Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lfb thuto 65 leq. 154-leq. 155 ser. 1
  • Esthere o Pholosa Batho ba Habo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Esthere o Pholosa Batho ba Habo
  • Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mordekai le Esthere
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Buka ea Bibele ea 17—Esthere
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • O ne a le Bohlale, a le Sebete a Bile a Itetse
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • O ne a le Bohlale, a le Sebete a Bile a Itetse
    Etsisa Tumelo ea Bona
Bala Tse Ling
Ithute Lipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 65 leq. 154-leq. 155 ser. 1
Mofumahali Esthere o kena lebaleng la Morena Asueruse le katuoeng ka thata

THUTO EA 65

Esthere o Pholosa Batho ba Habo

Mofumahali Esthere

Esthere e ne e le ngoanana oa Mojuda ea neng a lula motseng oa Persia o bitsoang Shushane. Nako e telele pele ho moo, Nebukadnezare o ne a nkile ba lelapa labo Jerusalema. Esthere o ne a holisoa ke mong ka eena ea bitsoang Mordekai, ea neng a sebeletsa Morena Asueruse oa Persia.

Morena Asueruse o ne a batla mofumahali e mocha. Bahlanka ba hae ba ile ba mo tlisetsa baroetsana ba batle ka ho fetisisa naheng eo, ho akareletsa le Esthere. Har’a bona kaofela, morena o ile a khetha Esthere hore e be eena mofumahali. Mordekai o ile a re Esthere a se ke a bolella batho hore ke Mojuda.

Monna e mong ea ikhohomosang ea bitsoang Hamane e ne e le eena ea okametseng likhosana tsohle naheng eo. O ne a batla hore batho bohle ba mo inamele. Mordekai o ile a hana ho mo inamela. Kahoo, Hamane a halefa ’me a batla ho mo bolaea. Ha Hamane a utloa hore Mordekai ke Mojuda, o ile a rera ho bolaea Bajuda bohle naheng eo. A re ho morena: ‘Bajuda ke batho ba kotsi, u lokela ho ba tlosa tseleng.’ Eaba Asueruse o re: ‘Etsa ntho leha e le efe eo u e batlang.’ A mo fa matla a ho etsa molao. Kahoo, Hamane a laela batho bohle hore ba bolaee Bajuda ka la 13 khoeling ea Adare. Jehova o ne a ntse a shebile.

Esthere o ne a sa tsebe ka molao oo. Kahoo, Mordekai a mo romella kopi ea oona ’me a re: ‘E-ea u bue le morena.’ Eaba Esthere o re: ‘Motho leha e le ofe ea eang ho morena a sa bitsoa o tla bolaoa. Ho se ho fetile matsatsi a 30 morena a sa mpitse empa ke tla ea. Haeba a ka ’nanabeletsa lere la hae la borena, ke tla phela. Ho seng joalo, ke tla bolaoa.’

Eaba Esthere o ea lebaleng la morena. Ha morena a mo bona, a mo nanabeletsa lere la hae la borena. Esthere a ea ho eena ’me morena a re: ‘Nka u etsetsa’ng Esthere?’ Esthere a re: ‘Ke kopa hore uena le Hamane le tle lijong.’ Ha ba le lijong, Esthere a boela a ba mema hore ba tle hape. Ha ba tlile lijong ka lekhetlo lena la bobeli, morena a boela a botsa Esthere a re: ‘U batla ke u etsetse’ng?’ A re: ‘Ho na le motho ea batlang ho bolaea ’na le batho ba heso. Ke kopa u re sireletse.’ Morena a re: ‘Ke mang ea batlang ho u bolaea?’ Esthere a re: ‘Ke monna enoa ea khopo ea bitsoang Hamane.’ Morena Asueruse a halefa haholo hoo a ileng a re Hamane a bolaoe hang-hang.

Empa esita le morena o ne a ke ke a etsolla molao oo Hamane a o entseng. Kahoo, morena a beha Mordekai hore a okamele likhosana ’me a mo fa matla a ho etsa molao o mocha. Eaba Mordekai o etsa molao o neng o lumella Bajuda hore ba itšireletse ha ba hlaseloa. Kahoo, Bajuda ba hlola lira tsa bona ka la 13 khoeling ea Adare. Ho tloha ka nako eo, ba ile ba keteka tlholo ena selemo le selemo.

“Le tla isoa ka pel’a babusisi le marena ka lebaka la ka e le hore le bolelle bona le lichaba ka tumelo ea lona.”—Matheu 10:18

Lipotso: Hamane o ne a rerile ho etsa’ng ka Bajuda? Esthere o ile a bontša joang hore o tšepa Jehova?

Esthere 2:5-20; 3:1–5:8; 7:1–8:14; 9:1-28

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela