Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lff thuto 17
  • Jesu ke Motho ea Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jesu ke Motho ea Joang?
  • U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ITHUTE LINTLHA TSE LING
  • KAKARETSO
  • BATLA
  • Jesu ke Mang?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • ‘Mora o Rata ho Senola Ntate’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Jesu Kreste ke Mang?
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Jesu o ne a Etsa’ng ha a le Lefatšeng?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
Bala Tse Ling
U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
lff thuto 17
Khaolo ea 17. Jesu o otlolla matsoho ’me ka mohlolo o folisa monna ea kulang.

KHAOLO EA 17

Jesu ke Motho ea Joang?

E Hatisitsoeng
E Hatisitsoeng
E Hatisitsoeng

Ha re ithuta ka lintho tseo Jesu a li buileng le tseo a li entseng ha a le lefatšeng, re bona makhabane a re susumelletsang hore re batle ho ba metsoalle ea hae le ea Ntate oa hae Jehova. Makhabane aa a ratehang ke afe? Hona re ka etsisa Jesu joang bophelong ba rona?

1. Jesu o tšoana le Ntate oa hae ka litsela life?

Jesu o ithutile lintho tse ngata ho Ntate oa hae leholimong ka lilemo tse libilione ka ho sheba tsela eo a etsang lintho ka eona. Ka lebaka leo, Jesu o nahana joaloka Ntate oa hae, o ikutloa joaloka eena ebile o etsa lintho joaloka eena. (Bala Johanne 5:​19.) Ha e le hantle, Jesu o na le makhabane a tšoanang le a Ntate oa hae hoo a ileng a re: “Ea mponeng o bone le Ntate.” (Johanne 14:9) Ha u ntse u ithuta hore na Jesu ke motho ea joang, u tla boela u tsebe le Jehova haholoanyane. Ka mohlala, tsela eo Jesu a neng a tsotella batho ka eona e bontša hantle hore na Jehova o ikutloa joang ka uena.

2. Jesu o bontšitse joang hore o rata Jehova?

Jesu o ile a re: “E le hore lefatše le tsebe hore ke rata Ntate, esita le joalokaha Ntate a mphile taelo hore ke etse, ke etsa joalo.” (Johanne 14:​31) Ha Jesu a ne a le lefatšeng o ile a bontša hore na o rata Ntate oa hae haholo hakae ka hore a mo mamele esita leha ho ne ho le thata. Jesu o ne a rata ho bua ka Ntate oa hae le ho thusa batho ba bang hore e be metsoalle ea Jehova.​—Johanne 14:23.

3. Jesu o bontšitse joang hore o rata batho?

Bibele e re Jesu o “rata . . . bara ba batho.” (Liproverbia 8:​31) O bontšitse lerato lena ka hore a khothatse le ho thusa batho ka boitelo. Ha a ne a etsa mehlolo o ne a sa bontše feela hore o matla, empa o ne a bontša hore o utloela batho bohloko. (Mareka 1:​40-42) O ne a tšoara batho ka mosa hape a se na khethollo. Mantsoe a hae a ne a khothatsa ebile a fana ka tšepo ho batho ba ikokobelitseng ba neng ba mo mamela. Jesu o ne a ikemiselitse ho utloa bohloko le ho shoa hobane a rata batho. Empa ka ho khetheha o rata haholo batho ba mamelang lithuto tsa hae.​—Bala Johanne 15:​13, 14.

ITHUTE LINTLHA TSE LING

Ithute haholoanyane hore na Jesu ke motho ea joang. Hape nahana ka hore na u ka mo etsisa joang tabeng ea ho rata batho le ho fana.

4. Jesu o rata Ntate oa hae

Jesu o re behetse mohlala oa hore na re ka bontša joang hore re rata Molimo. Bala Luka 6:​12 le Johanne 15:​10; 17:​26. Ka mor’a ho bala mangolo ana, buisanang ka potso ena:

  • Re ka etsisa Jesu joang tabeng ea ho bontša hore re rata Jehova?

Jesu oa rapela.

Jesu o ne a rata Ntate oa hae ’me a mo rapela hangata

5. Jesu o tsotella batho ba hlokang

Jesu o ne a beha litlhoko tsa batho ba bang ka pele ho tsa hae. Leha a ne a khathetse, o ne a tela nako le matla a hae hore a thuse batho. Bala Mareka 6:​30-44 ebe le buisana ka lipotso tsena:

  • Tlalehong ee, Jesu o bontšitse joang hore o tsotella batho ba bang? (Sheba litemana tsa 31, 34, 41, 42.)

  • Ke’ng e neng e susumelletsa Jesu ho thusa batho? (Sheba temana ea 34.)

  • Kaha Jesu o na le makhabane a tšoanang le a Jehova, see se u ruta’ng ka Jehova?

  • Re ka etsisa Jesu joang tabeng ea ho tsotella batho ba bang?

Jesu o atisa mahobe a mahlano le litlhapi tse peli tse nyenyane ka mohlolo hore a fepe batho ba likete. Barutuoa ba abela banna, basali le bana lijo.

6. Jesu ke motho ea fanang

Jesu o ne a fana le hoja a ne a se na lintho tse ngata ’me o re khothalelitse hore le rona re fane. Bala Liketso 20:​35 ebe le buisana ka potso ena:

  • Jesu o re re lokela ho etsa’ng e le hore re thabe?

Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.

VIDEO: “Ho Fana ho Tlisa Thabo e Kholo”​—Karoloana (4:00)

  • Re ka fana ka litsela life hape le haeba re se barui?

Na u ne u tseba?

Bibele e re ruta hore re lokela ho rapela Jehova ka lebitso la Jesu. (Bala Johanne 16:​23, 24.) Ha re rapela ka tsela eo, re bontša hore re ananela hore ebe Jesu o re thusitse ho ba metsoalle ea Jehova.

BATHO BA BANG BA RE: “Molimo ha a tsotelle ha re utloa bohloko.”

  • Kaha Jesu o na le makhabane a tšoanang le a Ntate oa hae, lintho tseo a li entseng li re tiisetsa joang hore Molimo oa re tsotella?

KAKARETSO

Jesu o rata Jehova, hape o rata batho. Kaha Jesu o tšoana le Ntate oa hae, ha u ntse u tsoela pele ho ithuta ka eena, u tla tseba le Jehova haholoanyane.

Re Ithutile’ng?

  • Re ka bontša joang hore re rata Jehova joalokaha Jesu a ile a etsa?

  • Re ka bontša joang hore re rata batho ba bang joalokaha Jesu a ile a etsa?

  • Ke’ng eo u e ratang haholo ka Jesu?

Seo U ka se Etsang

BATLA

Nahana ka makhabane a mang a Jesu ao re ka a etsisang.

“Etsisa Jesu Ka . . . ” (Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo, leqephe 317)

Bona hore na ke hobane’ng ha re lokela ho rapela ka lebitso la Jesu.

“Lebaka la ho Rapela ka Lebitso la Jesu” (Molula-Qhooa, February 1, 2008)

Na ho na le seo Bibele e se buang ka hore na Jesu o ne a shebahala joang?

“Jesu o ne a Shebahala Joang?” (Sehlooho se websaeteng)

Re ithuta eng ho Jesu ha re sheba tsela eo a neng a tšoara basali ka eona?

“Molimo o fa Basali Tlhompho le Seriti” (Molula-Qhooa, September 1, 2012)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela