PINA EA 161
“Ke Thabela ho Etsa Thato ea Hao”
1. Mora oa hao a kolobetsoa.
Leholimo la buleha.
A hopola morero oa hao.
A batla ho o phetha.
A hlola teko tsa Satane.
A sebetsa ka thata
Ho halaletsa bitso la hao.
Ntate le ’na u nthuse.
(K’HORASE)
Ke batla ho u thabisa,
Ke’u thabise ka ntho tsohle.
U mpha thabo ea sebele.
Ke etsa thato ea hao.
Ke batla ho u thabisa,
Ke thabise pelo ea hao.
Rato la hao kea le bona.
“Ke thabela ho etsa
Thato ea hao.”
2. Jehova ke se ke u tseba
’Me ke lula ke thabile.
Ke tla ruta batho ka uena.
Ntate nke ke ka thola.
Ho sebetsa le bana beso
Ho monate haholo.
Ke batla ho u sebeletsa
Ka matla ’ohle a ka.
(K’HORASE)
Ke batla ho u thabisa,
Ke’u thabise ka ntho tsohle.
U mpha thabo ea sebele.
Ke etsa thato ea hao.
Ke batla ho u thabisa,
Ke thabise pelo ea hao.
Rato la hao kea le bona.
“Ke thabela ho etsa
Thato ea hao.”
Ntate ke thabile.
(Sheba le Pes. 40:3, 10.)