Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lfb thuto 99 leq. 230-leq. 231 ser. 4
  • Molebeli oa Teronko o Ithuta Lentsoe la Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Molebeli oa Teronko o Ithuta Lentsoe la Molimo
  • Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Tšelela Macedonia”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
  • Silase—Mohloli oa Khothatso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • “Eka Khona ke Etse Eng Hore ke Tle ke Pholosoe?”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • ‘Khotso ea Molimo e Feta Monahano Oohle’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
Bala Tse Ling
Ithute Lipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 99 leq. 230-leq. 231 ser. 4
Molebeli oa teronko ea leng Filipi o fumana mamati a teronko a bulehile le batšoaruoa ba ntse ba le teng

THUTO EA 99

Molebeli oa Teronko o Ithuta Lentsoe la Molimo

Motseng o bitsoang Filipi ho ne ho e-na le ngoanana oa lekhoba ea khathatsoang ke modemona. Modemona o ne a etsa hore ngoanana eo a khone ho bolela lintho pele li etsahala ’me a etsetsa beng ba hae chelete e ngata. Ha Pauluse le Silase ba le Filipi, ngoanana eo o ne a lula a ba setse morao hohle moo ba eang. Modemona o ile a re ngoanana a hoeletse a re: “Banna bana ke makhoba a Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa.” Qetellong Pauluse a re ho modemona: ‘Ka lebitso la Jesu, tsoa ho eena!’ Eaba modemona oa tsoa ho eena.

Ha beng ba ngoanana eo ba hlokomela hore ha ba sa tla khona ho etsa chelete, ba ile ba koata. Ba hulela Pauluse le Silase ho bo-’maseterata ba re: ‘Banna bana ba tlola molao ’me ba ferekanya motse oa rona!’ Bo-’maseterata ba ile ba laela hore Pauluse le Silase ba otloe ’me ba isoe teronkong. Molebeli oa teronko o ile a ba kenya teronkong e lefifi ka ho fetisisa eaba oa ba fasa.

Batšoaruoa ba ne ba mametse ha Pauluse le Silase ba binela Jehova lithoriso. Eaba ka tšohanyetso, har’a mp’a bosiu ho ba le tšisinyeho e kholo ea lefatše. Mamati a teronko a buleha eaba lintho tse ba fasitseng lia fasoloha. Molebeli oa teronko o ile a mathela ka teronkong e lefifi, a fumana mamati a bulehile. Kaha o ne a nahana hore batšoaruoa ba balehile, a leka ho ipolaea ka sabole.

Ka nako eo, Pauluse a hoeletsa a re: ‘U se ke oa intša kotsi! Re ntse re le teng kaofela!’ Molebeli a mathela ho Pauluse le Silase eaba o re: “Ke etse’ng hore ke pholohe?” Ba re ho eena: ‘Uena le ba lelapa la hao le lokela ho lumela ho Jesu.’ Eaba Pauluse le Silase ba mo ruta lentsoe la Jehova ’me molebeli le ba lelapa la hae ba kolobetsoa.

“Batho ba tla le tšoara ba le hlorise, ba le ise matlong a thapelo le literonkong. Le tla isoa ka pel’a marena le babusisi ka lebaka la lebitso la ka. E tla ba monyetla oa hore le ba bolelle ka tumelo ea lona.”—Luka 21:12, 13

Lipotso: Ke hobane’ng ha Pauluse le Silase ba ile ba kenngoa teronkong? Ho tlile joang hore molebeli oa teronko a ithute Lentsoe la Molimo?

Liketso 16:16-34

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela