebukadnezare a neng a li nkile tempeleng. Na oa bona hore na Jehova o ile a sebelisa Saeruse joang ho thusa batho ba Hae?

“O oele! O oele Babilona e Moholo! O fetohile sebaka seo bademona ba lulang ho sona”—Tšenolo 18:2

Lipotso: Mantsoe a neng a ngotsoe leboteng a ne a bolela’ng? Jehova o ile a re Saeruse a etse’ng?

Esdrase 1:1-11; Daniele 5:1-30; Esaia 44:27–45:2; Jeremia 25:11, 12

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela