THUTO EA 100
Pauluse le Timothea
Timothea e ne e le mohlankana oa phuthehong ea Listra. Ntate oa hae e ne e le Mogerike, ’mè oa hae e le Mojuda. ’Mè oa hae Eunise le nkhono oa hae Loise ba ile ba mo ruta ka Jehova ho tloha a sa le monyenyane.
Ha Pauluse a khutlela Listra, o ile a hlokomela hore Timothea o rata batho ebile o ikemiselitse ho ba thusa. Pauluse o ile a kopa Timothea hore a tsamaee le eena. Ka mor’a nako, Pauluse o ile a thusa Timothea ho ba tichere e hloahloa ea litaba tse monate.
Moea o halalelang o ile oa thusa Pauluse le Timothea hohle moo ba neng ba ea teng. Bosiung bo bong, Pauluse o ile a bona monna e mong torong a mo joetsa hore a ee Macedonia a e’o ba thusa. Joale Pauluse, Timothea, Silase le Luka ba ea Macedonia ba e’o ruta batho litaba tse monate le ho theha liphutheho.
Ha ba le Macedonia toropong ea Thesalonika, banna le basali ba bangata e ile ea ba Bakreste. Empa Bajuda ba bang ba ile ba koatela Pauluse le metsoalle ea hae. Ba susumelletsa batho hore ba ba ise lekhotleng la motse, ba hoeletsa ba re: ‘Banna bana ke lira tsa ’muso oa Roma!’ Pauluse le Timothea ba ile ba baleha Berea hobane batho ba ne ba batla ho ba bolaea.
Batho ba Berea ba ile ba thabela ho ithuta litaba tse monate ’me Bagerike le Bajuda ea e-ba barutuoa ba Jesu. Empa Bajuda ba bang ba tsoang Thesalonika ba qala merusu eaba Pauluse o balehela Athene. Timothea le Silase ba ile ba sala Berea ’me ba khothatsa barutuoa ba bang. Ka mor’a nako e seng kae, Pauluse a romela Timothea hore a khutlele Thesalonika a e’o khothatsa barutuoa ba hlorisoang. Hamorao, Pauluse a romela Timothea ho chakela batho ba liphuthehong tse ling hore a ba khothatse.
Pauluse o ile a re ho Timothea: ‘Ba batlang ho sebeletsa Jehova ba tla hlorisoa.’ Timothea le eena o ile a hlorisoa a ba a kena teronkong ka lebaka la tumelo ea hae. Feela o ile a thabela monyetla oa ho bontša hore o tšepahalla Jehova.
Pauluse a joetsa Bafilipi a re: ‘Ke romela Timothea ho lona. O tla le ruta hore na morutuoa oa Jesu o lokela ho phela joang le hore na le lokela ho bolela Lentsoe la Molimo joang.’ Pauluse o ne a tšepa Timothea. Ba ile ba sebetsa e le metsoalle ka lilemo tse ngata.
“Ha ke na motho e mong ea tšoanang le eena ea ka le hlokomelang ka lintho tseo le li hlokang. Ba bang kaofela ba nahana ka lintho tse ka tsoelang bona molemo feela eseng tseo Jesu Kreste a li batlang.”—Bafilipi 2:20, 21