Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lfb thuto 72 leq. 170-leq. 171 ser. 2
  • Ha Jesu a Ntse a Hola

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ha Jesu a Ntse a Hola
  • Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • O Ile a Amohela Tataiso ea Bomolimo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • O Ile a Sireletsa Lelapa la Hae, a le Hlokomela a ba a Tiisetsa
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • O Ile a Sireletsa, a Hlokomela a ba a Tšoara ka Tieo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Jesu o Holela Nazaretha
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
Bala Tse Ling
Ithute Lipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 72 leq. 170-leq. 171 ser. 2
Jesu ea lilemo li 12 o lutse le mesuoe tempeleng

THUTO EA 72

Ha Jesu a Ntse a Hola

Josefa le Maria ba ne ba lula Nazaretha le Jesu le bana ba bona ba bang. Josefa o ne a phelisa ba lelapa la hae ka ho betla mapolanka ’me a ruta bana ba hae ka Jehova le Molao oa hae. Lelapa la hae le ne le lula le ea sinagogeng ho ea rapela ’me selemo le selemo le ea Jerusalema moketeng oa Paseka.

Ha Jesu a le lilemo li 12, lelapa labo le ile la ea Jerusalema joalokaha e le tloaelo. Motse oo o ne o le hole ’me o phethesela kaha batho ba ne ba tlile moketeng oa Paseka. Ka mor’a moo, Josefa le Maria ba kena tseleng ba khutlela hae, ba nahana hore Jesu o tsamaea le ba bang sehlopheng. Empa ha ba mo sheba har’a beng ka bona, ba se ke ba mo fumana.

Ba khutlela Jerusalema ’me ba qeta matsatsi a mararo ba ntse ba mo batla. Qetellong, ba fihla tempeleng. Ba fumana Jesu, a lutse har’a mesuoe a e mametse ka hloko ’me a e botsa lipotso. Mesuoe e ne e makaletse bohlale ba Jesu hoo le eona e ileng ea qala ho mo botsa lipotso ’me ea hlolloa ke likarabo tsa hae. E ne e bona hore o utloisisa Molao oa Jehova.

Josefa le Maria ba ne ba khathatsehile haholo. Maria a re: ‘Ngoan’a ka, ke khale re u batla! U tsoa kae?’ Jesu a re: “Na le ne le sa tsebe hore ke ka tlung ea Ntate?”

Ka mor’a moo, Jesu a khutlela ha habo Nazaretha le batsoali ba hae. Josefa a mo ruta mosebetsi oa ho betla mapolanka. U nahana hore Jesu o ne a le joang ha a ntse a hola? Ha Jesu a ntse a hola, o ile a hlalefa ’me Molimo le batho ba mo rata.

Josefa le Maria ba lutse tafoleng le Jesu le bana babo

“Ke thabela ho etsa thato ea hao, Molimo oa ka, molao oa hao o ka pelong ea ka.”—Pesaleme ea 40:8

Lipotso: Josefa le Maria ba ile ba fumana Jesu hokae? O ne a etsa’ng moo?

Matheu 13:55, 56; Mareka 6:3; Luka 2:40-52; 4:16; Deuteronoma 16:15, 16

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela