Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lfb thuto 64 leq. 152-leq. 153 ser. 4
  • Daniele ka Sekoting sa Litau

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Daniele ka Sekoting sa Litau
  • Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Daniele ka Sekoting sa Litau
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • O Pholosoa Litleneng Tsa Litau!
    Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
  • Daniele o Sebelelitse Molimo a sa Phetse
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Dariuse—Morena ea Nang le Toka
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
Bala Tse Ling
Ithute Lipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 64 leq. 152-leq. 153 ser. 4
Banna ba monelang Daniele ba fumana Daniele a ntse a rapela ka pel’a fensetere e butsoeng

THUTO EA 64

Daniele ka Sekoting sa Litau

Morena e mong ea ileng a busa Babilona ke Dariuse oa Momede. Dariuse o ile a bona hore Daniele ke motho ea ikhethang. Eaba o beha Daniele hore a okamele matona a hae. Banna bana ba ne ba sa rate Daniele, kahoo ba batla ho mo bolaea. Ba ne ba tseba hore Daniele o rapela Jehova ka makhetlo a mararo ka letsatsi, kahoo ba re ho Dariuse: ‘Morena, u lokela ho etsa molao o reng batho ba lokela ho rapela uena feela. Motho leha e le ofe ea sa mameleng molao oo, o lokela ho lahleloa ka sekoting sa litau.’ Dariuse o ile a lumellana le taba eo, a etsa molao a ba a o saena.

Hang ha Daniele a utloa ka molao oo, a ea ntlong ea hae. A khumama pel’a fensetere e butsoeng ’me a rapela Jehova. Eaba banna bao ba mona ba itahlela ka tlung ea hae ’me ba mo fumana a ntse a rapela. Ba mathela ho Dariuse ’me ba re: ‘Daniele ha a hlomphe molao oa hao. O rapela Molimo oa hae hararo ka letsatsi.’ Dariuse o ne a rata Daniele ’me a sa batle hore a bolaoe. A qeta letsatsi lohle a ntse a batla tsela ea ho sireletsa Daniele. Empa le eena morena o ne a sa khone ho fetola molao oo a o saenneng. Kahoo, a tlameha ho laela banna ba hae hore ba lahlele Daniele ka sekoting sa litau tse bohale.

Bosiung boo, Dariuse ha aa ka a robala kaha o ne a khathatsehile ka Daniele. Eaba hoseng, o mathela sekoting ’me o bitsa Daniele, o re: ‘Na Molimo oa hao o u pholositse?’

Dariuse a utloa motho a araba. E ne e le Daniele! A re ho Dariuse: ‘Lengeloi la Jehova le koetse melomo ea litau. Ha lia nketsa letho.’ Dariuse a thaba haholo! Eaba o re banna ba hae ba ntše Daniele ka sekoting seo. Daniele o ne a se na le mongoapo feela ’meleng. Kahoo, morena a re: ‘Lahlelang banna ba neng ba qosa Daniele ka sekoting.’ Ha banna bao ba lahleloa ka sekoting, litau tsa ba ja.

Eaba Dariuse o ntša taelo e reng: ‘Batho bohle ba lokela ho hlompha Molimo oa Daniele. O pholositse Daniele molomong oa litau.’

Na le uena u rapela Jehova kamehla, joaloka Daniele?

Daniele ka sekoting sa litau

“Jehova o tseba ho pholosa batho ba mo sebeletsang ka botšepehi mathateng.”—2 Petrose 2:9

Lipotso: Daniele o ne a etsa’ng hararo ka letsatsi? Jehova o ile a pholosa Daniele joang?

Daniele 6:1-28

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela