Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 6/1 leq. 21
  • Patlo ea ’Nete e-ea Putsoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Patlo ea ’Nete e-ea Putsoa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Ho Thabile Motho ea Fumaneng Bohlale”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Ho Tloha ho Tepelleng Maikutlo ho ea Thabong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Ho Ikemisetsa ho Phela ka Melao ea Jehova ea Boitšoaro
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 6/1 leq. 21

Baboleli ba ’Muso Baa TIaleha

Patlo ea ’Nete e-ea Putsoa

BIBELE e re bolella hore re ‘batle Jehova, re mo rapele.’ (Esaia 55:6) Salomone a bolelloa ke Jehova hore: “Ekare ha u batla [Jehova], o tla fumanoa ke uena.” (1 Likronike 28:9) Moroetsana e mong Finland o ile a batla ’nete e buang ka Jehova ’me a putsoa ka ho enneng.

E ne e le setho sa Kereke ea Naha ea Finland ’me o ne a kena Sekolo sa Litiiseletso, ka tšepo ea hore o ne a tla fumana ’nete ea Molimo. Leha ho le joalo, a soetseha. Ba ne ba sa bale Bibele haholo sekolong. Ha e le hantle, moprista a mo lemosa hore a se ke a e bala, kaha e tla mo senya kelello.

Leha ho le joalo, a qala ho bala Bibele hoba a qete sekolong. A ba a ea le kerekeng, empa ha a ka a fumana ho khotsofala teng. Eaba o kena Kereke ea Pentekonta moo a ileng a “kena tumelong.” Ba mo rapella ’me ba mo bolella hore joale o fumane tumelo. Empa ha a ka a ikutloa a le haufi le Molimo haholoanyane ho feta kamoo a neng a ikutloa kateng pele.

A ngolla “Gang and Street Service Center” a kōpa thuso, empa ba mo nea nomoro ea mohala feela. Ha a letsa, mohala oa arabeloa ke motho oa Methodiste ea ileng a mo rapella ’me a mo bolella hore ha ho tsotellehe hore na o kena kereke efe hafeela a sa kopane le Lipaki tsa Jehova kapa Bamormone!

A kena “People’s Mission” ’me a neoa lipampitšana tse nang le sehlooho se reng, Jehovah’s Witnesses, the Deception of the Time of the End hore a li abe. Hona le hona ha se ke ha khotsofatsa patlo ea hae ea ’nete kapa ho mo nea morero bophelong.

Joale a etela rakhali oa hae ea ileng a mo nyarosa ka ho mo bolella hore oa khōloa hore Lipaki tsa Jehova li ruta ’nete. Ka mofuthu rakhali a bala mangolo ka Bibeleng a pakang hore e ne e le morero oa Molimo ho etsa lefatše lena paradeise, ’me a mo nea buka ’Nete e Bophelong bo sa Feleng. Ngoanana a bala buka ka sepheo sa ho fumana phoso ho eona—ho e hanyetsa—empa ho e-na le hoo a phakisa a hlokomela hore e na le ’nete, e mo bontša morero oa bophelo oo a neng a ntse a o batla. A ngolla bahatisi bakeng sa libuka tse ling hape ’me a kōpa hore e mong a mo etele. Matsatsi a mabeli feela hamorao, bokhaitseli ba babeli ba bo-pulamaliboho ba fihla monyakong oa hae. Ha lokisetsoa thuto ea Bibele ’me ngoanana a qala ho ba teng libokeng Holong ea ’Muso, moo a ileng a khahloa haholo le ho angoa ke moea o lerato o neng o le teng moo. A tsoela pele ka thuto ea hae ea Bibele, a kolobetsoa selemo hamorao, a qala ho bula maliboho, le ho ba teng Sekolong sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho. A re, “Qetellong ka thaba.” Ho batla ha hae ’nete ho ile ha putsoa.

Liphihlelo tse joalo li ’nile tsa phetoa ka makhetlo a likete ‘nakong ena ea ho fela ha lefatše,’ ha Jesu, Molisa ea Molemo, a bokella “linku tse ling” tsa hae kamoo ho boletsoeng ho Johanne 10:16. (Mattheu 24:3) Ka hona, thabo ke ea ba batlang ’nete ea Bibele le bao Molimo o ba putsang.—Mattheu 7:7.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela