THUTO EA 88
Jesu oa Tšoaroa
Jesu le baapostola ba hae ba ile ba tsamaea Phuleng ea Kidrone ba ea Thabeng ea Mehloaare. E ne e le har’a bosiu ’me khoeli e ne e khanya. Ha ba fihla serapeng sa Gethesemane, Jesu o ile a re ho bona: “Lulang mona le falimehe.” Jesu a kenella ka hare ho serapa ’me a khumama ka mangole. A rapela Jehova a utloile bohloko haholo, a re: “Ho ke ho etsahale thato ea hao.” Eaba Jehova o romela lengeloi ho khothatsa Jesu. Ha Jesu a khutlela ho baapostola ba hae o ile a ba fumana ba robetse ba le bararo. A re ho bona: ‘Tsohang. Ena ha se nako ea hore ebe le robetse. E se e le nako ea hore lira tsa ka li ntšoare.’
Ha morao Judase a fihla a tsamaea le batho ba bangata ba nkileng lisabole le melamu. O ne a tseba hore na o tla fumana Jesu hokae hobane ba ne ba tloaetse ho ea serapeng seo. Judase o ne a bolelletse masole a neng a tsamaea le eena hore o tla a bontša Jesu. A ea ho Jesu ’me a re: ‘Lumela, Mosuoe’ eaba oa mo suna. Jesu a re: ‘Judase, na u nthekisa ka ho ntšuna?’
Jesu a atamela ’me a botsa batho bao, a re: “Le batla mang?” Ba re: “Jesu Monazaretha.” A ba araba a re: “Ke ’na enoa.” Eaba banna bao ba chechela morao ’me ba oela fatše. Jesu a ba botsa hape: “Le batla mang?” Ba re: “Jesu Monazaretha.” Jesu a re: ‘Ke itse ke ’na enoa. Tlohellang banna bana ba tsamaee.’
Ha Petrose a bona se etsahalang, o ile a ntša sabole ea hae eaba o khaola tsebe ea Malkuse e leng lekhoba la moprista ea phahameng. Empa Jesu a tšoara tsebe ea monna eo ’me a mo folisa. Eaba o re ho Petrose: “Khutlisetsa sabole ea hao sebakeng sa eona ka ha bohle ba nkang sabole ba tla bolaoa ka sabole.” Masole a ile a tšoara Jesu, a mo tlama matsoho ’me baapostola ba baleha. Masole ao a mo isa ho Anase, moprista ea ka sehloohong. Anase o ile a botsa Jesu lipotso eaba o re a ee ho moprista ea phahameng Kaifase. Empa ho ile ha etsahala’ng ka baapostola?
“Lefatšeng mona le tla hlaheloa ke mathata empa le be sebete, ke hlotse lefatše.”—Johanne 16:33