Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • th khao. 19 leq. 22
  • Finyella Lipelo Tsa Bamameli

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Finyella Lipelo Tsa Bamameli
  • Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Cheseha
    Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta
  • Boiteko ba ho Finyella Pelo
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Hlakisa Bohlokoa ba Taba
    Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta
  • E-ba ea Khothatsang
    Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta
Bala Tse Ling
Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta
th khao. 19 leq. 22

KHAOLO 19

Finyella Lipelo Tsa Bamameli

Lengolo le qotsitsoeng

Liproverbia 3:1

NTLHA-KHOLO: Thusa bamameli hore ba bone bohlokoa ba taba eo u buang ka eona ’me ba sebelise seo ba ithutileng sona.

KE’NG SEO U LOKELANG HO SE ETSA?

  • Thusa bamameli hore ba itlhahlobe. Botsa lipotso tse sa hlokeng likarabo empa e le tse tla thusa bamameli ho itlhahloba.

  • Ba thuse ho ba le sepheo se nepahetseng. Khothalletsa bamameli ho ipotsa hore na ke hobane’ng ha ba sebeletsa Jehova. Ba thuse hore ba batle ho sebeletsa Jehova hobane ba mo rata, ba rata batho ba bang, hape ba rata seo Bibele e se rutang. Bolella bamameli mabaka a utloahalang ho e-na le ho ba laela hore na ba etse’ng. Ho fapana le ho etsa hore bamameli ba ikutloe ba le basesaane, ba siee ba khothetse ba bile ba labalabela ho sebelisa seo ba ithutileng sona.

  • Ba hlokomelise hore ke Jehova ea ba rutang. Bontša hore ho ithuta Bibele ho ka ba thusa ho tseba Molimo le hore melao ea hae e bontša hore oa re rata. Etsa hore bamameli ba elelloe hore Jehova oa thaba ha ba etsa lintho tse mo thabisang.

    Keletso

    Hopola hore Jehova ke eena ea hulelang batho ho eena. Theha lintlha tsa hao Bibeleng.

TŠIMONG

Moo ho loketseng, botsa lipotso e le hore u tsebe maikutlo a motho eo u buang le eena. Ho mo sheba mahlong le ho mamela tsela eo a buang ka eona, ho tla u thusa ho tseba hore na o ikutloa joang. E-ba le mamello hobane ho ka ’na ha nka nako pele motho a phutholoha hore a ka ntša maikutlo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela