Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lmd thuto 3
  • E-ba Mosa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • E-ba Mosa
  • Rata Batho u ba Etse Barutuoa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jesu o Ile a Etsa’ng?
  • Re ka Ithuta’ng Mohlaleng oa Jesu?
  • U ka Etsisa Jesu Joang?
  • E-ba Motho oa Batho
    Rata Batho u ba Etse Barutuoa
  • Susumetsoa ke “Molao oa Mosa”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Ho Loanela ho Bontša Mosa Lefatšeng le Mabifi
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Khahlisa Jehova ka ho Bontša Mosa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Bala Tse Ling
Rata Batho u ba Etse Barutuoa
lmd thuto 3

HA U QALA MOQOQO

Jesu o tšoara monna ea foufetseng ’me oa mo folisa.

Joh. 9:1-7

THUTO EA 3

E-ba Mosa

Keletso ea Bibele: “Motho ea lerato o . . . mosa.”—1 Bakor. 13:4.

Jesu o Ile a Etsa’ng?

Jesu o tšoara monna ea foufetseng ’me oa mo folisa.

VIDEO: Jesu o Folisa Monna ea sa Boneng

1. Shebella VIDEO kapa u bale Johanne 9:1-7 ebe u araba lipotso tse latelang:

  1. Na ha Jesu a qala ho bua le monna eo o ile a bua le eena ka litaba tse hlahang ka Mangolong kapa o ile a qala pele ka ho mo folisa?—Sheba Johanne 9:35-38.

  2. U nahana hore ke hobane’ng ha monna eo a ile a thabela ho mamela Jesu?

Re ka Ithuta’ng Mohlaleng oa Jesu?

2. Motho o tla thabela ho re mamela haeba a bona hore rea mo tsotella.

U ka Etsisa Jesu Joang?

3. Ipehe boemong ba motho eo u buang le eena. Leka ho utloisisa hore na o ikutloa joang.

  1. Ipotse: ‘Motho eo o tšoenyehile ka eng? A ka thabela ha nka mo thusa ka eng? O thabela ho qoqa ka eng?’ Ho ipotsa lipotso tsena ho tla re thusa hore re bontše motho enoa mosa e le hore a ka hlokomela hore rea mo tsotella.

  2. Bontša hore o amehile ka lintho tseo motho eo o buang le eena a tšoenyehileng ka tsona ka hore o mo mamele. Haeba a bua le uena ka bothata boo a nang le bona, u se ke oa bua ka ntho e ’ngoe.

4. Bua ka bonolo le ka tlhompho. Haeba u utloela motho eo u buang le eena bohloko u bile u batla ho mo thusa, o tla utloa ka tsela eo u buang ka eona hore u tšoenyehile ka eena. Nahana pele u bua ’me u bue ka tsela e bontšang hore oa mo hlompha. U se ke oa bua lintho tse ka mo khopisang.

5. Thusa batho. Thusa motho eo u qoqang le eena haeba u khona. Ho mo thusa ho ka ’na ha etsa hore a thabele ho qoqa le uena.

U KA BOELA OA SHEBA

Bar. 12:15, 16; Bagal. 6:10; Baheb. 13:16

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela