Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 1/1 maq. 15-23
  • Ho Paka ho Tsoala Keketseho ea ’Muso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Paka ho Tsoala Keketseho ea ’Muso
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Lipaki tsa Ka”
  • Ho Paka Bo-mang?
  • Bopaki bo Boholo ka 1984
  • Ho Hlohonolofatsoa ba Tšepahalang
  • Keketseho ea ’Muso!
  • Jehova oa ‘Ho Potlakisa’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Nyakallo Har’a Batho ba Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Le ka Mohla U se Lebale Hore U Paki!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Ea Lipaki Tsa Jehova-Tlaleho ea Buka ea Selemo ea 1998
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1998
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 1/1 maq. 15-23

Ho Paka ho Tsoala Keketseho ea ’Muso

“Jehova, . . . a boele a le atise hape hasekete ho feta kamoo le leng kateng, ’me a le hlohonolofatse, joale ka ha a le boleletse.”—DEUTERONOMA 1:11.

1, 2. (a) Jehova o ile a tšepisa Iseraele eng? (b) O ile a phethahatsa litšepiso tsa hae joang, empa ho itšetlehile ka eng?

HO ATISETSOA HASEKETE! Ke seo Moshe a ileng a se kōpela “sechaba se khethehileng” sa Jehova, Iseraele. Jehova o ne a tšepisitse sechaba seo lintho tse khōlō. (Exoda 19:5, 6; bona le Genese 12:2, 3.) Na o ile a phethahatsa litšepiso tseo?

2 Hoo e ka bang lilemo tse 500 hoba Moshe a bue mantsoe a kaholimo, ho ile ha tlalehoa hore: “Ba-Jode le ba-Iseraele ba ne ba le bangata, joale ka lehlabathe le lebopong la leoatle, ba e-ja, ba e-noa, ba nyakalla.” Mofumahali oa Sheba, a tsota Salomone a e-tsoa hōle ho tla bona bokhabane ba ’muso oo: “Bona, ha kea ka ka bolelloa le halofo; bohlale ba hao le letlotlo la hao li fetisa botumo boo ke bo utloileng. . . . Ha ho bokoe Jehova, Molimo oa hao, . . . ereka ha Jehova a rata Iseraele ka mehla.” (1 Marena 4:20; 10:7-9) Hafeela sechaba seo se ne se sebeletsa Jehova ka bokhabane e le lipaki tsa hae, ruri o ile a se atla le ho se eketsa.

3. (a) Petrose o pakile eng ka ‘sechaba sa Molimo se khethetsoeng lebitso la hae’? (b) Ke hobane’ng ha lebitso Lipaki tsa Jehova le loketse sechaba seo?

3 Nako e ka fetang lilemo tse sekete kamorao ho mehla ea Salomone, ha moapostola Pauluse a bea bopaki ka pel’a sehlopha se busang sa Bakreste Jerusalema, ‘a pheta kamoo Molimo o qalileng ho etela lichaba hore o ikhethele har’a tsona sechaba se khethetsoeng lebitso la oona.’ (Liketso 15:14) Baiseraele e ne e bile sechaba se bitsoang ka lebitso la Molimo. Empa joale, Molimo o ne o boetse o bokella ‘sechaba se bitsoang ka lebitso la oona’—phutheho ea Bokreste, Iseraele oa moea—eo le eona e neng e tla pakela Jehova, e tsebahatsa merero ea hae ea ’Muso. (Ba-Galata 6:16) Ka nepo, sechaba sena se hlokomeloa kajeno lefatšeng lohle ka lebitso leo Jehova ka boeena a le tumisang ho Esaia 43:10-12, ‘Lipaki tsa Jehova.’ Ho ameha eng ho beng sechaba se bitsoang ka lebitso la Jehova?

“Lipaki tsa Ka”

4. (a) Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li boetse li loketse ho ba ‘lipaki tsa Jesu’? (b) Ka Mangolo, Jesu o re sietse mohlala ofe ho pakela Jehova?

4 Ke Jesu ea romileng sechaba sena, a re: “Le tla ba lipaki tsa ka . . . ho isa pheletsong ea lefatše.” (Liketso 1:8) “Lipaki tsa ka”—na mantsoe aa a Jesu a bolela hore ho tla pakoa feela ka Jesu, e seng Jehova? Le hanyenyane! Ka nako eo ea bohlokoa, ha mohau oa Jehova o ne o tlosoa ho Iseraele ea tlhaho o neoa Iseraele ea moea, ho ne ho hlokahala hore ho fanoe ka bopaki bo qaqileng ka Kreste eo tokisetso ena e ncha e neng e hahuoa ho eena. Leha ho le joalo, kamehla Jesu o lula e le mofo oa Ntate oa hae. O re beetse mohlala ha a pakela lebitso la Jehova le ’Muso oa hae.—Johanne 5:30; 6:38; 17:6, 26; 18:37.

5. (a) Re tlameha ho paka ka litšobotsi life tse amanang le Jesu? (b) Ho see, re hata mehlaleng ea Jesu joang?

5 Jesu Kreste ke ’Muelli oa selekane se secha ’me Bakreste ba tlotsitsoeng ba leng ho sona ba biletsoa ho ba majalefa a ’Muso. Ke ‘Moemeli e Moholo oa bophelo’ eo Jehova a mo sebelisang ho lopolla batho lefung. Jesu o ‘tlameha ho busa e le morena’ ho fihlela lira tsohle tsa Molimo le motho li kokobetsoa ’me paradeise e khanyang e tsosolosoa lefatšeng lena. Ke “Mor’a Molimo” ea bitsang bafu mabitleng a bona tsohong. (Ba-Heberu 9:15; Liketso 3:15; Pesaleme ea 110:1, 2, 5; 1 Ba-Korinthe 15:25-28; Luka 23:42, 43; Johanne 5:25-29) Kahoo, re le Lipaki tsa Jehova, re boetse re paka mabapi le karolo e fetisisang ea Mora ho tumiseng lebitso la Jehova. Ho sena, re hatile moo Monghali oa rōna a hatileng, eena paki e ka sehloohong ea Jehova—“Paki e Tšepehang.”—Tšenolo 1:5; 3:14; Johanne 18:37; 1 Petrose 2:21.

Ho Paka Bo-mang?

6. (a) Ke bo-mang feela kajeno ba fanang ka bopaki ba ’Muso? (b) Ke hobane’ng ha ho ka thoe batho bana ba etsa ‘mesebetsi e fetisang’?

6 Kajeno, sechaba se kopaneng se paka “ho isa pheletsong ea lefatše.” Ke sechaba seo moapostola Petrose a buileng ka sona—‘sechaba se khethetsoeng lebitso la Molimo’—se paka ka Jehova le ’Muso oa hae ka Kreste Jesu. Ka sena, Jesu o itse ho barutuoa ba hae: “Ea lumelang ho ’na, mesebetsi eo ke e etsang, o tla e etsa le eena, o tla etsa le e fetisang ena, kahobane ke ea ho Ntate.” (Johanne 14:12) Morena Jesu Kreste, a le letsohong le letona la Ntat’ae maholimong, joale o tsamaisa bopaki bo boholo ho feta bohle bo kileng ba etsoa mona lefatšeng. Jesu o profetile hore ha “Evangeli ena ea ’muso” e boletsoe ‘lefatšeng lohle e tle e be bopaki ho lichaba tsohle ke hona bofelo bo tla hlaha.’—Mattheu 24:14.

7. (a) Ke hobane’ng ha mekha ea bokoenehi ea Bojakane e hlōleha ho paka? (b) Ha ho bapisoa, ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li cheseha hakaale tšebeletsong ea tsona?

7 “Evangeli ena ea ’muso” ke litaba tse thabisang ka ho fetisisa tse kileng tsa bolelloa batho. Ke Evangeli e khanyang eo mekha ea bolumeli ba bokoenehi ba Bojakane e khutsitseng ho hang ka eona. Ha e na tšepo ea ’Muso bakeng sa bokamoso. Hase feela e sitoang ho paka! E hlōlehile ho ela hloko ketsahalo e thabisang ka ho fetisisa historing eohle—ho fihla ha Mor’a motho ka khanya ea ’Muso ho lula teroneng ea hae e khanyang le ho ahlola lichaba le batho ba lefatše. Ntho ena ke e lokelang ho pakeloa hakaakang! Ka hona, tlas’a tataiso ea mangeloi, Lipaki tsa Jehova le Kreste oa hae hona joale li bolela “Evangeli ea ka mehla le mehla ho . . . ba ahileng lefatšeng, le lichaba tsohle le mefuta eohle, le lipuo tsohle, le merabe eohle.” Na u kopanela ka cheseho bopaking bona?—Tšenolo 14:6, 7; Mattheu 25:31-33.

Bopaki bo Boholo ka 1984

8. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho thabela Tlaleho ea Selemo sa Tšebeletso sa 1984? (b) Ke eng e hohelang barutuoa ba bacha?

8 Tlaleho ea Selemo sa Tšebeletso sa 1984 ea Lipaki tsa Jehova Lefatšeng Lohle, e hlahang maqepheng 18-21 a makasine ona, e bontša kamoo Molimo oa rōna, Jehova a hlohonolofatsang mosebetsi oa lipaki tsa hae tse ikokobelitseng. Kaofela, ho emeloa linaha tse 203. Ho tsena, linaha tse 172 li tlaleha keketseho ea bahoeletsi. ’Me ka thabo, baboleli bana ba ’Muso ba boetse ba bolela kamoo ‘Morena a ba atisitseng, a ba hōlisa hore ba ratane, le ho rata bohle.’ (1 Ba-Thessalonika 3:12) Bonngoe bo lerato har’a sechaba sa Jehova, hammoho le bopaki ba ’Muso, bo hohela matšoele a barutuoa ba bacha. Ho bana Jesu o re: “Le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.”—Johanne 8:31, 32.

9. (a) Mohlomong u bile le tokelo joang ka ho ba le kabelo tlalehong ee? (b) Lipalo li supa eng ka Jehova le sechaba sa hae?

9 Tlaleho ee ea tšebeletso e babatsehang e bokelletsoe joang? E entsoe ka litlaleho tse tsoang tšebeletsong ea tšimo eo uena—mohoeletsi ka mong oa ’Muso—u faneng ka eona ka bokhabane khoeli le khoeli. Na ha u thabele hore u bile le kabelo e nyenyane tlalehong ee e khōlō? Lipalo tsena li bontša kamoo ka ho babatsehang Jehova a ‘tšolletseng hlohonolofatso e fetisisang’ holim’a Lipaki tsa hae—‘sechaba sena se khethetsoeng lebitso la hae’—seo a se kopantseng ka tlamo ea tšebeletso e lerato lefatšeng lohle.—Malakia 3:10; Pesaleme ea 56:10, 11; Ba-Kolosse 3:14.

10. (a) Ke eng e hatisang hore lipaki li tlameha ho itela? (b) Mangolo a re’ng ka ba tšepahalang le moputso oa bona?

10 Bopaki bona bo boholo bo finyelletsoe tlas’a mahloriso kapa mathata le boiteko bo boholo. Hona ke ho ka lebelloang, hobane lentsoe “paki” joalokaha le sebelisitsoe mona le fetoletsoe ho tsoa mantsoeng a Segerike martýs kapa martyr ea Segerike, ’me mantsoeng ana ho hlahile lentsoe “martyr,” le bolelang ea pakang ka lefu la hae. Hona ho hatisa hore rōna, re le Lipaki tsa Jehova, re be ba itelang, kamehla re ikemiselitse ho itšebelisa le ho tšepahala tlas’a maemo ’ohle, haesita le ho isa lefung haeba ho hlokahala.—Luka 9:23; bapisa Jobo 2:3; 27:5; 31:6; Liketso 22:20; Tšenolo 2:10.

Ho Hlohonolofatsoa ba Tšepahalang

11, 12. (a) Jehova o re nea tiiso efe e matlafatsang? (b) Batho ba hae ba hlōtse likhatello tsa bompoli joang?

11 Linakong tsa mahloriso, ‘sechaba se khethetsoeng lebitso’ la Jehova se ’nile sa hloka “matla a tlolisang” e le hore se ka hlōla litlhaselo tse sehlōhō tsa Satane le makhotla a hae a bademona. Jehova o fana ka matla ao, ’me o lopolla le ho atla lipaki tse khabane tsa hae. (2 Ba-Korinthe 4:7-9; Esaia 54:17; Jeremia 1:19) Nka ka mohlala boemo mebusong ea Bohatelli ea Ntoa ea II ea Lefatše, e neng e etelletsoe pele ke Jeremane, Italy le Japane. Diabolose a sebelisa mebuso e hatellang ka sehlōhō ‘ho phutsalatsa nōka’ ea tlhoriso, ho qoelisa mosebetsi oa bopaki o tsamaisoang ke phutheho ea Molimo ea leholimo e kang mosali. Empa na Satane o ile a atleha ho see? Le hanyenyane! Jehova a tsamaisa liketsahalo e le hore lichaba tsa puso ea lentsoe la sechaba tsa lefatše li koenye nōka eo. ‘Ba babe ba khaoloa’ ’me lipaki tse tšepahalang tsa Jehova lia atleha linaheng tseo.—Tšenolo 12:15, 16; Pesaleme ea 37:28, 29.

12 Haufinyane, linaheng tseo tse tharo, Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa tlameha ho haha le ho hlomella lifeketheri tse kholoanyane e le hore o ka ntša nōka e fapaneng—Libibele le libuka tsa ’Muso tse amanang le eona tse limillione bakeng sa ho elisa Lipaki tsa Jehova le batho ba bang ba lapetseng ’nete. Jeremane, Italy le Japane kajeno, bahoeletsi ba fetang 300 000 ba ’Muso ba jere bopaki ho bo isa malapeng a batho. Tšimong eohle ea lefatše Jehova o hlohonolofatsa batho ba hae ba tšepahalang ka keketseho!—Bapisa Pesaleme ea 115:12-15.

13. (a) Ke eng Tlalehong ea Selemo e bontšang hore lipaki tse khabane li pheletse temana ea selemo ea 1984? (b) Hona ho lokela ho re susumetsa joang?

13 Leha ho le joalo, Diabolose, a tseba hore nako ea hae e khutšoaane, o tsoela pele ho loana le “ba bolokileng litaelo tsa Molimo, ba nang le bopaki ba Jesu Kreste.” (Tšenolo 12:12, 17) Khanyetso ea Satane e sehlōhō haholo linaheng tse thathamisitsoeng tlalehong ena e le “Linaha tse Ling tse 28.” Lipaki tse masimong ana ka bokhabane li pheletse temana ea rōna ea selemo ea 1984 “buang lentsoe la Molimo le sa tšabe letho.” (Ba-Filippi 1:14) Keketseho ea bona ea 3,1 lekholong ke e babatsehang. Re susumelitsoe ke mohlala oa bona, e se eka rōna bohle re ka tsoela pele ka cheseho ho nehela ‘Molimo sehlabelo sa poko, e leng tholoana ea melomo e bolelang lebitso la hae.’—Ba-Heberu 13:15.

14. (a) Ke eng e ka ’nang ea re hlahela ‘hore re bee bopaki’? (b) Re lokela ho tsoela pele re paka ka sebete ho sa tsotellehe maemo afe, hona hobane’ng?

14 Ha maemo a lefatše a ntse a senyeha ho ea pele, ha ho pelaelo hore ba bang ho rōna ba tla hlorisoa, ba huleloe makhotleng le ho kenngoa literonkong. Jesu o buile ka liphihlelo tse joalo har’a ‘tse tšoanetseng ho hlaha’ pele ho bofelo, ’me a eketsa: “Hoo ho tla le fihlela hore le bee bopaki.” Maemong ’ohle, he, Lipaki tsa Jehova li tlameha ho tsoela pele ho paka ka Molimo le Kreste. Ba bangata ba tsoela pele ho etsa sena ho sa tsotellehe khanyetso e bohloko ea lelapa, litšomo tsa basebetsi ’moho kapa methaka sekolong, le lithohako tse tlisoang ka bongata tšimong eo ba bolelang ho eona. Na u paka ka sebete ho sa tsotellehe maemo a lekang? Joale u e mong oa bao Jesu a reng ka bona: “Le tla boloka meea ea lōna ka sebete sa Iōna.”—Luka 21:7, 9-19.

Keketseho ea ’Muso!

15. Lintlha tse ling tse fetisisang chateng e leqepheng lena ke life?

15 “Keketseho ea ’Muso”—ke sehlooho se loketseng hakaakang bakeng sa likopano tsa rōna tsa setereke tsa lehlabuleng la 1984! Hobane sena ruri e bile selemo sa rōna se molemohali sa keketseho. Ak’u shebe feela chate e leqepheng lena! E bokelletsoe ka litlaleho tse tsoang makaleng a 95 a Mokhatlo oa Watch Tower a hlokometseng linaha tse 203.

16. Bolela lipolelo tse ling tsa thabo tse tsoang lefatšeng lohle.

16 Sebaka ha se re lumelle ho hatisa lipolelo tsohle tse ngotsoeng tsa thabo tseo re li fumaneng li e-tsoa liofising tseo tsa makala tse tiileng le litlaleho tsa tsona tsa selemo, empa mehlala e meng ke ena e tsoang lefatšeng lohle.

Alaska: Motse kaofela oa Metlakatla oa tla ho tla bona ha Lipaki tsa Jehova tse 230 li haha Holo ea ’Muso ka lihora tse 32; ea neheloa ka Sontaha mafelong a beke eona eo.

Honduras: Bahoeletsi ba 3 663 ebile tlhoro e phahametseng tsohle tseo re kileng ra ba le tsona; Sehopotsong ha e-ba le ba 17 005, mosebetsi o sa le mongata.

Brazil: Litlhoro tse ncha li felletse ka bahoeletsi ba 160 927, ka batho ba 474 450 ba e-ba teng Sehopotsong.

Thailand: Moea oa bopula-maliboho o-oa phela, ba 22 lekholong ba bile tšebeletsong ena ka ’Mesa.

Papua New Guinea: Tlhoro ea bo-pula-maliboho ba thusang e eketsehile ka 91 lekholong; ba bileng teng Sehopotsong ba eketseha ho tloha ho ba fetang 1 000—ho ea ho 7 704.

Austria: Moea oa bopula-maliboho o-oa phahama, ’me re bile le litlhoro tse latellanang tse hlano lehlakoreng leo; re bile le litlhoro tsa bahoeletsi tse supileng, ea morao-rao e le 15 618.

Zambia: Re finyelletse tlhoro e kholohali ea bahoeletsi ba 58 925: Ba bileng teng Sehopotsong ba bile 393 431—ba 110 447 ho feta selemong se fetileng.

17. (a) Lehlakore la bopula-maliboho le ata joang? (b) Ke lipakane life tse sebetsang, tse khothalletsoang, hona bakeng sa bo-mang? (c) Tlhoro e ncha ea bahoeletsi ke efe, ’me mohlomong ke eng e tlatselitseng ho eona?

17 Litlaleho li bontša hore baromuoa ba khabane le bo-pula-maliboho ba tsoela pele ho etella pele ho jara bopaki ho bo isa masimong a macha le a khale. Ruri hoa khothatsa ho bona keketseho ea bo-pula-maliboho. Palo-kholo ea bo-pula-maliboho ba thusang ba tlalehang ka ’Mesa e eketsehile ho fihla tlhorong e khōlōhali ea 323 644 ’me ea e-ba keketseho ea 49 lekholong. Ba bangata ho bona ba bone tokelo ea bona ea ho tsoela pele ho kenela bopula-maliboho ba kamehla. Ho feta moo, bahoeletsi ba rōna ba bangata ba bacha ba ’Muso ba entse tšebeletso ea bopula-maliboho pakane ea bona ’me ba etsa litokisetso tse isang moo lilemong tse qetellang ha ba le likolong tse phahameng. Phello e akaretsang e bile keketseho e babatsehang ea bo-pula-maliboho. Hona ho thusitse le ho haha moea oa cheseho ka liphuthehong tsa rōna, hoo ntle le pelaelo ho tlatsetsa tlhorong e ncha ea lefatše ka bophara ea bahoeletsi ba 2 842 531, keketseho ea 7,2 lekholong ho feta tlhoro ea 1983. Na ha u nyakalle hore u bile le karolo keketsehong ee e hōlang?

18. (a) Ke likeketseho life hape tse khōlō tse neng li le teng ka 1984? (b) Tlaleho ea Sehopotso e bontša tšepo efe bakeng sa keketseho, hona babali ba rōna ba ka arabela joang?

18 Bopaki bo thabisang bo fanoeng ka 1984 bo boetse bo bontšoa keketsehong ea limakasine le libukeng tse ling tse tsamaisitsoeng, palo e fetang tsohle ea lihora tsa tšebeletso ea tšimo tse tlalehiloeng, keketseho e fetisisang maetong a ho boela ho batho ba thahasellang le lithutong tsa mahae tsa Bibele tse tsamaisoang le bona. Re lebelletse hakaakang litholoana tse eketsehileng tse tsoang tšebeletsong ena e chesehang! ’Me ho na le tšepo e khōlō bakeng sa pokello e khōloanyane! Hona ho bontšoa ke bongata bo tsotehang bo bileng teng Sejong sa Morena sa Mantsiboea ka la 15 ’Mesa ngoahola. Liphuthehong tsa Lipaki tsa Jehova lefatšeng lohle, ho bile teng palo-khōlō ea ba 7 416 974, bao ho bona ba 9 081 ba bontšitseng hore ke ba “mohlatsoana” oa Morena ka ho ja bohobe le veine. E se eka babali bohle ba rōna ba ka tsoela pele ho hōla moeeng, e le hore ba ka ba le sebaka sa ho kopanela bopaking bo boholo le kotulong tse tlang.—Bapisa Ba-Efese 4:15; Ba-Filippi 1:9-11.

19. Re ka leboha Jehova bakeng sa eng, ’me thapelo ea rōna bakeng sa nako e tlang ke efe?

19 Ka sebele, re ka ’na ra pheta mantsoe a Moshe ha a re ka Lipaki tsa Jehova, ‘sechaba se khethetsoeng lebitso la hae’ kajeno: “Jehova, Molimo oa lōna, o le atisitse, ’me ke mona kajeno le le ka ka linaleli tsa leholimo ka bongata.” (Deuteronoma 1:10) Ke thapelo ea rōna hore Morena ’Musi oa rōna, Jehova, o tla tsoela pele ho atlisa bopaki ba ’Muso le ho atisa keketseho!

U Ka Re’ng?

◻ Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova hape li lokela ho ba ‘lipaki tsa Jesu’

◻ Ke bopaki bofe bo boholo bo ileng ba fanoa ka 1984?

◻ Ke eng e bontšang hore Jehova o hlohonolofatsa lipaki tse khabane?

◻ Tlaleho ea 1984 e lokela ho re susumetsa ka tsela efe?

[Lebokose le leqepheng la 23]

‘Ba Thabile, ba Nyakaletse, baa Leboha’

Naheng eo mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o seetsoeng moeli ka lilemo tse fetang 40, ho hlaha tlaleho ena: “Thabo e fetisisang eo re bileng le eona ke keketseho mosebetsing oa ho bolela le ho ruta tšimong. Ba bangata ba sebelelitse e le bo-pula-maliboho ba thusang. E mong oa bona o hlalositse boikutlo ba hae ka mantsoe ana: ‘Ke tletse thabo, nyakallo le boitumelo, ebile e le ka ho khotsofala ho tebileng.’ Pula-maliboho e mong ea thusang a re: ‘Ke thabile haholo hore e be ke etsa ho hong ho khahlisang Jehova. Ke qalisitse lithuto tsa Bibele tsa mahae tse hlano.’ E mong a phaella: ‘Ke leboha Jehova ea nthusitseng ho hlaolela lerato le hlokahalang ho thusa batho ba bang.’ Phuthehong e ’ngoe ea bahoeletsi ba 61 ba 38 ba sebelelitse e le bo-pula-maliboho ba thusang ka khoeli e le ’ngoe. Ka lebaka leo, lithuto tse ncha tsa Bibele tse 66 tsa qaleha.”

[Chate e leqepheng la 18-21]

TLALEHO EA SELEMO SA TŠEBELETSO SA 1984 EA LIPAKI TSA JEHOVA LEFATŠENG LOHLE

(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)

[Chate e leqepheng la 22]

Papiso ea Tlaleho ea Lefatše

1984 1983 Keketseho

Makala a Watch Tower 95 94

Linaha tse Tlalehang 203 205

Tlhoro ea Bahoeletsi 2 842 531 2 652 323 7.2%

Karolelano ea Bahoeletsi 2 680 274 2 501 722 7.1%

Karolelano ea Bo-pula-maliboho 258 936 206 098 25.6%

Bo-pul. Thus. (’Mesa) 323 644 217 860 48.6%

Palo-khōlō ea Lihora Tšimong 505 588 037 436 720 991 15.8%

Libuka tse 36 639 925 36 039 400 1.7%

Lipeeletso tse Tsoileng 1 812 221 1 756 153 3.2%

Limakasine tse Tsoileng 287 358 064 258 698 636 11.1%

Maeto a ho Boela 195 819 093 174 687 309 12.1

Kar. Lith. tsa Bi. 2 047 113 1 797 112 13.9%

Ba Bileng Sehop. 7 416 974 6 767 707 9.6%

Ba Jeleng Sehop. 9 081 9 292

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela