PINA EA 7
Jehova ke Matla a Rona
- 1. ’Mopi Jehova u matl’a rona, - ’Moloki oa rona ea leng mosa. - Re bolella bohle taba tsa hao, - Le haeba ba hana ho mamela. - (K’HORASE) - Jehova Ntate, u matl’a rona. - Re tsebahatsa bitso la hao. - Jehova ke Lefika la rona, - Khosi’a rona le Qhobosheane. 
- 2. Re u sebeletsa re thabile. - U re thusitse ho tseba ’nete. - U re tataisa ka Lentsoe la hao - Hore re emele ’Muso oa hao. - (K’HORASE) - Jehova Ntate, u matl’a rona. - Re tsebahatsa bitso la hao. - Jehova ke Lefika la rona, - Khosi’a rona le Qhobosheane. 
- 3. Re mamela taelo tsohle tsa hao - Leha Satane a re hlasela. - Ak’u re thuse ha re hlorisoa - Hore re lule re tšepahala. - (K’HORASE) - Jehova Ntate, u matl’a rona. - Re tsebahatsa bitso la hao. - Jehova ke Lefika la rona, - Khosi’a rona le Qhobosheane. 
(Sheba le 2 Sam. 22:3; Pes. 18:2; Esa. 43:12.)