Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 4/15 maq. 15-20
  • Amohela Thuso ea Molimo ho Hlōla Liphoso tsa Sephiri

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Amohela Thuso ea Molimo ho Hlōla Liphoso tsa Sephiri
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Phoso e Ipatileng e Amang Takatso ea Botona le Botšehali
  • Ho Hlōla Phoso Ena ea Lekunutung
  • Ho Loantša Tšebeliso e Mpe ea Joala
  • Jehova o Putsa Seo re se Etsang Lekunutung
  • Nka Etsa’ng ho Hlōla Tloaelo ea ho Ipholla Litho Tsa Botona Kapa Botšehali?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Ho Pholla Litho Tsa Botona Kapa Botšehali ho Tebile Hakae?
    Tsoha!—1987
  • Tataisoa ke Melao-motheo ea Molimo ka ho Noa Joala
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
  • E-ba le Pono e Loketseng ka Tšebeliso ea Lino Tse Tahang
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 4/15 maq. 15-20

Amohela Thuso ea Molimo ho Hlōla Liphoso tsa Sephiri

“Nka etsa tsohle ka Kreste ea mphang matla.”—BA-FILIPPI 4:13.

1. Ke kōpo efe e entsoeng ke Ntate e mong ea amehileng?

MOSHANYANA o ne a jeoa ke sethoathoa.a A ntša makoeba, a finahana methapo, ’me ka linako tse ling o ne a oela metsing kapa mollong. Ntate oa hae ea tšoenyehileng a batla monna ea tsebahalang ka hore o phekola ba kulang. Ha ntate oa moshanyana a bonahala a belaela matla a monna eo a ho phekola, a hoeletsa: “Kea lumela, Morena! Nthuse ho se lumeleng ha ka!”

2. Re ka tiisa joang hore Molimo o rata ho re thusa ho hlōla liphoso?

2 Re ka ithuta ntho e ’ngoe ho ntate enoa ea ileng a batla thuso ea Jesu. Monna eo a lumela hore e ka ’na ea ba tumelo ea hae e phoso; o ne a boetse a kholisehile hore Jesu o batla ho mo thusa. Ho ka ba joalo le ka rōna, ha re tobana le liphoso tsa rōna—esita le tsa sephiring—’me re sebeletsa ho li hlōla. Re ka tšepa hore Jehova Molimo o batla ho re thusa, joalokaha a thusitse ba bang nakong e fetileng. (Bapisa Mareka 1:40-42.) Ka mohlala, eena o thusitse moapostola Pauluse hore a sebetsane ka katleho le liphoso tse bakoang ke ho ba le lintho tse ngata kapa ho hloka. Motho ea futsanehileng a ka ’na a laba-labela maruo; ho hlōleha ha motho ea ruileng e ka ’na ea e-ba ka ho ikhotsofatsa ha hae ka katleho eo a nang le eona le ho khella ba hlokang tlase. (Jobo 31:24, 25, 28) Pauluse o ile a hlōla kapa a qoba liphoso tse joalo joang? o re: “Nka etsa tsohle ka Kreste ea mphang matla.”—Ba-Filippi 4:11-13.

3. Ke hobane’ng ha e le bohlale ho rōna ho leka ho hlōla bofokoli ba rōna?

3 Ka ho fumana matla a Molimo, re bohlale ha re sebeletsa ho hlōla liphoso tsa rōna, re sa li hlokomolohe hobane nakong ea hajoale e le sephiri. Mopesaleme o itse ka Jehova: “O tseba makunutu a lipelo.” (Pesaleme ea 44:21) Haeba re sa hlōle liphoso tsa rōna, li ka ’na tsa hlahella pōoaneng ’me tsa e-ba kotsi e khōlō ho uena. Molao motheo o-oa sebetsa: “Libe tsa batho ba bang li pepeneneng, li ba etella pele kahlolong; athe tsa ba bang li hlahela hamorao.” (1 Timothea 5:24, Phetolelo e Ncha ea Sesotho) A re keng re hlahlobe liphoso tse peli tse tloaelehileng tse hlokang hore Bakreste ba batlang ho khahlisa Jehova ba li ele hloko.

Phoso e Ipatileng e Amang Takatso ea Botona le Botšehali

4, 5. (a) Bibele e bea pono efe e leka-lekaneng ka takatso ea botona le botšehali? (b) Re fumana litemoso life ka Mangolong mabapi le takatso ea botona le botšehali?

4 E ’ngoe ea limpho tse ntlehali tsa Molimo ke lenyalo, hammoho le matla le takatso ea ho ikatisa. (Genese 1:28) Takatso ea botona le botšehali e bontšoang likamanong tsa lenyalo ke tlhaho ’me e hloekile. Bibele e lumella motho ho fumana thabo likamanong tsa botona le botšehali le molekane oa hae. (Liproverbia 5:15-19) Leha ho le joalo, takatso ea botona le botšehali e ke ke ea tsoela pele e sa laoloe. Ha re bapisa, nahana ka takatso ea rōna ea lijo. Hore re na le takatso ea lijo e tlang joalo-joalo ha ho bolele hore re tlameha ho hōlisa takatso e sa kholoeng ea lijo, kapa hore ha re hloke taolo ea hore na re ja neng, hokae, le hore na re ja joang.—Liproverbia 25:16, 27.

5 Ho ka etsahala hore ka nako e ’ngoe Pauluse o ne a nyetse, ’me o ne a tseba hore likamano tsa botona le botšehali pakeng tsa balekane ke tse loketseng. (1 Ba-Korinthe 7:1-5) Kahoo e tlameha e be o ne a bua ka ho hong ha a ne a ngola: “Le bolaee ke hona litho tsa Iona tse le lefatšeng, ke hore, bofebe, le litšila, le maikutlo a mabe, le litakatso tse mpe, le takatso ea moruo.” (Ba-Kolosse 3:5) E tlameha e be o ne a bolela likamano tsa botona le botšehali tse ka ’nģ’ane ho tokisetso e nepahetseng le mekhoa. Moapostola o boetse a re: “E mong le e mong ho lōna a tsebe ho bolokela pitsa ea hae khalalelong le hlonephong, e seng litakatsong tse mpe.” (1 Ba-Thessalonika 4:4, 5) Keletso ena e sa pateng letho, e bululetsoeng e na le molemo ho Bakreste ba lenyalong le ba masoha.

6. Ke hobane’ng ha ka nepo Bakreste ba qoba ho pholla litho tsa botona le botšehali ho li khotsofatsa?

6 Tsela e ’ngoe eo ‘takatso e joalo e fetelletseng ea ho lakatsa nama’ (1 Ba-Thessalonika 4:5, The New Testament for English Readers ea Henry Alford) e atisang ho bontšoa ka eona ke ka hore motho a itsosetse litho tsa hae tsa botona kapa tsa botšehali ka baka la monate o amehang. Hona ho bitsoa ho pholla litho tsa botona le botšehali ho li khotsofatsa. Ho tloaelehile haholo har’a masoha. Empa ho boetse ho etsoa ke batho ba bangata ba lenyalong. Ho tloaeleha ha hona ho entse hore lingaka tse ngata li bolele hore ho lokile ebile ho molemo. Leha ho le joalo, tloaelo ena e hanana le keletso ea Molimo khahlanong le ‘takatso e mpe ea botona le botšehali.’ Re ka ananela lebaka haholo, le hore na ke hobane’ng ha Bakreste ba lokela ho hlōla tloaelo ena, ka ho nahana ka likeletso tse ling tseo Jesu a neng a fane ka tsona.

7. Mattheu 5:28 e fana ka lebaka le phaellang ho tela ho pholla litho tsa botona kapa botšehali joang?

7 Jesu o itse: “Motho, leha e ka ba mang le mang, ea talimang mosali, ho mo lakatsa, o se a mo febile pelong ea hae.” (Matttheu 5:28) O ne a tseba hore menahano ea takatso ea bofebe hangata ke lilelekela tsa liketso tse litšila. Empa le bona ba sebeletsang ho pholla litho tsa botona le botšehali baa lumela hore kamehla ho amana le mehopolo e monate ea likamano tsa botona le botšehali. Hoba buka Talking With Your Teenager e bue ka ‘ho lemoha ha bacha monate o ka tlisoang ke ho ipholla litho tsa botona le botšehali,’ e-ea phaella: “Ba ka ’na ba inahana ba le maemong a hlaha a likamano tsa botona le botšehali kapa ba e-na le balekane ba batona kapa ba batšehali joaloka bona kapa le batho ba baholo ba kang matichere, beng ka bona, haesita le [batsoali] ba bona. Ba ka ’na ba e-ba le mehopolo ka pefo ea likamano tsa botona le botšehali. Lintho tsena kaofela ke tlhaho ka ho feletseng.” Empa na ho joalo? Ho ka tla joang hore Bakreste ba nahane hore ke “tlhaho” ho ba le mehopolo e joalo e hlaha le ho ipholla litho tsa botona le botšehali leseling la temoso ea Jesu ka ‘ho feba pelong’ kapa keletso ea Pauluse ka ‘takatso e mpe ea botona le botšehali’? Che, mehopolo e joalo e hlaha le ho ipholla litho tsa botona le botšehali ho li khotsofatsa—ho sa tsotellehe hore na ho etsoa ke mocha kapa motho e moholo, motho oa lesoha kapa ea lenyalong—e lokela ho hlōloa.

Ho Hlōla Phoso Ena ea Lekunutung

8, 9. Ke ho ananela lintlha life ho ka thusang motho ho hlōla tloaelo ea ho ipholla litho tsa botona kapa botšehali ho li khotsofatsa?

8 Haeba Mokreste a bile le phoso ena ea sephiring a ka etsa joang hore a e hlōle, “ho bolokela pitsa ea hae khalalelong le hlonephong”? (1 Ba-Thessalonika 4:4) Molimo o fana ka thuso ea bohlokoa ka Lentsoe la oona.

9 Pele ke habohlokoa ho hlokomela hore Jehova o na le litekanyetso. O hlakisa phoso ea likamano tsa botona le botšehali ntle ho lenyalo, bohlola le bofebe. (Ba-Heberu 13:4) Ka hona, haeba re lumela hore litsela tsa hae ke tse molemo, re tla batla moputso o khotsofatsang oa likamano tsa botona le botšehali ka hare ho lenyalo feela. (Pesaleme ea 25:4, 5) Buka Adolescence, ea E. Atwater, e totobatsa hore ka ho ipholla litho tsa botona le botšehali, bacha ka ho tloaelehileng ba bua ka ‘lihlong, ho khathatseha maikutlo le ho belaela ka bokamoso.’ Lebaka le leng le fanoeng ke hore ‘katamelano ea kamano ea lerato e tsamaeang le likamano tsa botona le botšehali ha e eo ho ipholleng litho tsa botona le botšehali.’ E, ho na le molemo oa ho laola takatso ea botona kapa botšehali ho fihlela ha e ka bontšoa katamelanong e lerato ea lenyalo.

10. Ke mehato efe eo motho a ka e nkang ho thusa ho hlōla tloaelo eo?

10 Lentsoe la Molimo le fana ka thuso e phaellang ka ho eletsa: ‘Tsohle tse e leng tsa ’nete, tsohle tse hlomphehang, tsohle tse lokileng, tsohle tse hloekileng, tse botumo bo botle, tsohle tseo bokhabane bo leng teng ho tsona, le ke le hopole tsona.’ (Ba-Filippi 4:8) Ka ho hlakileng, litšoantšo tse tsosang takatso le libuka tse litšila ha lia ‘hloeka ebile ha li na botumo bo botle kapa ha li khabane.’ Empa lintho tsena hangata li thabeloa ke ba iphollang litho tsa botona le botšehali. Joale, mang le mang ea ikemiselitseng ho hlōla phoso ena ka ho feletseng o tlameha ho qoba lintho tse joalo tse tsosang takatso. Phihlelo e pakile hore haeba litakatso tsa motho li qala ho tsoha ka tsela eo pele e ileng ea fella ka ho ipholla litho, ho ikemisetsa ho lebisa tlhokomelo ho se lokileng le se hloekileng ho ka fokotsa litakatso. Hona ke habohlokoa haholo haeba motho a le mong kapa a le lefifing, ha phoso ea sephiri ea ho ipholla litho tsa botona kapa botšehali e totile haholo.b—Ba-Roma 13:12-14.

11. Hlalosa lintho tse ling tse ipakileng e le tse molemo ho sebetsana ka katleho le phoso ena.

11 Thuso e tšoanang ke ho ipoloka u le mafolo-folo, tumellanong le keletso ena: “Iponeleng hore le tsamaee ka kelello, e seng joale ka maoatla, e mpe e be joale ka ba bohlale. Lopollang linako, hobane mehla e se e le mebe.” (Ba-Efese 5:15, 16) Botsa Mokreste ea hōlileng tsebong ea ka tšepeloang makunutu bakeng sa litlhahiso ka lintho tse molemo tse ka etsoang. (Esaia 32:2) Ba bangata ba hlōtseng phoso ena baa lumela hore ho tseba ha bona hore Mokreste ea amehileng o ne a tla botsa ka tsoelopele ea bona bothateng bona ho ba thusitse ho haha boitšoaro. Ha e le hantle, Jehova ke eena eo re lokelang ho mo tsebisa makunutu a rōna ho feta ba bang. Kahoo ke habohlokoa ho retelehela ho eena ka thapelo, re batla thuso ea hae. (Ba-Filippi 4:6, 7) Haeba motho ea loanneng le phoso ena ka nako e telele a ka “khothometseha,” a ka kōpa matla ho Molimo, joale a ka nchafatsa boiteko ba hae ’me mohlomong a atleha hape, ka nako e telele ho feta.—Ba-Heberu 12:12, 13; Pesaleme ea 103:13, 14.

Ho Loantša Tšebeliso e Mpe ea Joala

12. Pono ea Bokreste ke efe ka joala?

12 Temana e ’ngoe ea Bibele e re: ‘Veine e thabisa Molimo le motho.’ (Baahloli 9:13) U ka ’na ua lumela, hobane joala bo ’nile ba e-ba thuso boikhathollong le mohloli oa thabo ho ba bang. (Pesaleme ea 104:15) Leha ho le joalo, ke ba fokolang ba ka latolang hore ho sebelisa joala ho ka ba kotsi ’meleng le boitšoarong. Bothata bo boholohali ke botahoa bo fetisisang. Phoso ena e tebile hoo Molimo o lemosang hore matahoa a ka tebeloa ka phuthehong le ho thibeloa ’Musong. (1 Ba-Korinthe 5:11-13; Ba-Galata 5:19-21) Bakreste ba hlokomela hona ’me ba lumela hore ba tlameha ho qoba botahoa. Empa, ntle le botahoa, tšebeliso ea joala e ka ’na ea fetoha phoso ea sephiri joang?

13. Bontša kamoo ho lemalla joala ho ka hlahang.

13 Mokreste a ka noa ka ho itekanetseng feela, empa a ’na a ba le phoso e tebileng. Hlokomela phihlelo ea monna eo re tlang ho mo bitsa Heinz.

Eena, mosali oa hae, le bana ea e-ba Bakreste ba ’nete ’me ba ne ba le mafolo-folo phuthehong ea sebaka seo. Hamorao Heinz a khethoa e le moholo ’me a talingoa e le ‘tšiea’ har’a liphutheho tse motseng oo. (Ba-Galata 2:9) Ka ho utloahalang, a tobana le likhatello tsa ho hōlisa lelapa la hae le lipelaelo tse itseng tsa ho hlokomela mohlape. (2 Ba-Korinthe 11:28) Leha ho le joalo, mosebetsi oa hae oa mo tlisetsa khatello e khōlō hobane feme eo a neng a e sebeletsa e ne e hōla, ’me monghali oa hae o ne a batla hore a shebane le mathata a ’maloa le liqeto tse ling.

Hangata mantsiboea Heinz o ne a hlile a tšoenyehile. A fumana hore ho noa hang kapa habeli hoa mo khatholla. Ha e le hantle, e le Mokreste ea hōlileng tsebong ka hloko a qoba ho noa haholo kapa botahoa. Le hoja a bile le lino tse ling ho ikhatholla mantsiboea, o ne a sa hloke joala motšehare, leha e le hore o ne a atisa ho noa ha a e-ja. O ne a sa tsebahale e le ‘ea hlanyetsang veine.’—1 Timothea 3:8.

Ho sa lebelloa, Heinz a amoheloa sepetlele bakeng sa ho buuoa ho tloaelehileng. Lipontšo tse sa tloaelehang tsa hlaha. Li ne li bakiloe ke eng? Ha hoa ka ha nka lingaka nako e telele ho fumana hore ’mele oa hae o ne o bontša matšoao a ho nyoreloa joala boo a neng a khaolitse ho bo sebelisa. E, ’mele oa hae o ne o se o lemalletse joala. Hona ho ile ha makatsa lelapa, empa la mo pota-pota ’me la mo tšehetsa qetong ea hae ea ho tlohela joala ka ho feletseng.

14. Ke eng ho ka isang ho songoeng ke lino tse tahang?

14 Ba bang ba ikutloa hore joala bo nkile boemo bo sa tloaelehang bophelong ba bona, kahoo ba leka ho pata ho noa ha bona, ba sa rate ha lelapa kapa metsoalle e hlokomela hore na ba noa hakae kapa hangata hakae. Ba bang ba ka ’na ba se hlokomele hore ba lemalletse ho noa, ho ntse ho le joalo, ho noa e ntse e le eona taba-khōlō ea letsatsi ho bona. Bao ba oelang boemong boo, ba kotsing e khōlō ea ho noa ho tlola ka linako tse ling kapa ea ho ba makhoba a joala. Nahana ka maele ana: “Veine ke mosomi, joala bo lerata, bohle ba khelosoang ke tsona ha ba na bohlale.” (Liproverbia 20:1) Taba ke hore ho noa haholo ho ka bakela motho hore a be lerata le ho ba ea se nang kelello. Leha ho le joalo, veine e ka ’na ea soma motho ka kutloisiso e ’ngoe. Motho o lokela ke ho songoa haeba a nahana hore ho noa ha hae ho patehile ho Molimo.

15. Ke hobane’ng ha mantsoe a Pauluse ho 1 Ba-Korinthe 9:24-27 a amana le ho sebelisa ha Mokreste joala?

15 Tholoana e ’ngoe ea moea oa Molimo ke boitsoaro, ’me rea e hloka mabakeng ’ohle a bophelo. (Ba-Galata 5:22, 23) Pauluse o tšoantšitse Mokreste le semathi. Lebelong le tloaelehileng semathi sena se itima tsohle hore feela se “fuoe moqhaka o bolang.” Ka ho tšoanang, Mokreste ho hlokahala hore a bontše ho itima ‘tsohle’ e le hore a ka fumana moputso o nang le molemo o phahameng haholoanyane—BOPHELO. Pauluse a hatisa hore re tlameha ho ‘thapisa ’mele ea rōna joaloka lekhoba’ ho kholiseha hore ‘ha re boleletse ba bang, rōna ha re fumanoe re sa lokela ke mo amoheloa,’ joalo ka tabeng ea phoso ea sephiring e amang joala.—1 Ba-Korinthe 9:24-27.

16. Motho a ka fumana joang hore joala bo fetohile phoso tabeng ea hae?

16 Ke eng ho ka thusang Mokreste hore a sebetsane le phoso tabeng ee? Hoa thusa ho ananela hore le hoja ea neng a ka ’na a patela ba bang mokhoa oa hae, ha a o patele Molimo. (1 Ba-Korinthe 4:5) Kahoo, ka botšepehi—mahlong a Molimo—motho o lokela ho nahana ka mekhoa ea hae ea ho noa. (Re bolela ho noela monate kapa phello e itseng, e seng feela ho noa hanyenyane linakong tsa lijo.) Leha ho le joalo, ba bang, ba ka ’na ba re, ‘Empa ha kea tlameha ho noa. Ke mpa ke bo thabela feela; boa nkhatholla. Nka ho tsoela haeba ke rata.’ Koana, ha ho talingoa likotsi tse fuperoeng ke ho noa ho tlola kapa ho lemalla joala, ke hobane’ng ha u sa etse hoo ka khoeli kapa tse peli? Kapa, kaha ho na le tšekamelo e matla ea ho latola hore bothata bo teng, etsa qeto ea hore khoeli eohle u ke ke ua noa ka linako tseo u neng u se u tloaetse ho noa ka tsona. Ka mohlala, motho ea tloaetseng ho noa kamor’a mosebetsi, pele a ea robala, kapa ’mokeng oa motsoalle a ka qoba ho etsa joalo. Ka hona a ka bona hore na o ikutloa joang. Haeba ho le thata, kapa ‘a ke ke a khatholoha,’ ho na le phoso e tebileng.

17. Ke hobane’ng ha Mokreste ea nang le phoso e patiloeng e amang joala a tlameha ho sebeletsa ho e hlōla?

17 Hang ha Mokreste ea tšepahalang a hlokomela ka pel’a Molimo hore o na le phoso e amanang le joala, ho tla ba bonolo hore a e hlōle. E ka ’na eaba o se a ntse a tseba hore Bibele e re ke ‘leoatla’ le reng “metsi a utsuoang a monate, le bohobe [kapa joala] bo jeoang ka sephiring boa hlabosa.” Leha ho le joalo, Liproverbia li re ba joalo ba ea nģalong ea bafu. Ha ho bapisoa, motho ea bohlale o rata keletso, ’me ka thabo o ‘hloboha bothoto, ’me o tla phela, a tsamaee tseleng ea hlalefo.’ (Liproverbia 9:1, 6, 8, 13-18) E, Molimo o fana ka thuso e eketsehileng ho hlōla liphoso tsa sephiri ka ho re tsebisa se larileng kapele, hore na liphello e tla ba life.

Jehova o Putsa Seo re se Etsang Lekunutung

18. Ha re hlōla liphoso tsa rōna tsa ka sephiring, re ka tšepa eng? (Liproverbia 24:12; 2 Samuele 22:25-27)

18 Batho ba bang ba phela ba tšohile hore litsela tsa bona tse mpe li tla pepesoa, ke batho kapa ke Molimo. Ho se ke ha e-ba joalo ka rōna. Ho e-na le hoo, a re phehelleng ho ba hlokolosi hore re ke ke ra O patela letho, “hobane Molimo o sa tla isa mesebetsi eohle kahlolong, le tse patiloeng kaofela, leha e le tse ntle, leha e le tse mpe.” (Moeklesia 12:14) A re amoheleng thuso ea Jehova ho hlōla liphoso tsa rōna, le tse patiloeng. Joale re ka lebella nako ea ha “tse patiloeng tsa lefifi” li hlahisetsoa leseling le “merero ea lipelo” e hlahisoang. “Ke moo Molimo o tla nea motho ka mong poko e mo loketseng.”—1 Ba-Korinthe 4:5; Ba-Roma 2:6, 7, 16.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mattheu 17:14-18, Mareka 9:17-24, Luka 9:38-43 li bontša hore ho ba le bademona ke hona ho bakileng boemo ba hae. Bibele e khetholla pakeng tsa sethoathoa sena le se hlahang ho lisosa tsa tlhaho.—Mattheu 4:24.

b Ka linako tse ling bosiu ha motho a robetse ’mele oa hae o ntša maro a botona kapa botšehali e se ka ho rata, e le ntho e itlelang ka tlhaho e seng ka ho iketsa ka boomo.

Na u ka Hopola?

◻ Molimo o ikutloa joang ka liphoso tsa ka sephiring tseo mohlomong re li etsang?

◻ Ke keletso efe ea Mangolo e bontšang hore re lokela ho qoba ho ipholla litho tsa botona le botšehali ho li khotsofatsa?

◻ Mokreste a ka hlōla tloaelo ea ho ipholla litho tsa botona le botšehali joang?

◻ Kaha Bibele ha e nyatse tšebeliso ea joala, bo ka fetoha phoso ea ka sephiring joang?

◻ Ho ka nkoa mehato efe e bohlale ha ho sebetsanoa le phoso ea lekunutu e amang joala?

[Lebokose le leqepheng la 17]

O Hlōtse Mokhoa oa ho Ipholla Litho tsa Botona

ESALE MOHLANKANA, C—— o ne a e-na le litakatso tsa botona tse tloaelehileng, empa o ne a boetse a e-na le bothata. Ho tloha ha a le lilemo li 13 o ne a e-na le tloaelo ea ho itšilafatsa ka ho ipholla litho tsa botona ka morero oa ho li khotsofatsa, kamehla ha a le lekunutung moo a robalang. O ne a batla a le lihlong, empa a ikutloa hore ha ho tšoenye motho e mong.

Ha a le lilemo li 19, tloaelo e ne e se e le maling. Ka lekhetlo le leng C—— a ipolela ho moprista oa hae, empa a bolelloa hore le hoja e le phoso, e ne e sa teba hakaalo. Ha C—— a kenela bosole ha a ka a ba lekunutung haholo. Ka baka leo, ke ka seoelo a neng a khelohela ho pholleng litho tsa botona ho li khotsofatsa, ho bontšang hore tloaelo ea hae ea nakong e fetileng e ne e se ka lebaka la takatso e sa laoleheng.

Hoba a tsoe bosoleng, C—— a khutlela hae. A qala ho reka limakasine tsa bootsoa, ’me a tsositsoe ke tsona, kapele a khutlela mekhoeng ea hae ea pele. Ha a qala ho phela a le mong, ho ne ho le bonolo hore a fumane ntho e tsosang takatso ea botona. Hangata o ne a ipholla litho tsa botona ho li khotsofatsa ka makhetlo a ’maloana ka letsatsi.

Joale a qala ho ithuta Bibele le mosebeletsi oa Lipaki tsa Jehova. Ha a ntse a ithuta kamoo Molimo o talimang boitšoaro bo litšila kateng, C—— a ikutloa a le lihlong ho reka limakasine tsa bootsoa, ’me a batla ho hlōla tloaelo ea ho ipholla litho tsa botona ka morero oa ho ikhotsofatsa. A leka. Empa kamor’a beke kapa tse peli o ne a utloa boima ba takatso, e be o ema pel’a moo ho beiloeng lipampiri tsa litaba, ’me takatso e tsosoe ke taba ea boitšoaro bo bobe. Ha a le hae o ne a Ikutloa hore kaha o Ile a hlōleha a ka ’na a nka bohato bo bong ho ea pele. Kamor’a ho moo, ho tla latela boikoahlaeo. Na e be a ke ke a hlola a hlōla tloaelo ee e mpe?

Qetellong C—— a bua le moholo oa moea phuthehong. Mosebeletsi enoa e ne e le ea utloisisang ’me a mo thusa ho sheba taba e theiloeng Bibeleng e tla mo thusa ho ntlafatsa boitšoaro ba hae. Mosebeletsi le eena a hlalosa:

‘Nahana takatso e tšoana le ketane. Leihlo la pele le lenyenyane ’me lea fokola. Empa leihlo le leng le le leng le latelang lea hōla ’me le ba matla. Ho joalo le ka litšusumetso tse lebisang mokhoeng oa ho pholla litho tsa botona ka morero oa ho li khotsofatsa. Kahoo u lokela ho khaotsa tšusumetso kapele kamoo u ka khonang. Ha tšusumetso e ntse e lelefala, takatso ea hao le eona e ntse e hōla. Qetellong e ke ke ea hlola e thibeha. E, leka ho khaola ketane ka leihlo la eona la pele. Hang ha u utloa hore takatso e ea tla, ETSA HO HONG! Ema ’me o fetole sebaka, hlakola lieta tsa hao, qhala moqomo oa lithole—ntho efe le efe ho khaola leihlo la ketane. U ka ’na ua qala ho balla ntho e ’ngoe holimo, e kang Bibele kapa libuka tsa Bokreste tse ka tataisang monahano oa hao nthong e hloekileng.’

Mosebeletsi enoa o ne a ee a botse C—— libokeng hore na lintho li ntse li e-ea joang, kamehla a mo babatsa le ho mo khothatsa ka boikemisetso ba hae. Ka libeke tse supileng C—— a atleha. Joale, ha a tsielehile ’me a nyahamisitsoe ke bothata bo bong, a inehela hape, a reka libuka tse feteletseng. Hoo ha mo khutlisetsa tetete. Liketsahalo tse joalo e ne e le litšitiso, empa mosebeletsi a mo khothalletsa ho tsoela pele a loana. Butle-butle nako e lipakeng ea lelefala ho ba libeke tse 9, joale ea e-ba tse 17, le tse fetang. Butle-butle tšepo ea hae ea hōla ea hore o tla khona ho hlōla bothata ba sephiring.

Qetellong C—— a tobana le ’nete ea hore Jehova o ne a tseba seo a neng a se etsa. Kahoo, haeba a batla ho sebeletsa Molimo ka letsoalo le hloekileng, ka ho feletseng o ne a tla tlameha ho tlosa mokhoa ona bophelong ba hae. O ho entse! Hona joale ha a sa hopola le hore na ke khale hakae. C—— ke Mokreste ea beang mohlala, o filoe boikarabelo ka phuthehong, ’me o ntse a rera ho atolosa tšebeletso ea hae thorisong ea Molimo. O fetohile.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela