Lipotso Tse Tsoang ho Babali
◼Motsoalle oa ka o ile a senyeheloa. Joaloka mosali, ke lla le eena, empa na e ka ba ho loketseng ho mo khothatsa ka tšepo ea tsoho?
Ka sebele u ka etsa molemo o moholo ka ho mo tšelisa le ka ho mo fa thuso ea Bokreste. Empa Bibele ha e fane ka motheo oa ho lebella tsoho bakeng sa lesea le ka popelong. Nahana lebaka:
Ha mosali a emola, ho na le sele e le ’ngoe feela, lehe le emolisitsoeng. Ka tloaelo, kamorao ho nako ea likhoeli tse robong sele eo e ikarola le ho itlhoma ka popelong ea hae, ’me ho hōla lesea, ’me qetellong ho tsoaloa ngoana. Ho senyeheloa ho khaoletsa tšebetso ena ea tlhaho, ho felisa bophelo bo neng bo qalile le bo neng bo lokela hore bo tle bo hōle hore e be motho e mong. Haeba ho ntšoa mpa, ho hanana le khalalelo ea bophelo le molao oa Molimo khahlanong le ho bolaea.—Exoda 20:13; 21:22, 23; Numere 35:16-18; 1 Petrose 4:15.
Monei-Bophelo oa rōna o hlokomela bophelo bo hōlang ka popelong, joalokaha re bona ka seo Bibele e se buang ka mosali oa Jese ha e ntse e le moimana oa ngoana ea ileng a hōla ’me a belehoa a ba a reoa lebitso la Davida. (Pesaleme ea 139:12-16; bapisa Jobo 31:15.) Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka monyetla oa tsoho mabakeng ao ho oona ho bileng le ho senyeheloa kapa ngoana a hlaha a khathetse?
Bibele e lumela hore ngoana ea ka popelong a ka shoa. Hona ho fella ka mpa e intšang, kapa ho senyeheloa, kapa ngoana ea hlahang a khathetse.—Genese 31:38; Exoda 23:26; 2 Marena 2:19-21; Jobo 21:10; Pesaleme ea 58:8; 144:14.
Jobo o boletse litsela tse sa tšoaneng tseo ho senyeheloa ho ka etsahalang ka tsona, tseo leha e le efe ho tsona e ka beng e bile molemo bakeng sa hae ho e-na le ho hlokofala hoo a neng a ho utloa. O itse o ne a ka ’na a ba “sefolotsana se epetsoeng,” e “mong ea joale ka bana ba sa kang ba bona leseli.” (Jobo 3:16) Hona ho ka ’na hoa bolela mosali ea senyeheloang le pele a hlokomela hore ke moimana le pele ngoana ea emotsoeng a e-ba le libopeho. The Body Machine e re: “Mahe a mangata a emolisitsoeng ha a hōle ka tlhaho, a joalo a mangata le ho feta a hōlang hantle. Hoo e ka bang karolo ea leshome lekholong e sitoa ho itlhoma ka popelong ’me ho a itlhomang, hoo e ka bang halofo ke limpa tse intšang, hangata ’mè a sa tsebe le ho tseba.”
Jobo o boetse a bolela hore ‘hoja menyako ea popelo ea ’m’ae ea koaloa a ka be a patiloe khathatsong ea hae.’ Ka hona a ka be a ile a pholoha mahlomola hoja ‘a shoela ka mpeng.’ (Jobo 3:10, 11) Liphoso tse tebileng ngoaneng ea emotsoeng hangata li baka sena. Kapa mohlomong ho ka bakoa ke ho se phethahale lithong tsa ’mè tsa ho beleha, ho haelloa ke lithibela-mafu, maro kapa moea o hloekileng; kapa ho kula nakong ea boimana.
Mahlomoleng, Jobo a ikutloa hore menyetla e joalo e ka be e bile molemo bakeng sa hae. Leha ho le joalo, ’m’ae a ka be a ile a sareloa joaloka bo-’mè ba kajeno ha ho se phethahale ho futsitsoeng ho fella ka ho senyeheloa kapa ngoana ea hlahang a khathetse. Ha Jobo a bolela menyetla eo, o ne a sa bolele hore o ne a tla ba moleng oa tsoho. Molemo, kamoo a neng a o bona kateng, e ne e le hore o ne a tla be a patiloe khathatsong kapa a sa tšoenyeha ka letho.
Jobo a eketsa ka monyetla o mong: “Ke ne ke sa timele ke’ng ke sa tsoa tsoa popelong?” (Jobo 3:11) Haeba, joalokaha ho ee ho etsahale ka linako tse ling, Jobo a ka be a ile a tsoaloa ’me nakoana kamorao ho moo a shoa, mohlomong le pele a anyesoa, e be litebello tsa hae tsa kamoso e ne e tla ba life? Tabeng eo ho buuoang ka eona mona ha a ka a bua kahoo. Empa hamorao o bontšitse hore, haeba a ne a ile a shoa kamor’a hore e be motho ea phelang, ’me a ea Sheol, mohlomong Molimo o ne o tla ‘bea nako ’me o mo hopole ka nako eo.’ Monei-Bophelo oa rōna o ne a tla ‘bitsa ’me Jobo ka boeena a arabele.’ E, Jehova Molimo o ne a ka khutlisetsa Jobo bophelong, a mo tsosa.—Jobo 14:13-15.
Hona ho lumellana le tsebo ea rōna ka tsoho e mehlaleng ea Bibele. Ba tsositsoeng ka ho totobetseng ba ile ba khutlisetsoa bophelong ba tšoana le pele ba e-shoa. Ke hore, bana ba shoeleng ba tsositsoe e ntse e le bana, batho ba baholo e le batho ba baholo. (2 Marena 4:17-20, 32-37; Luka 7:12-15; 8:40-42, 49-55; Johanne 11:38-44) Na e ka ba ho utloahalang ho nahana hore hoja Jobo ea e-ba “sefolotsana se patiloeng” Taolong e Ncha lehe leo le sa bonahaleng le ne le tla khutlisetsoa ka popelong ea ’m’a lona hore a tsoele pele ka boimana boo mohlomong a neng a sa bo hlokomela le ho bo hlokomela? Hoo ha ho lumellane le seo Bibele e se bontšang ka tsoho, eo ka linako tsohle e neng e ama batho ba neng ba ile ba tsoaloa ’me ba phela e le batho ka bomong ka pel’a Molimo.—Johanne 5:28, 29: Liketso 24:15.
Empa ho thoe’ng haeba lehe le emolisitsoeng le ne le hōla-hōlile, la qala ho ba le libopeho kapa la ba haufi le nako ea ho belehoa? Ho na le menyetla e mengata. Leha ho le joalo, ha ho lebaka la khopolo-taba, hobane ho na le liphello tse ngata tse bohloko tsa ho se phethahale hoa botho tse bakang mahlomola kajeno. Paradeiseng e tsosolositsoeng, Ntate oa rōna ea lerato oa leholimo o tla etsolla boemo ba boetsalibe ba motho ’me a tlise mahlohonolo a babatsehang. Batho ba bangata ba tla tsosoa. Qeto ea hore na tsoho e tla etsoa joang, le ho fihlela kae, e ho Jehova le Jesu. Re ka tiisa hore qeto e tla bonahatsa bohlale bo phethahetseng le toka tsa Jehova.
Elihu a tiisetsa Jobo hore: “Molimo o ke ke oa etsa bobe le ho leka; Ea matla ’ohle ha ho kamoo a ka etsang bokhopo! Empa o busetsa ho motho ho lekanang le mesebetsi ea hae, . . . Ruri, Molimo o ke ke oa etsa ho sa lokang.” (Jobo 34:10-12) Rōna bohle, ho akarelletsa banyalani ba bileng mesarelong e meholo ka lebaka la ho senyeheloa kapa ngoana ea hlahang a khathetse, re ka tšelisoa ke ho tseba hore ‘Jehova o mohau, o lereko.’—Pesaleme ea 25:8.
◼ Ke hobane’ng ha Molula-Qhooa o buile ka liketsahalo tse tlalehiloeng ho Maccabees ea Pele, kaha buka eo e le karolo ea Mangolo a sa Bululeloang?
Buka ea rōna ea litšupiso Aid to Bible Understanding e na le sehlooho se selelele se reng “Apocrypha.” Se fana ka bopaki ba hore na ke hobane’ng ha Mangolo a sa Bululeloang le hoja a amoheloa ke Kereke ea Roma e K’hatholike, a sa talingoe a bululetsoe. Ha ho mohla Bajode ba kileng ba ela hloko libuka tsa Mangolo a sa Bululeloang e le karolo ea mangolo a bululetsoeng a Seheberu, ’me Jerome, mofetoleli ea tsebisahalang oa K’hatholike oa Bibele ea Latin Vulgate, o lumetse hore ha a ea bululeloa. Kahoo, libuka tsa Mangolo a sa Bululeloang, hase libuka tse bululetsoeng joaloka libuka tsa Bibele.—2 Timothea 3:16.
Libuka tsa Mangolo a sa Bululeloang tsa Maccabees ea Pele le ea Bobeli, leha ho le joalo, li na le boitsebiso bo bongata bo nang le ’nete. Buka Aid e re ka Maccabees ea Pele: “Tlaleho ea histori ea ntoa ea Bajode ea boitseko lekholong la bobeli la lilemo B.C.E., ho tloha pusong ea Antiochus Epiphanes (175 B.C.E.) ho isa lefung la Simon Maccabaeus (hoo e ka bang ka 134 B.C.E.) . . . e sebetsana ka ho khethehileng le liketso tsa moprista Mattathiase le bara ba hae, Judase, Jonathane le Simone, lintoeng tsa bona le Basyria. Ena ke tlaleho ea bohlokoahali ea libuka tsa Mangolo a sa Bululeloang ka lebaka la boitsebiso ba histori boo e fanang ka bona bakeng sa nako ena. Leha ho le joalo, joalokaha The Jewish Encyclopedia e hlalosa, ho eona ‘histori e ngotsoe ka leihlo la botho.’”
Buka Aid e phaella sena ka buka ea Bobeli ea Maccabees: “Le hoja e hlahlama Maccabees ea Pele, tlaleho ena e amana le likarolo tsa nako e tšoanang (hoo e ka bang 180 B.C.E. ho ea ho 160 B.C.E.) ’me e ngotsoe ke seqapi sesele ho sa Maccabees ea Pele. Sengoli se hlalosa buka e le kakaretso ea libuka tsa pele tsa e mong ea neng a bitsoa Jason oa Cyrene. E hlalosa ho hlorisoa hoa Bajode tlas’a Antiochus Epiphanes, ho tlatlapa thepa ea tempele, le ho khakoloa hoa eona ho ileng hoa latela.”
Ka baka leo, litšupiso tsa rōna kapa ho qotsa hoa rōna libukeng tsa Maccabees ho ka etsoa feela motheong oa histori ho sa fanoe ka maikutlo a hore tsona, kapa libuka tse ling tse sa bululeloang, li bululetsoe kapa ke ’nete.