Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lff thuto 21
  • Litaba Tse Molemo li Boleloa Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litaba Tse Molemo li Boleloa Joang?
  • U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ITHUTE LINTLHA TSE LING
  • KAKARETSO
  • BATLA
  • A Re Boleleng Litaba Tsena tsa ’Muso
    Binelang Jehova Lithoriso
  • “E-eang ’me le Etse Batho ba Lichaba Tsohle Barutuoa”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • ‘Ho Tlisa Litaba Tse Molemo Tsa ho Hong ho Molemo’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • ‘Evangeli e Lokela ho Boleloa Pele’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
Bala Tse Ling
U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
lff thuto 21
Khaolo ea 21. Ntate e mong o toropong ’me o bua le Lipaki Tsa Jehova tse peli tse emeng pel’a teroli.

KHAOLO EA 21

Litaba Tse Molemo li Boleloa Joang?

E Hatisitsoeng
E Hatisitsoeng
E Hatisitsoeng

Haufinyane Jehova o tla sebelisa ’Muso oa hae ho felisa mathata ’ohle ao re nang le ’ona. Litaba tsena li monate hoo ho hlokahalang hore motho e mong le e mong a li tsebe. Jesu o batla hore balateli ba hae ba bolelle batho ba bang molaetsa ona. (Matheu 28:19, 20) Lipaki Tsa Jehova li phetha taelo eo Jesu a faneng ka eona joang?

1. Lengolo la Matheu 24:14 le phethahala joang kajeno?

Jesu o ile a bolela esale pele a re: “Litaba tsena tse molemo tsa ’Muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona.” (Matheu 24:14) Rona Lipaki Tsa Jehova re thabela ho etsa mosebetsi ona oa bohlokoa. Re bua le batho ka Bibele lefatšeng lohle ka lipuo tse fetang 1 000. Mosebetsi ona o moholo o hloka ho hlophisoa ebile o hloka batho ba sebetsang ka thata. O ne o ke ke oa khoneha ntle le thuso ea Jehova.

2. Ke boiteko bofe boo re bo etsang hore re rute batho Bibele?

Re bua le batho ka Bibele hohle moo re ba fumanang teng. Joaloka Bakreste ba mehleng ea pele, le rona re bolela “ka ntlo le ntlo.” (Liketso 5:42) Ka tsela ena re bua le batho ba limilione selemo le selemo. Kaha ha se hangata re fumanang batho malapeng, re boetse re bua le bona ka Bibele hohle moo re kopanang le bona. Re lula re batla menyetla ea ho bolella batho ba bang ka Jehova le ka seo a batlang ho se etsetsa batho.

3. Ke bo-mang ba nang le boikarabelo ba ho bua le batho ka Bibele?

Bakreste bohle ba ’nete ba na le boikarabelo ba ho bua le batho ka Bibele. Re nka boikarabelo bona e le ba bohlokoa. Re etsa sohle seo re ka se khonang ho bua le batho ka Bibele hobane rea tseba hore ho etsa joalo ho ka pholosa bophelo ba bona. (Bala 1 Timothea 4:16.) Ha re patalloe ho etsa mosebetsi ona, kaha Bibele e re: “Le amohetse ntle ho tefo, le fane ntle ho tefo.” (Matheu 10:7, 8) Ha se batho bohle ba mamelang molaetsa oa rona. Empa re tsoela pele re bolela hobane ha re etsa joalo, re mamela Jehova ebile rea mo thabisa.

ITHUTE LINTLHA TSE LING

Ithute hore na Lipaki Tsa Jehova li etsa’ng e le hore li rute batho Bibele lefatšeng lohle le hore na Jehova o li thusa joang.

A. Lipaki Tsa Jehova tse peli li buisana ka Bibele le ntate e mong ea leralleng le nang le joang Costa Rica. B. Lipaki Tsa Jehova li buisana le batšoasi ba litlhapi boema-kepe United States. C. Lipaki Tsa Jehova tse peli li buisana le ntate mahaeng Benin. D. Paki ea Jehova e bua le ’mè e mong ka Bibele sekepeng Thailand. E. Lipaki Tsa Jehova tse peli li bua ka Bibele le ’mè ea emeng ka pel’a lejoe le leholo Yap. F. Lipaki Tsa Jehova tse peli li bua le ’mè e mong ka Bibele pel’a foro lehloeng Sweden.

Re ruta batho Bibele lefatšeng lohle: (A) Costa Rica, (B) United States, (C) Benin, (D) Thailand, (E) Yap, (F) Sweden

4. Re sebetsa ka thata e le hore re bue le batho ka Bibele

Rona Lipaki Tsa Jehova re leka kahohle ho bua le batho ka Bibele hohle moo re kopanang le bona. Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.

VIDEO: Litaba Tse Molemo li Boleloa “ho Isa Karolong e Hole-Hole ea Lefatše” (7:33)

  • Ke eng e u khahlang ka boiteko ba ho ruta batho Bibele boo Lipaki Tsa Jehova li bo etsang?

Bala Matheu 22:39 le Baroma 10:13-15 ebe le buisana ka lipotso tse latelang:

  • Mosebetsi oa rona oa ho ruta batho Bibele o bontša joang hore re rata batho ba bang?

  • Jehova o ikutloa joang ka batho ba rutang batho Bibele? (Sheba temana ea 15.)

5. Re basebetsi-’moho le Molimo

Ho na le mehlala e mengata e bontšang hore Jehova o tšehetsa mosebetsi oa rona. Ka mohlala, mantsiboeeng a mang mor’abo rona Paul ea lulang New Zealand o ile a kopana le ’mè e mong ha a ntse a etsa mosebetsi oa ho bolela ka ntlo le ntlo. Hoseng ha letsatsi leo, ’mè eo o ne a ile a rapela a sebelisa lebitso la Molimo, e leng Jehova, a kopa hore ho be le motho ea mo etelang. Mor’abo rona Paul o re: “Lihora tse tharo hamorao ke ile ka kokota lemating la hae.”

Bala 1 Bakorinthe 3:9 ebe le buisana ka potso e latelang:

  • Mehlala e tšoanang le oo oa New Zealand e bontša joang hore Jehova o tataisa mosebetsi oa ho ruta batho Bibele?

Bala Liketso 1:8 ebe le buisana ka potso e latelang:

  • Ke hobane’ng ha re hloka thuso ea Jehova e le hore re phethe mosebetsi oa rona?

Na u ne u tseba?

Beke le beke libokeng tsa rona tsa har’a beke re fumana koetliso e re thusang ho ruta batho Bibele. Haeba u kile oa ba teng libokeng tseo, u ikutloa joang ka koetliso eo re e fumanang?

Lipaki Tsa Jehova tse peli li libokeng ’me li bontša hore na re ka etsa’ng ho ruta batho Bibele.

6. Re mamela taelo ea Molimo ea hore re rute batho Bibele

Mehleng ea baapostola bahanyetsi ba ile ba leka ho thibela balateli ba Jesu hore ba rute batho ka Molimo. Bakreste ba mehleng eo ba ile ba loanela tokelo ea bona ea ho bolela ka hore ba thehe ka molao ho boleloa ha litaba tse molemo. (Bafilipi 1:7) Lipaki Tsa Jehova li etsa se tšoanang le kajeno.a

Bapala VIDEO.

VIDEO: Ho Buella Litaba Tse Molemo Makhotleng (2:28)

Bala Liketso 5:27-42 ebe le buisana ka potso e latelang:

  • Ke hobane’ng ha re ke ke ra tlohela ho ruta batho Bibele? (Sheba temana ea 29, 38 le 39.)

MOTHO A KA ’NA A RE: “Ke hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li tsamaea ka ntlo le ntlo?”

  • U ka mo araba joang?

KAKARETSO

Jesu o laetse balateli ba hae hore ba rute batho Bibele lefatšeng lohle. Jehova o thusa batho ba hae ho etsa mosebetsi ona.

Re Ithutile’ng?

  • Mosebetsi oa ho ruta batho Bibele o etsoa joang lefatšeng lohle?

  • Ke hobane’ng ha re ka re mosebetsi oa ho ruta batho Bibele o bontša hore rea ba rata?

  • Na u nahana hore mosebetsi oa ho ruta batho Bibele oa thabisa? Ke hobane’ng ha u cho joalo?

Seo U ka se Etsang

BATLA

Bona kamoo Lipaki Tsa Jehova li buang le batho kateng ka molaetsa oa Bibele litoropong tse kholo.

Ho Bolela ka Literoli Toropong ea Paris (5:11)

Lipaki Tsa Jehova li entse eng ho thusa batho ba tsoang linaheng tse ling?

Ho Ruta Batho ba Tsoang Linaheng Tse Ling Molaetsa oa Bibele (5:59)

Utloa hore na ’mè e mong ea qetang nako e ngata a ruta batho Bibele o re ke’ng e mo thabisang ka ho etsa mosebetsi ona.

Ke Thabetse Hore Ebe ke Ile ka Khetha Mosebetsi Ona (6:29)

Ithute ka tse ling tsa liqeto tseo makhotla a li entseng e le hore ho be bonolo hore re rute batho molaetsa oa Bibele.

“Baboleli ba ’Muso ba Isa Linyeoe Tsa Bona Khotla” (’Muso oa Molimo oa Busa!, khaolo ea 13)

a Molimo ke eena ea laetseng hore ho rutoe batho Bibele. Kahoo Lipaki Tsa Jehova ha li hloke tumello ea mebuso ea batho hore li etse mosebetsi ona.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela