Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 11/1 maq. 27-30
  • Na ka Linako tse Ling Meharo e-ea U Tšoara?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ka Linako tse Ling Meharo e-ea U Tšoara?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Meharo Kopanong ea Likobo le Liphello tsa Eona
  • Meharo ea Chelete le Liphello tsa Eona
  • Re ka Thibela Meharo Joang kapa ho e Hlōla?
  • Atleha ho Qoba Leraba la Meharo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • U ’Ne U Qobe Leraba la Meharo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Nahana ka Lefatše le se Nang Meharo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • “Mehla ea Meharo”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 11/1 maq. 27-30

Na ka Linako tse Ling Meharo e-ea U Tšoara?

NA U kile ua fihla ’mokeng oa boithabiso moo ho nang le lijo tse ngata tse hlabosang le joala bo bongata ’me ua ikutloa u ekeha hore u je haholo le ho noa haholo? Ba bangata ba tla lumela hore ka linako tse ling meharo e ee e ba tšoare. Na u ka e hanela kamehla? Kapa na ka linako tse ling e-ea u hlōla, e etsa hore u jeoe ke hlooho kapa u kule? Liphello tse ling tsa meharo ke life? Re ka hlōla sefi seo se patehileng joang? Taba ena e bohlokoa haholo, kahobane Bibele e bolela hore ha ho ‘motho ea meharo ea tlang ho rua lefa la ’Muso oa Molimo.’—1 Ba-Korinthe 6:10.

Meharo e hlalosoa e le takatso e feteletseng ea seo motho a se hlokang kapa se mo tšoanelang. E ka iponahatsa ka mefuta e mengata: ho rata chelete, ho rata bolaoli kapa botumo, ho nyofa, ho noa, ho kopanela likobo, matlotlo a bonahalang. Meharo ke sesosa sa limpe tse re khathatsang kajeno. Ke ka lebaka la’ng ha boitšoaro bo litšila le tlōlo ea molao ea mefuta eohle li eketseha? Ke ka lebaka la’ng ha batho ba limillione ba e-ja haholo ’me ba bang ba limillione ba robala ka limpa tse batang? Ke ka lebaka la’ng ha chelete e ngata e senngoa lipapaling tsa chelete le tsa lehlohonolo? Ke eng se susumelletsang bolotsana tšebelisong ea chelete e kathoko le ea sechaba, bolotsana khoebong, le bolotsana ba basebetsi ba sechaba? Ke eng se susumelletsang lintoa tse fellang ka tšenyo le matšoenyeho? Ke meharo.

Meharo Kopanong ea Likobo le Liphello tsa Eona

Meharo e ka senya bophelo ba motho. Ka mohlala, monna ea nyetseng ea nang le lelapa le letle o ne a le meharo e mebe bakeng sa ho kopanela likobo. Ka letsatsi le leng, a tahuoe, a sala banana ba babeli morao, a batla ho ba eka hore a robale le bona. Empa ntate le mong ka banana bao ba hlaha ’me ba otla monna eo. A isoa sepetlele a thubehile lehata, a robehile lesapo la mohlahare, ’me leihlo la hae le senyehile. Morali oa hae a soaba haholo hoo a ileng a leka ho ipolaea. Lelapa la hae la tšoha ’me la sala le lihlong. Meharo ea ho kopanela likobo e mo lefisitse habohloko hakaakang!

Phihlelo ea Morena Davida oa Iseraele e tiisa ntlha ena. Davida o ne a se a e-na le basali ba bangata. Empa ka letsatsi le leng ha a le tlung e ka holimo a bona mosali e motle Bathe-Sheba a tola. Ho e-na le hore kapele a tlose maikutlo a hae ho eena, a lumella takatso e litšila ea ho batla ho robala le eena hore e hōle pelong ea hae. Eaba o etsa bohlola le eena ha Uria monnna oa hae a ne a le lebothong la Davida.

Ha Bathe-Sheba a ithoala, Davida a leka ho pata bohlola ba hae ka hore Uria a kene tlung ea hae le ho mosali oa hae. Leha ho le joalo, ha leqheka leo le hlōleha, ’me a tobane le taba e bohloko ea hore Bathe-Sheba o ne a tla tlepetsoa ka majoe ka baka la bohlola, a khetha hore Uria a behoe moleng oo ntoa e neng e chesa ho oona hore a shoe. Empa ha ho letho le patehileng ho Jehova. A romela moprofeta Nathane ho ea khalemela Davida ka tlōlo ea hae e mpe ka ho fetisa—ea bohlola le ho bolaea monna oa mosali eo. Davida a soaba haholo ’me ka boikokobetso a amohela khalemelo eo. Leha ho le joalo a lefa ha boima. Letsibolo la hae le Bathe-Sheba la e-shoa e sa le lesea, ’me hamorao lelapa la hae la oeloa ke litsietsi.—2 Samuele 11:1–12:23; khaolo 13.

Mohlala ona o eletsang oa ho inehela molekong o bontša letoto la liketsahalo tse isang sebeng kamoo le hlalositsoeng kateng Bibeleng: “Empa motho e mong le e mong o ee a lekoe ke ho hoheloa le ke ho chachehisoa ke takatso eo e leng ea hae. ’Me takatso hoba e emare, e tsoala sebe, ’me sebe ha se phethehile, se tsoala lefu.” (Jakobo 1:14, 15) Phoso ea Davida ebile hore a lumelle lipeō tsa takatso e meharo ea ho kopanela likobo hore li mele pelong ea hae le ho hōla. Hang feela ha takatso ea sebe e tsositsoe, a lumella tšusumetso e meharo ea ho kopanela likobo ho mo kenya boitšoarong bo litšila.

Josefa ea neng a le Egepeta a etsa ho fapaneng hakaakang ha mosali oa Potifaro a batla ho robala le eena! Josefa a itšoara joang molekong oo? Tlaleho e re: “Leha a na a bua le Josefa ka matsatsi le matsatsi, ha a ka a mo lumela hore a robale le eena, leha e le ho ba le eena.” Le hoja Melao e Leshome e tataisang boitšoaro e ne e-s’o ka e fanoa, a arabela kōpo e phehellang ea ha mosali eo tjena: “Nka etsa joang bobe bo boholo hakalo, ka siteloa Molimo na?” Ka letsatsi le leng a mo tšoara ka likobo, ’me a re, “Robala le ’na!” Na Josefa o ile a lula moo ’me a leka ho fana ka mabaka? “A baleha, a tsoela ntle.” Ha a ka a neha lipeō tsa meharo le boitšoaro bo litšila monyetla oa hore li mele ka pelong ea hae. A baleha.—Genese 39:7-16.

Ha ho Mokreste ea tšepahalang ea ka hlang a rera tsela ea bophelo e bonahatsang meharo ea ho kopanela likobo. Davida o ne a sa rera sebe seo a se entseng. Ka hona mohlala oa hae o lokela ho re susumelletsa ho matlafatsa boikemisetso ba rōna ba ho hanela meharo litabeng tsa boitšoaro bo litšila ba ka likobong. Rōna—e bang re masoha kapa re lenyalong, re bacha kapa re baholo—re lokela ho ikemisetsa ho hanela meleko hang feela ha e hōla.—Ba-Roma 13:13, 14.

Meharo ea Chelete le Liphello tsa Eona

Mohlala o mobe oa motho ea meharo e bile oa moeki ea mobe haholo paleng ea motho—Judase Iskariota. Ha a ne a khethoa ke Jesu hore e be e mong oa baapostola, e tlameha e be o ne a tšepahala ho fihlela nakong eo ’me o ne a se meharo. Ha e le hantle, Jesu o ne a mo tšepile hoo a neng a mo entse ’moloki ea tšepahalang oa matlotlo. Empa hamorao Judase a qala ho utsoa chelete. “E ne e le lesholu; ke eena ea neng a na le mokotlana oa lichelete, ’me o na a inkela se kenngoang teng.”—Johanne 12:6.

Ho pepeneneng hore Judase o ile a fetoha lesholu, motho ea meharo. Ha Paseka ea 33 C.E. e atamela, Judase ea neng a se a khalemetsoe ke Jesu, a lumellana le baprista ba babolai hore a eke Morena ka likotoana tse 30 tsa silevera. Hamorao, Judase ha a hlokomela botebo ba ketso ea hae a ipolaea. Matsoho a sehlōhō a meharo a tšoara motho e mong hape.—Luka 22:3; Mattheu 26:14-16.

Liphello tse mpe tsa meharo li ngata haholo. Batho ba bangata ba phelelang tsela ea meharo ka ho batla chelete e ngata ba e sebelisa bophelong bo mabotho-botho. Ba hana ho ja lijo tse bonolo ’me ba rata haholo lijo tse monate tse thuiloeng haholo. Empa leha ho le joalo ho ja haholo lijo tse mafura tseo barui ba khonang ho li reka ho hlahisetsa batho bothata ba mala kapa lefu la kapele. Ngaka e ’ngoe itse: “’Nete e bohloko e hlokometsoeng ke batho ba tšireletso ea bophelo ke hore motho e moholo ea jang haholo le ea nang le ’mele o motenya a ke ke a phela halelele.”

Taba e tebileng ka ho fetisisa ho Mokreste ke kotsi ea moea e susumetsoang ke meharo. Lerato la chelete le entse hore basali ba bang ba Bakreste, bao banna ba bona ba fumanang moputso o motle, ba batle mosebetsi esita le haeba ho etsa joalo ho bolela ho tlohela bana ba bona ba le bang le mahlohonolo a mang a mosebetsi oa boboleli. Meharo entse hore bacha ba Bakreste ba inehele mesebetsing e lefang hantle ’me ba hlokomolohe ho nahana ka ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng. Ho hlokomela nama, ho sa tsotellehe hore na ke ka meharo ea kopano ea ka likobong e litšila kapa ea chelete (le boithabiso le matlotlo a ka rekoang ka chelete) ho ka isa libeng tse tebileng le tahlehelong ea bophelo bo sa feleng. “Hobane thato ea nama ke lefu . . . hobane ha le phela ka thato ea nama, le tla shoa.”—Ba-Roma 8:6, 13.

Re ka Thibela Meharo Joang kapa ho e Hlōla?

Hang feela ha meharo e tšoere motho, ho thata ho itokolla. Ka hona ho thibela meharo ho molemo ho feta ho e lokisa. Batsoali ba lokela ho qoba litšekamelo tsa meharo pele ’me e be ba thusa bana ba bona ho li qoba. Bana ba bangata ba sekamela ho ba le meharo. Pale e bolela hore ka letsatsi le leng Abraham Lincoln o ne a iphokisa moea le bashanyana ba babeli, empa ba ne ba Ila. Moahisani a botsa: “Bashanyana ba llela’ng?” Lincoln a araba: “Lefatše le senyehile. Ke na le matokomane a mararo, ’me ka mong oa bona o batla a mabeli.”

Batsoali ba lokela “ho ruta” bashanyana le baralinyana ba bona hore ba hloke boithati le ho nahanela ba bang ’me ba etse joalo ka lerato le ka mokhoa o tšoanang. (Liproverbia 22:6) Ho etsa joalo ho tla ba thusa haholo bocheng ba bona ha litakatso tsa botona le botšehali le litakatso tse ling tsa boithati li ba matla. Mehleng ena bacha ba hlasetsoe ke tšusumetso e matla ea ho batla ho kopanela likobo. Leha ho le joalo, Bibele e re: “Empa ha e le bofebe, le litšila tsohle, le takatso ea moruo, ho se ke ha boleloa le mabitso a tsona har’a lōna, kamoo ho tšoanelang bahalaleli; leha e le taba e lihlong, leha e le ea booatla, leha e le ea mesoaso e mebe, e leng taba tse sa tšoanelang . . . hobane lea tseba hore mofebi, leha a le mong, le ea litšila, le ea ratang leruo, e leng motho ea sebeletsang melimo ea bohata, ha ba na kabelo ’musong oa Molimo.”—Ba-Efese 5:3-5.

Hlokomela hore “motho ea meharo” ke “motho ea sebeletsang melimo ea bohata.” Joang? Batho ba amehileng ka ho thabisa feela takatso ea bona ea ho kopanela likobo, ba ratang chelete (ka ho utsoa, bolotsana, le ho becha) ba nyofang kapa ba noang ka ho fetisisa, kapa ba amehileng ka ho batla borena le ka botumo, ba fetohile makhoba a litakatso tseo ’me ba li entse melimo ea bona e rapeloang. Taba ea sehlooho bophelong ba bona ke ho khotsofatsa takatso ea bona ea meharo. Bakreste ba etsang lintho tseo ka tsela ea borapeli, ho ea ka hlaloso ea Bibele, ke “batho ba meharo,” ’me ba ka lelekoa ka phuthehong. Ba beile borapeli ba “melimo” kapele ho borapeli ba Jehova, “Molimo o boulelang.”—Exoda 20:3-6, 17.

Ho mamela haholo sea-le-moea le mananeo a TV kapa libuka kapa limakasine tse tsosang takatso ea meharo ho kotsi haholo ho Bakreste—ba bacha le ba baholo. Hopola hore Davida o ile a hlōleha ho faposa mahlo a hae ho Bathe-Sheba ea neng a tola, ’me a tšoaseha takatsong e mpe ea meharo. Na u tima TV kapa u tsoa holong ea baesekopo ha ho bontšoa boitšoaro bo litšila?

Ho sa tsotelle sebe seo sa Davida, o ne a rata Jehova haholo. Hoo ha mo thusa hore a hlaphoheloe sebeng sa hae. Ka ho tšoanang, monna eo e neng e le nako e telele e le Mokreste Afrika o ile a hlaphoheloa sebeng se tebileng sa meharo ea chelete. Ka baka la mathata a iphumana a le likolotong. Kaha o ne a ikarabella ka lichelete femeng eo a neng a e sebeletsa, a kena molekong oa hore a “ikalime” e ’ngoe ntle ho tumello. A lumella “peō” ea meharo ho hōla, ’me ka bolotsana a nka chelete e ngata. Ha benghali ba hae ba qala ho batlisisa ka taba ena, a tšoha haholo hoo a ileng a baleha naheng, a siea mofumahali le bana. Empa letsoalo la hae la mo loma, a elelloa hore o entse phoso e khōlō. A khutlela hae ’me a khutlisa chelete eohle eo a e nkileng. A nyatsoa ke baholo ba Bakreste ’me hona joale o etsa tsoelopele e babatsehang.

Ke’ng se mo thusitseng ho hlaphoheloa sebeng seo? Ebile thapelo le ho bala Bibele. A fumana hore lipolelo tse ngata tsa Lipesaleme tsa Davida li ama pelo ea hae, ’me tsa mo thusa hore a rapele ka botšepehi le ka tsela e utloahalang. Mehlala e se mekae ea Lipesaleme tseo ke ena: “Oho, Molimo, nkhauhele ka lereko la hao; ka mehauhelo e meholo ea hao u hlakole litlōlo tsa ka! Oho Molimo, u bōpe ka hare ho ’na pelo e hloekileng, u boele u lokise ka hare ho ’na moea o tiileng.” “Hape, u boloke mohlanka oa hao ho baikakasi, ba se ke ba rena holim’a ka.”—Lipesaleme 51:1, 10; 19:13.

Haeba u batla ho qoba kapa ho hlōla meharo, ‘atamela Molimo, ’me o tla u atamela.’ (Jakobo 4:8) Ha pelo ea Mokreste e tletse ka lerato bakeng sa Jehova, bakeng sa baena ba Bakreste, le bakeng sa batho ba bangata ba hlokang thuso mehleng ena e tletseng likhathatso, ka hona “peō” e mpe ea meharo e ke ke ea fumana sebaka sa ho mela. Ho feta moo, moea o halalelang ke ’molai ea atlehileng oa meharo! Ka hona lumella matla ao ho kena pelong ea hao, a hloekise litakatso tsohle tse litšila, ’me a e tlatse ka takatso e matla ea ho sebeletsa Jehova. Ka hona tšusumetso e litšila ea meharo e ke ke ea u tšoara.

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Judase Iskariota a tšoaroa ke meharo

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

‘’Nete e bohloko ea bahlokomeli ba tšireletso ea bophelo ke hore motho ea jang haholo le ea nang le ’mele o motenya a ke ke a phela halelele’

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela