Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lfb thuto 83 leq. 194-leq. 195 ser. 1
  • Jesu o Fepa Batho ba Likete

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jesu o Fepa Batho ba Likete
  • Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jesu o Fepa ba Likete ka Mahobe le Litlhapi Tse Seng Kae
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Jesu O Fepa Likete Ka Mohlolo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Jesu O Fepa Likete Ka Mohlolo
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Re Ithuta’ng Mohlolong oo Jesu a Ileng a o Etsa oa Bohobe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
Bala Tse Ling
Ithute Lipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 83 leq. 194-leq. 195 ser. 1
Baapostola ba fa batho ba bangata lijo

THUTO EA 83

Jesu o Fepa Batho ba Likete

Nakoana pele ho Paseka ea selemo sa 32 mehleng ea Jesu, baapostola ba ile ba khutla ba khathetse ba tsoa mosebetsing oa ho ruta batho ka Molimo. Jesu o ile a ba isa motseng oa Bethsaida ka sekepe hore ba phomole. Empa ha sekepe se fihla pel’a lebopo, Jesu o ile a bona hore ho ne ho e-na le batho ba likete. Le hoja Jesu a ne a batla ho qeta nako le baapostola ba hae feela, o ile a amohela batho bao ka mosa, a folisa ba kulang a ba a qalella ho ba ruta. Letsatsi lohle, Jesu o ile a ba ruta ka ’Muso oa Molimo. Ha e ba mantsiboea, baapostola ba ile ba tla ho eena ba re: ‘E tlameha ebe batho bana ba lapile, e re ba tsamaee e le hore ba ka fumana seo ba ka se jang.’

Moshanyana o fa Jesu bohobe le litlhapi tse setseng

Jesu a re: ‘Ha ho hlokahale hore ba tsamaee. Lona ba feng lijo.’ Baapostola ba re ho eena: ‘Re ba rekele bohobe?’ Filipi, e leng e mong oa Baapostola a re: ‘Leha re ne re ka ba le chelete e ngata, re ne re ke ke ra ba le chelete e lekaneng ho reka bohobe bakeng sa batho bana kaofela.’

Jesu a ba botsa: ‘Re na le lijo tse kae?’ Andrease a re: ‘Re na le mahobe a mahlano le litlhapi tse peli. Lijo tsena li nyenyane haholo.’ Jesu a re: “Li tliseng.” A bolella batho hore ba lule holim’a joang ka lihlopha tsa batho ba 50 le ba 100. Jesu a nka bohobe le litlhapi, a sheba leholimong, a rapela eaba o fa baapostola lijo ’me baapostola bona ba li fa batho. Banna ba 5 000, basali le bana ba ile ba ja ’me ba khora. Ka mor’a moo baapostola ba ile ba nka lijo tse setseng hore ho se ke ha e-ba le tse senyehang. Ho ne ho e-na le libaskete tse 12 tse tletseng. Ona e ne e le mohlolo, na ha ho joalo?

Batho ba ne ba thabile hoo ba neng ba batla ho etsa Jesu morena. Empa Jesu o ne a tseba hore e ne e se nako eo a e khethetsoeng ke Jehova hore e be morena. A re batho ba tsamaee eaba o romela baapostola ka lehlakoreng le leng la leoatle la Galilea. Ba kena sekepeng ’me Jesu a ea thabeng a le mong. Hobane’ng? Hobane o ne a batla ho rapela Ntate oa hae. Ho sa tsotellehe hore na o ne a phathahane hakae, kamehla Jesu o ne a ipha nako ea ho rapela.

“Le se ke la sebeletsa lijo tse senyehang empa le sebeletse lijo tse sa senyeheng tse tlisang bophelo bo sa feleng, tseo Mor’a motho a tla le fa tsona.”—Johanne 6:27.

Lipotso: Jesu o ile a bontša joang hore o rata batho? See se re ruta’ng ka Jehova?

Matheu 14:14-22; Luka 9:10-17; Johanne 6:1-15

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela