Selelekela sa Karolo ea 6
Ha Baiseraele ba fihla Naheng e Tšepisitsoeng, tabernakele e ile ea e-ba eona sebaka sa borapeli. Baprista ba ne ba ruta Molao ’me baahloli ba tataisa sechaba. Karolong ena re tl’o bona kamoo liqeto tseo re li etsang li amang batho ba bang kateng. Moiseraele ka mong o ne a ikarabella ho Jehova le ho ba habo. Re tl’o bona kamoo Debora, Naomi, Joshua, Anna, morali oa Jafeta le Samuele ba ileng ba susumetsa batho ba bang kateng. Esita le batho ba bang bao e neng e se Baiseraele ba kang Rahaba, Ruthe, Jaele le Bagibeone ba ile ba khetha ho tšehetsa Baiseraele hobane ba tseba hore Molimo o na le bona.