THUTO EA 95
Ho ne ho se Letho le ka ba Sitisang
Ntate e mong ea neng a sa khone ho tsamaea o ne a lula monyako oa tempele kamehla ’me a kopa batho chelete. Ka letsatsi le leng o ile a bona Petrose le Johanne ba ea ka tempeleng. A re ho bona: ‘Ke kopa le mphe chelete.’ Petrose a re: ‘Nka u fa ho betere ho feta chelete. Ka lebitso la Jesu, ema u tsamaee!’ Eaba Petrose oa mo phahamisa ’me ntate eo a qala ho tsamaea! Ha batho ba bona mohlolo oo, ba ile ba thaba hoo bongata ba bona e ileng ea e-ba barutuoa ba Jesu.
Empa baprista le Basaduse ba ile ba halefa. Eaba ba tšoara baapostola, ba ba isa lekhotleng ’me ba re: ‘Ke mang ea le fileng matla a ho folisa monna eo?’ Petrose a re: ‘Jesu Kreste eo le mo bolaileng, o re file matla.’ Baprista le Basaduse ba halefa ba re: ‘Khaotsang ho bua ka Jesu enoa!’ Empa baapostola ba re: ‘Re tlameha ho bua ka eena. Re ke ke ra khaotsa.’
Ka mor’a hore Petrose le Johanne ba lokolloe, ba ile ba ea ho baapostola ba bang ho ba bolella se etsahetseng. Eaba ba rapela Jehova ba re: ‘Re kopa u re thuse ho ba sebete e le hore re tsoele pele ho etsa mosebetsi oa hao.’ Jehova o ile a ba fa moea oa hae o halalelang ’me ba tsoela pele ho ruta batho Lentsoe la hae le ho ba folisa. Batho ba bangata e ile ea e-ba barutuoa. Kaha Basaduse ba ne ba le mona, ba ile ba laela hore baapostola ba koalloe teronkong. Bosiu Jehova a romela lengeloi eaba le bula mamati a teronko. La re ho baapostola: ‘Khutlelang tempeleng le e’o ruta teng.’
Hoseng ha letsatsi le hlahlamang, litho tsa Lekhotla le Phahameng la Bajuda tsa bolelloa hore banna ba neng ba tšoeroe ha ba eo empa mamati a teronko a ntse a notletsoe, le hore ba ntse ba ruta batho ka tempeleng. Baapostola ba tšoaroa hape eaba ba isoa Lekhotleng le Phahameng la Bajuda. Moprista ea phahameng a re: ‘Re itse le khaotse ho bua ka Jesu!’ Petrose a re: “Molimo ke eena ’musi oa rona, re tla mamela eena eseng batho.”
Baeta-pele ba bolumeli ba ne ba halefile hoo ba neng ba batla ho bolaea baapostola. Mofarisi ea bitsoang Gamaliele a re: ‘Le be hlokolosi! E ka ’na eaba Molimo o tšehetsa mosebetsi oa banna bana. Na kannete le batla ho loana le Molimo?’ Ba ile ba mo mamela. Ka mor’a ho otla baapostola ka melamu, ba ba laela hape hore ba tlohele ho bua le batho ka Lentsoe la Molimo ’me ba ba tlohela hore ba tsamaee. Empa baapostola ba ile ba ’na ba tsoela pele ho bua le batho ka Lentsoe la Molimo. Ka sebete ba ile ba tsoela pele ho bua le batho ka tempeleng le ka ntlo le ntlo.
“Molimo ke eena ’musi oa rona, re tla mamela eena eseng batho.”—Liketso 5:29