Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 5/1 maq. 29-30
  • Ho Hlohonolofaletsoa ho Phehella Khotso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Hlohonolofaletsoa ho Phehella Khotso
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 5/1 maq. 29-30

Ho Hlohonolofaletsoa ho Phehella Khotso

MOAPOSTOLA Petrose o ile a totobatsa hore ba neng ba tla “rata ho phela le ho bona matsatsi a monate” ba tlameha ho ‘batla khotso, ’me ba e phehelle.’ (1 Petrose 3:10, 11) Hona ha ho bonolo kamehla, empa ho fella ka mahlohonolo. Mohlala, nahana ka phihlelo e latelang ea e mong oa Lipaki tsa Jehova Canada.

Ke ne ke sa tsoa ba lilemo li 20 ’me ke le haufi le ho phethahatsa toro ea ka ea bongoana. Ke ile ka thaotheloa Royal Canadian Mounted Police. Kahoo ke ile ka qala seo ke ’nileng ka se nahana ho ba mosebetsi o tletseng ke le lepolesa. Leha ho le joalo, ka lilemo tse ka bang 16 tsa tšebeletso, ke ile ka tlohela mosebetsi.

Pele ke hlalosa lebaka la ka la ho tlohela sepolesa, mohlomong boitsebiso ba litaba tsa pele bo ka ba le thuso. Matsatsi a ka a pele ho RCMP (Royal Canadian Mounted Police) ke ile ka a qeta seterekeng sa New Brunswick. Ke nakong ena moo ke ileng ka kopana le moroetsana ea ratehang eo ebileng mosali oa ka. Re ne re phela ntlong e nyenyane haholo e neng e le boliseng ba banyalani bao ho ileng hoa etsahala hore ebe e sa tsoa ba Lipaki tsa Jehova. Ba ne ba atisa ho re pakela. Leha ho le joalo, ka nako eo bolumeli bo ne bo le hole le lintho tse tlang pele bophelong ba ka. Ka lehlakoreng le leng, mosali oa ka a amohela ’nete habonolo ’me kamor’a nako ea e-ba paki ea Jehova e kolobelitsoeng. Ho ipuela ’nete, ke ne ke sa khahloe. Ke ile ka leka ntho e ’ngoe le e ’ngoe ho fetola kelello ea hae, empa ntle ho katleho. Ke bile ka mema moprista oa moo ho tla mo sokolla. Leha ho le joalo, ha ke hetla morao ketelong ena, ke lumela hore ho haelloa ke tsebo ea Mangolo hoa moprista ho ile hoa etsa hore ’nete e be ea sebele haholoanyane ho eena.

Hoo e ka bang ka lilemo tse tšeletseng ke ile ka leka ho bontša mosali oa ka bothoto ba tumelo ea hae, empa leha ho le joalo a emela Jehova a tiile. Ka nako ea teng, ke ile ka inehela ’me ka haha boikutlo ba hore a ka etsa sohle seo a se ratang ’me ’na ke tla latela litumelo tsa ka. Ha e le hantle, ka nako eo lipheo tsa ka e ne e se tsa Mangolo; ke ne ke batla ho phahamisa mosebetsi oa ka RCMP kamoo ho ka khonehang. Ho fihlela sepheo seo ka ithaopela ho etsa mesebetsi e eketsehileng ’me ka leka ho kena-kenana le linyeoe tsa liphuputso tse phahameng e le hore nka hapa tlhokomelo ea ba mphahametseng. Hona e ne e le ka ho tela nako eo ke neng ke lokela ho e qeta le lelapa la ka.

Ke ile ka tsoela pele ho phehella mokhoa ona oa bophelo ho fihlela lehlabula la 1978. Mosali oa ka o ne a lakatsa ho ba teng Kopanong ea Machaba Montreal ea “Tumelo e Hlōlang” seterekeng sa Quebec. Ke ile ka lumela ho mo isa Montreal, empa ka hana ho ba teng mananeong leha e le afe. Hoba a khutle letsatsing la pele la kopano, mosali oa ka a bolela hore lenaneo la letsatsi le hlahlamang le likoloha bophelong ba lelapa ’me a nkholisa hore ke lokela ho ba teng. Ho tla fihlela lena le holimo ke leboha Jehova hore ebe ke ile ka ea. Ke ne ke hloletsoe ke mokhoa o laolehileng oo letšoele lena le leholo le ileng la itšoara kateng. Ho ne ho se ea tsubang, ho se ea rohakanang, ’me batho ba ne ba bonahala ba thabile haholo ’me ba le khotsong e mong ho e mong. Le hoja ke ne ke batla ke se na tsebo ea Bibele, ke ile ka fumana lipuo tse fanoang ke libui e le tse laeang haholo le tse molemo. Batho bana ba ne ba leka ho ithuta le ho sebelisa melao ea Molimo joalokaha e beiloe ka Bibeleng. Joaloka lepolesa, ke ne ke e-na le phihlelo ea hore batho ba bangata, le hoja ba tseba molao, ba leka ho fumana liphoso e le hore ba ka etsa lintho ka tsela ea bona. Joale ke ne ke khahliloe. Hang hoba re khutle kopanong, ka qala ho ithuta Bibele ’me ka kolobetsoa ka Mphalane 1979.

Ha ke ntse ke hōla moeeng, ke ile ka khona ho beella mekhoa e mengata ea lefatše ka thōko ’me ka qetella ke fuoe tokelo ea ho sebeletsa Jehova Molimo ke le mohlanka ea sebeletsang. Ho apara hoa ka botho bo bocha ba Bokreste ho ile hoa hlokomeloa habonolo ke liofisiri tse ling tsa sepolesa, tseo pele, li ileng tsa nyelisa tumelo ea ka e ncha. (Ba-Efese 4:22-24) Ka nako ea teng, ke ile ka khona ho fetola litlhaloso tsa bona tse nyatsang monyetla oa ho ba pakela. Ha e le hantle, eitse ha ho tuma lefapheng lohle hore ke paki ea Jehova, ba bangata ba ne ba ee ba nkatamele ka lipotso. Ke boetse ke leboha baokameli ba ka haholo bao, ka lebaka la ho hlonepha tumelo ea ka, ba ileng ba nkabela mesebetsi e neng e ke ke ea nketsa hore ke sekisetse kamano ea ka le Jehova.

E, ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e bonahala e tsamaea hantle. Mantsiboeeng a mang ha ke khutla mosebetsing, mosali oa ka o ne a bala Molula-Qhooa oa January 1, 1984 ka cheseho, haholo-holo sehlooho se ithutoang maqepheng a 19-24 se reng “‘Batla Khotso U e Phehelle.’” O ne o bua ka ho qoba ho “sebetsa moo ho hlokahalang hore [motho] a nke sehlomo seo a tla se sebelisa ho batho ba bang,” joalokaha “kamehla ho e-na le kotsi ea ho ba le molato oa mali ka ho nka bophelo ka sehlomo.” (Esaia 2:4; Ba-Roma 12:17, 18) Sehlooho seo se tsoelapele hore: “Ha lefatše le ntse le e-ba mabifi ho ea pele re ke ke ra hlola re nka moena e le mohlala ha a tsoelapele mosebetsing o hlokang hore a nke lihlomo. A ka lumelloa likhoeli tse tšeletseng hore a fetole mosebetsi oo. Haeba a sa o fetole, a ke ke a ba boemong ba ho ba litokelong tse khethehileng tsa tšebeletso le boikarabelo ka phuthehong.—1 Timothea 3:2; Tite 1:5, 6.”

Ka ho totobetseng ke ne ke e-na le qeto ea bohlokoa haholo eo ke lokelang ho e etsa. Joaloka lelapa, ra buisana ka taba ena ’me ra e isa ho Jehova ka thapelo. Letsatsing le hlahlamang la mosebetsi ka atamela mookameli oa ka ’me ka mo hlalosetsa boemo ba ka. Kamor’a moqoqo o mo lelele, re ile ra qeta ka hore sepolesa se ke ke sa ntumella hore ke se ke ka nka lihlomo. Ka lebaka leo, ka ba tsebisa hore ke tla tlohela mosebetsi kamor’a likhoeli tse tšeletseng.

Ke ne ke se na le leseli la hore na ke qala ho batlela mosebetsi hokae, kaha esale ke hiroa ho tloha ha ke tloha sekolong. Hape, boemo ba moruo bo ne bo ama ’maraka oa mosebetsi haholo. Ke ne ke e-na le setsoalle le ba ’maloa mosebetsing oa khoebo seo ke ileng ka se haha ka lilemo, kahoo ka etsa qeto ea ho ba letsetsa. Ka ho makatsang, ka nako e ka tlaase ho beke ke ile ka supisoa feme e neng e batla motho e mong ea tla koala sekheo se secha e le lefokisi. Ke ile ka ikopanya le motho ea ikarabellang bakeng sa ho koala sekheo seo ’me ka fumana hore ke tšoaneleha haholo bakeng sa mosebetsi oo. Mosebetsi oo o ne o tšoana haholo le mesebetsi ea ka ke le lefokisi, ’me ho ne ho ke ke hoa hlokahala hore ke nke sebetsa. U ka inahanela kamoo ke ileng ka fana ka tlaleho e khutšoanyane ka tsebo ea ka ea mosebetsi moo ka nakoana.

Ha ke hlahlobjoa bakeng sa mosebetsi ona, ke ile ka etsa qeto ea hore ho molemo ho hlakisa lebaka la ka la ho tlohela RCMP. Ho makaleng hoa ka mohlahlobi (eo e neng e tla ba mookameli oa ka) a hlalosa hore o ile a tlohela mosebetsi oa hae oa pele ka mabaka a letsoalo ’me a ka lumellana le boemo ba ka. A boetse a bontša hore boemo bona bo tlameha ho nkoa ke motho ea tšepahalang ka ho sa belaetseng. A nteboha ka hore e be ke ile ka mo bulehela ’me a bontša hore o tla mpuella bakeng sa boemo bona. Ka nako ea libeke tse peli ke ile ka hiroa ka molao.

Ha ho pelaelo kelellong ea ka hore moea oa Jehova o nthusitse le lelapa la ka phihlelong ena eohle. Mohlomong ho ntse ho e-na le baena ba bang ba tobaneng le boemo bo tšoanang. Ke rapela hore phihlelo ea ka e tla ba khothatsa ho itšetleha ka Jehova ’me ba mo lumelle hore a sebetse lintho ka tsela ea hae.—Mattheu 6:33.

Joalokaha phihlelo e ka holimo e bontša, ho phehella khotso le ho bea ’Muso oa Molimo pele bophelong ba hao ho tla u hloka boiteko hape ho ka ’na ha hloka liphetoho tse itseng tsa botho. Empa mahlohonolo a tšolohela ho bao ba sebelisang keletso ea Mangolo, kahoo ba bontša moea o tšoanang le oa mopesaleme Davida, ea itseng: “Jehova, u mpontše tsela ea hao, u ntsamaise tseleng e lokileng.”—Pesaleme ea 27:11.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela