THUTO EA 79
Jesu o Etsa Mehlolo e Mengata
Jesu o ile a tla lefatšeng ho tla bolella batho ka ’Muso oa Molimo. Jehova o ile a fa Jesu moea o halalelang e le hore a etse mehlolo ho bontša seo a tla se etsa ha e se e le Morena. O ne a folisa mafu ’ohle. Hohle moo a eang teng, batho ba kulang ba ne ba tla ho eena hore a ba folise. Batho ba sa boneng ba ile ba bona, ba sa utloeng litsebeng ba utloa, ba sa khoneng ho tsamaea ba tsamaea ’me bademona ba ile ba tsoa ho batho ba neng ba e-na le ’ona. Esita leha batho ba tšoara liaparo tsa hae feela ba ne ba fola. Batho ba ne ba sala Jesu morao hohle moo a eang teng. O ne a sa tebele batho leha a ne a batla ho phomola.
Ka letsatsi le leng, batho ba ile ba tlisa monna ea sa tsebeng ho tsamaea moo Jesu a neng a fihletse teng. Empa ba sitoa ho kena ka tlung hobane ho ne ho tletse batho ba bangata. Eaba ba phunya lesoba marulelong e le hore ba theolele monna eo ho Jesu. Jesu a re ho monna eo: ‘Ema u tsamaee.’ Monna eo a ema ’me batho ba makala.
Ka nako e ’ngoe ha Jesu a kena motseng o mong, banna ba leshome ba nang le lepera ba ile ba hoeletsa ba re: ‘Jesu, re thuse.’ Mehleng eo, ha motho a ne a e-na le lepera o ne a sa lumelloa hore a atamele haufi le batho ba bang. Jesu o ile a re ba ee tempeleng kaha Molao oa Jehova o ne o re ha balepera ba qeta ho folisoa ba ee teng. Ha ba le tseleng, ba fola. Molepera e mong o ile a hlokomela hore o folile, kahoo a khutlela ho Jesu ’me a mo leboha a ba a rorisa Molimo. Ke monna a le mong feela ho ba leshome ea ileng a leboha Jesu.
Mosali e mong ea neng a kutse ka lilemo tse 12, o ne a batla ho folisoa. Kahoo, a ipetetsa har’a batho ba bangata ba neng ba le pel’a Jesu e le hore a tšoare seaparo sa hae ’me a fola hang-hang. Ha mosali eo a qeta ho mo tšoara, Jesu a re: ‘Ke mang ea ntšoereng?’ Mosali eo o ne a tšohile. Leha ho le joalo, a bolella Jesu hore ke eena ea mo tšoereng. Eaba Jesu o bua le eena ka mosa o re: ‘Itsamaele ka khotso.’
Monna e mong oa ofisiri ea bitsoang Jairuse o ile a re ho Jesu: ‘Ke kopa u tle ha ka. Morali oa ka oa kula.’ Empa ha ba le tseleng, morali oa Jairuse a shoa. Ha Jesu a fihla, a fumana batho ba bangata ba tl’o tšelisa lelapa la Jairuse. A re ho bona: ‘Tholang; o mpa a robetse feela.’ Eaba o tšoara ngoanana eo ka letsoho o re: “Ngoanana, tsoha.” Hang-hang a tsoha ’me Jesu a re batsoali ba hae ba mo fe lijo. Nahana feela hore na batsoali ba hae ba ile ba thaba hakaakang.
“Molimo o ile a mo fa matla a ba a mo khetha ka moea o halalelang. O ne a tsamaea hohle libakeng tsena a etsa lintho tse ntle a bile a folisa bohle ba hateletsoeng ke Diabolose hobane Molimo o ne a e-na le eena.”—Liketso 10:38