THUTO EA 96
Jesu o Khetha Saule
Saule o ne a hlahetse toropong ea Tarsase e Roma. E ne e le Mofarisi ea tsebang Molao oa Bajuda. O ne a hloile Bakreste, a ba ntša ka matlung a bona ’me a ba kenya teronkong. O ne a bile a le teng ha morutuoa Setefane a otloa ka majoe ho fihlela a shoa.
Empa Saule o ne a sa khotsofalla ho tšoara Bakreste ba Jerusalema feela. O ile a kopa moprista ea phahameng hore a mo lumelle ho ea tšoara le Bakreste ba Damaseka. Joale ha Saule a atamela Damaseka, ho ile ha hlaha khanya e fahlang hoo a ileng a oela fatše. A utloa lentsoe le re ho eena: ‘Saule, u ntlhorisetsa’ng?’ Saule a re: ‘U mang?’ Lentsoe leo la re: ‘Ke ’na Jesu. Tsamaea u ee Damaseka ’me ha u le moo u tla bolelloa hore na u etse’ng.’ Ka eona nako eo Saule a foufala ’me banna ba neng ba tsamaea le eena ba mo thusa ho ea motseng oo.
Motseng oa Damaseka ho ne ho e-na le Mokreste ea bitsoang Ananiase. Jesu a re ho eena ponong: ‘Tsamaea u ee Seterateng se Otlolohileng ’me u ee ntlong ea Judase u batle monna ea bitsoang Saule.’ Ananiase a re: ‘Morena, ke tseba monna eo hantle. Ke eena ea kenyang barutuoa ba hao teronkong!’ Empa Jesu a re: ‘E-ea ho eena hobane ke mo khethile hore a bolele litaba tse monate lichabeng tse ngata.’
Ananiase a mo fumana ’me a re: ‘Saule ngoan’eso, Jesu o nthomile ho uena hore u boele u bone.’ Hang-hang Saule a bona hape. O ile a ithuta ka Jesu ’me ea e-ba morutuoa oa hae. Ha a se a kolobelitsoe, Saule o ile a qala ho ruta ka lisinagogeng le barutuoa ba bang. U ka nahana hore na Bajuda ba ne ba maketse hakae ha ba bona Saule a ruta batho ka Jesu. Ba re: ‘Na eo ha se eena monna ea neng a hlorisa barutuoa ba Jesu?’
Saule o ile a ruta batho ba Damaseka Lentsoe la Molimo ka lilemo tse tharo. Bajuda ba ne ba hloile Saule hoo ba neng ba batla ho mo bolaea. Empa barutuoa ba bang ha ba utloa ka seo, ba ile ba thusa Saule ho baleha. Ba ile ba mo kenya ka basketeng ’me ba mo ntša ka lesoba le lerakong la motse.
Ha Saule a fihla Jerusalema, o ile a leka ho ikopanya le barutuoa ba moo. Empa ba ne ba mo tšaba. Eaba morutuoa e mong ea mosa ea bitsoang Barnabase o tla le Saule ho baapostola ’me a ba kholisa hore Saule o fetohile. Saule a qala ho ruta Lentsoe la Molimo le Bakreste ba phutheho e Jerusalema. Ka mor’a moo o ile a bitsoa Pauluse.
“Kreste Jesu o ile a tla lefatšeng ho pholosa baetsalibe . . . Har’a baetsalibe bao bohle, ke ’na ea ka pele-pele.”—1 Timothea 1:15