Ho Hlophisetsoa ho Sebeletsa Jehova
“Lebaka leo ke u siileng Kreta ka Iona e ne e le hore u hlophise ntho e ’ngoe le e ’ngoe moo.”—TITE 1:5, The Jerusalem Bible.
1. Mookameli oa pele oa United States o ile a re’ng ka phapang maikutlong a bolumeli?
LENGOLONG la hae la la 20 Mphalane, 1792, mookameli oa pele oa United States, George Washington, o ngotse: “Ho lehloeo lohle le bileng teng har’a batho, le bakoang ke phapang ea maikutlo bolumeling le hlaha e le le tebileng haholo le le tšoenyang ’me le lokela ho nyatsuoa haholo. Ke ne ke tšepile hore mokhoa oa tsamaiso o tsoetseng pele le o lokolohileng, o tšoaileng mehla ea kajeno, bonyane o ne o tla kopanya Bakreste ba likereke tsohle ho tla fihlela joale e le hore re se hlole re bona likhohlano tsa bona tsa bolumeli li ntšetsoa pele ho isa moo li ntšang khotso ea batho kotsi.”
2. Ba bang ba itšoere joang ka ho ngatafala ha malumeli?
2 Kajeno, ba bangata ka ho tšoanang ba tšoenyehile ke ho ngatafala ha malumeli ’me ha ba ikamahanye le bolumeli bofe kapa bofe. Ba bang ke litho tsa kereke empa ba bua ka ‘kamano ea bona ea botho le Molimo.’ Joale, hoo e leng ’nete ke hofe? Na Molimo o sebelisana le batho motheong oa motho ka mong? Bibele e bontša eng?
Na Molimo o-oa re Tsotella?
3. U sebelisa mangolo, u ka arabela potso ee joang, Na Molimo o-oa re tsotella re le batho ka bo mong?
3 Mangolo a senola hore Jehova o hlile o bontša kameho ka batho ka bo mong. Ka mohlala, litabeng tsa likamano tsa batho, Lentsoe la Molimo le etsa lipolelo tse joalo ka tsena: “Ea tšehang mofutsana o soma Ea ’mōpileng.” “Ea tubang mofutsana o nyelisa ’Mōpi oa hae; empa ea molemo ho mofumanehi oa mo rorisa,” ke hore, Jehova Molimo. (Liproverbia 17:5; 14:31) “Molimo o ratile lefatše [la batho] hakalo, o bile oa le nea Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši; hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:16, 36) Ho feta moo, moapostola Petrose o boletse: “Ke lemoha ka ’nete hore Molimo ha o ee ka tšobotsi ea batho. Empa har’a lichaba tsohle, ea o tšabang, le ea etsang ho lokileng, ke eena ea o khahlisang.” (Liketso 10:34, 35) Kahoo Jehova o tsotella batho ka bomong ’me o amohela ba mo tšabang ’me ba etsa se lokileng.
4. Re lokela ho nahana lipotso life tse phahamang?
4 Bibele e boetse e re: “Morena o tseba bao e leng ba hae.” (2 Timothea 2:19) Empa na hoo ho bolela hore batho ka bomong mona le mane liphuthehong tse ngata tsa bolumeli tsa lefatše baa amoheleha ho Molimo? Kapa ho ka lebelloa hore batho ba joalo ba kopane hammoho, ba hlophiselitsoe ho sebeletsa Jehova?
Jehova—Molimo oa Tlhophiso
5. Mangeloi a halalelang a sebetsa joang kamanong le Jehova?
5 Lentsoe la Molimo le bululetsoeng le re bea leseling ka tsela ea oona ea ho etsa lintho. Ka mohlala, nahana ka maholimo a sa bonahaleng. Na maemo ke a ferekaneng moo? Che! Libōpuoa tsa moea tse liketekete ha li sebetse ka ntle ho Jehova ka mokhoa o itseng o sa hlophisoang. Ho e-na le hoo, rea bala: “Bokang Jehova, lōna mangeloi a hae, bahale ba matla, ba phethang lentsoe la hae, ba mamelang molomo oa hae! Bokang Jehova, lōna makhotla a hae kaofela, lōna bahlanka ba hae kaofela, ba etsang ho ratoang ke eena!” (Pesaleme ea 103:20, 21) Ka ho hlakileng, mangeloi a halalelang a hlophisitsoe hantle ho sebeletsa Jehova.
6. Lelapa la Noe le ile la qala e le eng kamor’a Moroallo?
6 Empa ho thoe’ng ka sebaka sa motho? Koana, Moroallo oa mehleng ea Noe o ile oa felisa liphutheho tsohle tseo ebang li bile teng lefatšeng ka nako eo—ntle ho e le ’ngoe. Noe le baphonyohi ba bang ba supileng ba Moroallo ba tsoile arekeng e le phutheho ea lelapa. Ho bona taba e neng e le ea bohlokoahali e ne e le ho fa Molimo borapeli bo kopaneng, hobane rea bala: “Eaba Noe o hahela Jehova aletare, ’me ho liphoofolo tsohle tse hloekileng, le ho linonyana tsohle tse hloekileng, a nka tse ling, a li etsa secheso aletareng.” Baphonyohi ba Moroallo ha ba ka ba be se ba e-ea ka litsela tsa bona tse arohaneng ka bolumeli, empa bohle ba ne ba le hammoho ketsahalong ena ea bohlokoa e felletseng ka tlhohonolofatso, taeo le selekane se qaliloeng ke Molimo. (Genese 8:18–9:17) E, kamor’a Moroallo, lelapa la Noe le qalile e le phutheho e neng e sebeletsa Jehova.
7. Mabapi le tlhophiso, re ithuta eng bukeng ea Exoda?
7 Litloholo tsa Abrahama li ne li ratoa haholo ke Jehova, ’me ka ho utloahalang ha ho ea ka latolang hore qetellong li ile tsa fetoha phutheho ea sechaba. Koana, buka ea Bibele ea Exoda feela e bontša kamoo ba ileng ba lokolloa botlamuoeng Egepeta ’me ba hlophisoa e le phutheho ea puso ea leholimo! Buka eo e khetholla Jehova e le Molimo oa phutheho ea puso ea leholimo. Ha Baiseraele ba ne ba utloa Molao oa Molimo, ba ne ba khona ho mo rapela e le phutheho e laolehileng, e sireletsehileng le e thabisang. Ka ho ke keng ha latoloa ba ne ba hlophiselitsoe ho sebeletsa Jehova.a
8. Ho bonoe bopaki bofe ba tlhophiso e ntle kamanong le tšebeletso sehalalelong sa Jehova se lefatšeng?
8 Bopaki ba tlhophiso e molemo bo bonoe kamanong le tšebeletso sehalalelong sa Jehova sa lefatšeng. Ka mohlala, mabapi le Balevi, rea bala: “Davida a ba hlophisa ka lihlopha ka palo ea bara ba Levi, Gershone, Kehathe, le Merari.” Ka ho tšoanang, ‘lihlopha tsa bara ba Aarone’ li ile tsa emisoa. Ka thuso ea Tsadoke le Akimeleke, “Davida a ba hlophisa ho ea ka mesebetsi eo ba e khethetsoeng tšebeletsong ea bona . . . Ba ba hlophisa ka lotho.” Hamorao rea bala: “Jehojada a bea balebeli tlung ea MORENA tlas’a tsamaiso ea baprista ba Balevi le Balevi bao Davida a neng a ba hlophiselitse ho hlokomela ntlo ea MORENA, ho hlabela MORENA licheso, joalokaha ho ngotsoe molaong oa Moshe, ka thabo le ka lipina kamoo Davida a laetseng kateng.” (1 Likronike 23:2-6; 24:1-6; 2 Likronike 23:18, Revised Standard Version) E, lihlopha tsa baprista le Balevi li ile tsa hlophisoa bakeng sa ho sebeletsa Jehova.
Ho Thoe’ng ka Bokreste?
9. Ke bopaki bofe bo teng ba hore Jesu Kreste o hlophisitse balateli ba hae bakeng sa tšebeletso ho Jehova?
9 Ha Jesu Kreste a le lefatšeng, ha a ka a bolella bohle ba lumelang ho eena ho ea ka litsela tsa bona tse arohaneng le ho ameha feela ka ‘kamano ea botho le Molimo.’ Ho e-na le hoo, barutuoa ba leba ho Jesu, ’me har’a bona a khetha banna ba 12 e le baapostola. Khetho ea bona e ile ea etsoa kamor’a ho rapela bosiu ’me kahoo e bile ka thuso le kamohelo ea Jehova. (Luka 6:12-16) Hona ho buella tlhophiso e neng e tšehetsoa ke Molimo. Ho feta moo, Jesu a hlophisa balateli ba hae ka lihlopha tse lauoeng hantle tsa baboleli ba ’Muso. Ka mohlala, o ile a fa barutuoa ba 70 bao a ileng a ba romela ntle ka tsela e hlophisitsoeng taeo e neng e hlokahala.—Luka 10:1-24.
10. Mangolo a bontša joang hore balateli ba pele ba Jesu ba ne ba hlophisitsoe hantle?
10 Mangolo a Bakreste a Segerike a bontša ka ho hlakileng hore balateli ba pele ba Jesu ba ne ba hlophisitsoe hantle. Ha ba ka ba itšetleha feela ka ho bala Mangolo ha botho. Ho e-na le hoo, liphutheho li ile tsa hlongoa ’me ba ne ba kopana kamehla ho ithuta Lentsoe la Molimo. Liphutheho tsena li ne li sa ipuse, li sa itaole, empa li ne li sebelisana ka lerato. Ka mohlala, liphutheho li ne li fetisetsana litumeliso tse tlohang boikutlong ba pelo, ’me lihlopha tse hlophisitsoeng Macedonia tsa ‘qophella ho fana’ ka ntho e ’ngoe e neng e tla thusa “bahalaleli” ba hlokang kae-kae. (1 Ba-Korinthe 16:19, 20; 2 Ba-Korinthe 8:1-7; Ba-Kolosse 4:14-16) E, liphutheho tsa pele tsa Bokreste li ile tsa ikopanya tlas’a tataiso ea sehlopha se busang se entsoeng ka baapostola le banna ba hōlileng Jerusalema.—Liketso 15:1–16:5.
11. Ke hobane’ng ha re lokela ho lebella “phutheho ea Molimo” hore e be e hlophisitsoeng hantle?
11 Moapostola Pauluse o ile a thusa ho hloma tse ling tsa liphutheho tse hlophisitsoeng hantle tse bileng teng hobane Molimo a hlohonolofalitse mosebetsi oa ho bolela. Ho feta moo, Pauluse o boletse hore Jehova “hase Molimo oa mofere-fere, empa e le oa khotso.” Moapostola o boetse a supa hore “Molimo o hlophisitse sehlopha” sa balateli ba Jesu Kreste ba tlotsitsoeng kamoo A ratang kateng. Kahoo, re lokela ho lebella hore “phutheho ea Molimo” e be e hlophisitsoeng hantle le e sebetsang ka khotso, le ka kutloano.—1 Ba-Korinthe 14:33; 12:24, The Riverside New Testament; 1 Timothea 3:5.
12, 13. (a) Ho ’nile ha thoe’ng ka liphutheho tse hlophisitsoeng ke baapostola ba Jesu? (b) Tumellanong le mohlala oa lekholo la pele la lilemo, ke bo-mang ba hlokomelang litaba tsa phutheho har’a Lipaki tsa Jehova?
12 Mabapi le phutheho ea balateli ba Jesu, rahistori J. L. von Mosheim o ngotse: “Haeba . . . ho se seo Mokreste a ka se belaelang, baapostola ba Jesu Kreste ba ne ba etsa ka taelo le tataiso ea Molimo, joale mokhoa oo oa likereke tsa pele-pele oo li o fumaneng kerekeng ea Jerusalema, e hlonngoeng le ho hlophisoa ke baapostola ka bobona, o tlameha ho nkoa e le oa Molimo.”—Institutes of Ecclesiastical History, Ancient and Modern, Moqolo I, maqephe 67-8.
13 Lipaki tsa Jehova li kholisehile hore liphutheho tsa lekholo la pele la lilemo tsa balateli ba Jesu li ne li hlophisitsoe tumellanong le thato ea Molimo. Kahoo, tumellanong le mohlala oo, kajeno har’a Lipaki balebeli le bahlanka ba sebeletsang ba khethoa ke moea o halalelang ho hlokomela litaba tsa phutheho.—Liketso 20:28; Ba-Filippi 1:1.
14. (a) Liphutheho tsa Bokreste tsa lekholo la pele la lilemo li ne li tsamaisoa joang? (b) Ke hobane’ng ha moapostola Pauluse a ile a siea Tite Kreta?
14 Lekholong la pele la lilemo, baapostola le banna ba hōlileng Jerusalema ba ne ba e-na le botsamaisi bo akaretsang liphuthehong, le hoja banna ba itseng ba ne ba sheba libaka tse ling ka ho khetheha ’me ba ne ba ka ’na ba fa ba bang matla. (Liketso 14:21-23; 15:1, 2) Ka baka leo, moapostola Pauluse a abela molebeli oa Mokreste Tite hore a hlokomele litaba tse itseng sehlekehlekeng sa Mediterrane sa Kreta. Tabeng ena, Pauluse a bolella Tite: “Lebaka leo ke u siileng Kreta ka lona e ne e le hore u hlophise ntho e ’ngoe le e ’ngoe moo ’me u khethe baholo motseng o mong le o mong, ka tsela eo ke u boleletseng ka eona.” (Tite 1:5, JB) Re ka kholiseha hantle hore litaelo tseo Tite a li filoeng ka lengolo li mo thusitse ho phethahatsa kabelo eo e le hore Bakreste ba ne ba ka hlophisoa hantle moo bakeng sa ho sebeletsa Jehova.
Ke Hobane’ng ha re Lokela ho ba ba Hlophisitsoeng Hantle Kajeno?
15, 16. Ke ka mabaka afe a fanoeng mona re ka reng ba amohelehang ho Jehova ba ke ke ba ba le ‘kamano ea botho le Molimo’ feela ’me eaba ba tlala-tlala le lihlopha tsa lefatše tsa bolumeli?
15 Ho tla fihlela joale, ho bontšitsoe ka Mangolo hore tlhophiso e ntle e ne e le letšoao la bahlanka ba Jehova linakong tse fetileng. Kahoo, maemo aa tšoana kajeno. ’Me ho na le mabaka a babatsehang a hore na ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova tsa kajeno li lokela ho ba tse hlophisitsoeng hantle.
16 Ba amohelehang ho Jehova ba ke ke ba ba le ‘kamano ea botho le Molimo’ feela ’me ba tlala-tlala le lihlopha tsa lefatše tsa bolumeli. Jehova o hloka borapeli ba ’nete ’me o haufi le ho timetsa Babylona e Moholo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. (Johanne 4:24; Jakobo 1:27; Tšenolo 18:1-8) Ho feta moo, ho hlokahala bonngoe ho Bakreste ba ’nete. Haholo-holo kajeno ba tlameha ho ba hammoho phuthehong e le ’ngoe e le hore ba ka lumellana ka botlalo le keletso ea moapostola Pauluse: “Kea le rapela, banab’eso, ka lebitso la Morena oa rōna Jesu Kreste, ke re: Le ke le bolele bohle taba e le ’ngoe; likhaohano li se ke tsa e-ba teng har’a lōna, le mpe le phethehe boikutlong bo le bong le khopolong e le ’ngoe.”—1 Ba-Korinthe 1:10.
17. Mantsoe a Ba-Heberu 10:24, 25 a bontša joang hore bahlanka ba Jehova Molimo le Jesu Kreste kaofela ba tlameha ho ba karolo ea phutheho e le ’ngoe?
17 Ho feta moo, Bakreste ba ’nete ha ba lokela ho ngala ho bokana ha bona libokeng tsa kamehla. Ho joalo haholo kajeno, ha bofelo ba tsamaiso ena ea lintho bo ntse bo atamela. (Ba-Heberu 10:24, 25) Ka ho hlakileng, ho latela keletso eo e bululetsoeng, bahlanka bohle ba ’nete ba Jehova Molimo le Jesu Kreste ba tlameha ho ba karolo ea phutheho e le ’ngoe.
18. (a) 1 Johanne 1:3 e bontša joang hore Bakreste bohle ba tlotsitsoeng ba tlameha ho ba hammoho phuthehong e le ’ngoe? (b) Ke bo-mang ba ikopantseng le balateli ba Jesu ba tsoetsoeng ka moea ‘nakong ee ea bofelo,’ hona linnete ke life mabapi le tšebelisano har’a Lipaki tsohle tsa Jehova?
18 Mangolo a hloka botsoalle har’a balateli ba Jesu ba tlotsitsoeng. Tabeng ena, moapostola Johanne o ngotse: “See re se boneng, see re se utloileng ke sona seo re le bolellang sona, hore le lōna le tle le be le kopano [bonngoe; botsoalle] le rōna; ’me kopano ea rōna re na le eona le Ntate, le Mora oa hae Jesu Kreste.” (1 Johanne 1:3, Bibele ea Sesotho; Byington; Authorized Version) Haeba balateli ba Jesu ba tlotsitsoeng e mong le e mong a ne a e-na le ‘kamano ea botho le Molimo’ feela ’me ba sa kopanngoa hammoho phuthehong e le ’ngoe, ba ne ba ka thabela bonngoe, botsoalle kapa kopano ee joang? Tlhokahalo ena e ka finyelloa feela ka ho ba ba hlophisitsoeng. Kajeno, “bongata bo boholo” ba “linku tse ling” bo ikopantse le balateli ba Jesu ba tsoetsoeng ka moea. Ho ea ka tlhaloso ea Jesu ea ba kang linku, re lokela ho lebella hore ‘linku tsena tse ling’ li kopanele ka botlalo le balateli ba hae ba tlotsitsoeng hore kaofela e be ‘mohlape o le mong’ tlas’a hae e le ‘molisa a le mong.’ (Tšenolo 7:9; Johanne 10:16) ’Me ho joalo har’a bahlanka ba Jehova ‘nakong ena ea bofelo.’ (Daniele 12:4) Joaloka boena ba lefatše lohle, Lipaki tsohle tsa Jehova li hlophisitsoe hantle ho sebeletsa Molimo.—Bapisa 1 Petrose 2:17.
19. Ke hobane’ng ha ho phethahatsa thōmo ea ho bolela ho hloka kopano har’a phutheho e le ’ngoe e tsamaisoang ka moea?
19 Ho phethahatsa taelo ea ho bolela le ho etsa barutuoa ho boetse ho hloka ho sebelisana har’a phutheho e le ’ngoe e kopaneng. (Mattheu 28:19, 20; Liketso 1:6-8) Haeba e mong le e mong ea ipolelang hore ke Mokreste a e-na le ‘kamano ea botho le Molimo’ feela ’me a ne a kopanela le sehlopha sefe kapa sefe sa bolumeli, thōmo ea ho paka e ne e ka phethahatsoa joang? Ha e le hantle, ba bang ba ne ba tla re “Shibbolethe” ’me ba bang ba re “Sibbolethe”! (Baahloli 12:4-6) Bautloi ba melaetsa e joalo e sa tšoaneng ba ne ba tla tseba seo ba lokelang ho se lumela joang? Bakreste ba tlotsitsoeng ba tlameha ho ‘tiea matla ho boloka bonngoe ba moea ka tlamo ea khotso,’ ’me har’a bona ho lokela ho be teng ’Morena a le mong, tumelo e le ’ngoe, kolobetso e le ’ngoe, Molimo o le mong, e leng Ntat’a bohle.’ (Ba-Efese 4:1-6) Ho tlameha ho be teng tumellano har’a Bakreste bohle ba ’nete, molaetsa o kopaneng, haeba batho ba tla utloa se nepahetseng, ’me ba lumele ka ’nete ho Molimo oa ’nete ’me ba bitse lebitso la Jehova ka tebello ea ho pholosoa. Ho feta moo, phutheho e le ’ngoe e tsamaisoang ka moea e tlameha ho sebelisoa mabapi le ho romeloa ha baboleli ba ’nete ba “evangeli.”—Ba-Roma 10:11-15.
20. Ke phutheho efe e le ’ngoe e phethahatsang Mattheu 24:14, hona joale, ’me ke bopaki bofe bo teng ba hore Molimo o rata tšebetso e joalo e hlophisitsoeng hantle?
20 Joale, hape, ho lumellana le boprofeta ba Jesu mabapi le “ho ba teng” ha hae le “ho fela ha tsamaiso ena ea lintho,” ho tlameha ho be teng phutheho e le ’ngoe e kopaneng ‘e bolelang evangeli ena ea ’muso lefatšeng lohle e tle e be bopaki bo lichaba tsohle; pele bofelo bo e-tla.’ (Mattheu 24:3, 14, NW) Kajeno, ke Lipaki tsa Jehova feela tse bolelang litaba tse molemo tsa hore ’Muso o ’nile oa sebetsa maholimong ho tloha ka 1914 Jesu Kreste e le Morena. Ho na le baboleli bana ba ’Muso ba hlophisitsoeng hantle ba fetang 2 650 000, ’me palo ea bona e hōla ka potlako ka baka la tlhohonolofatso ea Molimo.—Esaia 43:10-12; 60:22.
21. Mabapi le phutheho ea Jehova, re tla boetse re bue ka eng?
21 ‘Mehleng ena e thata ea qetello,’ ke tokelo e kaakang ho ba har’a letšoele le hlophisitsoeng hantle hakana ho sebeletsa Jehova! (2 Timothea 3:1) Ho na le motheo o utloahalang oa Mangolo bakeng sa bohle ba inehetseng ka pelo eohle ho Molimo ho tsoela pele ba sebeletsa ka botšepehi le batho ba oona ba hlophisitsoeng. ’Me joalokaha re tla bona, ho na le mabaka le litsela tse ntle tsa ho haha bokamoso bo sireletsehileng le bo thabileng le phutheho ea Jehova.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka kōpo bona Molula-Qhooa oa December 1, 1983, maqephe 27-30
U ne U Tla Re’ng?
◻ Mangeloi a halalelang a sebetsa joang kamanong le Jehova?
◻ Ke bopaki bofe bo neng bo le teng ba tlhophiso e ntle Iseraeleng oa boholo-holo?
◻ U ka paka joang ka Mangolo hore balateli ba pele ba Jesu Kreste ba ne ba hlophisitsoe hantle?
◻ Ke hobane’ng ha ho bolela molaetsa oa ’Muso ho hloka kopano har’a phutheho e le ’ngoe?
[Setsoantso se leqepheng la 23]
Mehleng ea Davida, lihlopha tsa baprista le Balevi li ile tsa hlophisoa ho sebeletsa Jehova
[Setsoantso se leqepheng la 24]
Sehlopha se busang se ile sa tataisa liphutheho tse hlophisitsoeng hantle tsa lekholo la pele la lilemo