Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lfb thuto 102 leq. 236-leq. 237 ser. 2
  • Lintho Tseo Johanne a li Boneng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lintho Tseo Johanne a li Boneng
  • Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Buka ea Bibele ea 66—Tšenolo
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Melaetsa ea Mangeloi Bakeng sa Mehla ea Rōna
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Khanya e Tsotehang ea Terone ea Leholimo ea Jehova
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
  • Ke Bo-mang ba Phelang Leholimong?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
Bala Tse Ling
Ithute Lipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 102 leq. 236-leq. 237 ser. 2
Moapostola Johanne o ngola buka ea Tšenolo

THUTO EA 102

Lintho Tseo Johanne a li Boneng

Ha moapostola Johanne a le teronkong Patmose, Jesu o ile a mo bontša lintho tse 16 tseo e leng hona li tl’o etsahala. Lintho tsena li ne li bontša kamoo lebitso la Jehova le tla halaletsoa kateng, hore ’Muso oa hae o tla tla le hore thato ea hae e tla etsoa lefatšeng joalokaha e etsahala leholimong.

Johanne a bona Jehova a lutse teroneng ea hae leholimong a e-na le baholo ba 24 ba apere liaparo tse tšoeu, ba roetse likorone tse ’mala oa khauta. Teroneng ha tsoa mahalima le lialuma. Baholo ba 24 ba khumamela Jehova ba mo rapela. Hape Johanne a bona batho ba bangata ba tsoang linaheng tsohle le lipuong tsohle ba rapela Jehova. Konyana e leng Jesu, ea ba tataisa ’me ea ba isa metsing a bophelo. Johanne o ile a boela a bona Jesu a qala ho busa e le Morena leholimong hammoho le baholo ba 24. Hape Johanne a bona Jesu a loantša drakone e bitsoang Satane le bademona ba hae. Jesu a ba ntša leholimong a ba lahlela lefatšeng.

Jesu le ba 144 000 ba Thabeng ea Sione

Eaba Johanne o bona Konyana le ba 144 000 ba eme Thabeng ea Sione. A bona lengeloi le fofa sebakeng le joetsa batho hore ba tšabe Molimo ’me ba mo rapele.

A boela a bona ntoa ea Armagedone. Ntoeng eo, Jesu le lebotho la hae ba felisa puso e khopo ea Satane. Qetellong Johanne o bona khotso leholimong le lefatšeng. Satane le bademona ba hae baa felisoa. Bohle leholimong le lefatšeng ba rapela Jehova feela ‘me ba halaletsa lebitso la hae.

“Ke tla etsa hore uena le mosali le hloeane le hore bana ba hao le ngoana oa hae ba hloeane. Ngoana eo o tla u khoba hlooho ’me uena u tla mo loma serethe.”—Genese 3:15

Lipotso: Ke lintho tse kae tseo Johanne a li boneng? Jesu o tla etsa’ng ka ntoa ea Armagedone?

Tšenolo 1:1-3; 4:1-11; 7:4, 9-17; 11:15-18; 12:5-12; 14:6, 7; 16:14, 16; 21:5

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela