Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 8/1 maq. 27-30
  • ‘Tsamaea ka Mokhoa o Tšoanelang Mamello’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Tsamaea ka Mokhoa o Tšoanelang Mamello’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • E-Ea Hlokahala Kajeno
  • Ho Mamellana
  • Mehlala e Metle e ka Etsisoang
  • Meeli ea Mamello
  • ‘Le Ikapese Tiisetso’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Bontša Mamello ho Bohle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Jehova ke Molimo ea Nang le Tiisetso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Nahanisisa ka Mehlala ea Mamello
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 8/1 maq. 27-30

‘Tsamaea ka Mokhoa o Tšoanelang Mamello’

MOFUMAHALI a tšoaroa ka makhetlo le ho hlongoa lipotso tse sa khaotseng. A tsamaisoa literateng pel’a batho ba neng ba mo soma, a e-na le batšoaruoa ba bang ba robong ba batona bao melato ea bona e neng e fapana ho tloha bosholung ho isa ho bolaeeng le ho beteng. O bile chankaneng le ho tlosoa lelapeng la hae ka lilemo tse kaholimo ho 20.

Mohlomong phihlelo ea mosali enoa oa Mokreste ha ea ikhetha, kahobane ba bangata ba ile ba mamella bophelo ba chankaneng ka nako e telele. Empa “molato” oa hae ha oa tloaeleha: E ne e le e mong oa Lipaki tsa Jehova. O ne a tla lokoloha kapele haeba feela a latola tumelo ea hae. Ka baka leo, ke eng e thusitseng mofumahali enoa hore a ineele tšoarong e joalo le ho lula a thabile?

Ho araba potso ena, a ke re qoolle Mokreste e mong ea tšepahalang ea ileng a tšoaroa ka baka la qeto ea bolumeli eo a ileng a e etsa. E ne e le moapostola Pauluse. Ha a ngolla phutheho e Efese o itse: “Ke le khothatsa ke hona, ’na ke leng moholehuoa ka baka la Morena, ke re: Tsamaeang ka mokhoa o tšoanelang pitso eo le bitsitsoeng ka eona, ka boikokobetso bohle, le ka mosa, le ka sebete [mamello], le ntse le mamellana ka lerato. Le tiee matla ho boloka bonngoe ba moea ka tlamo ea khotso.”—Ba-Efese 4:1-3.

Bakreste Efese ba ne ba e-na le “pitso” e hlollang ea bophelo ba leholimo le Kreste Jesu. (1 Petrose 1:3, 4) Empa hore ba e amohele ba ne ba tlameha ho ‘tsamaea,’ kapa ho itšoara, ka tsela e neng e tla paka hore ba e tšoanela. Pauluse o bontšitse hore “mamello” e ne e le ea bohlokoa. Leha ho le joalo, “mamello” e ne e akarelletsa ho fetang feela ho mamella bohloko kapa tšitiso ka nako e telele. Motho ea robehileng leoto o mamella bohloko, empa na o na le khetho e ’ngoe? Leha ho le joalo, motho ea mamellang o tiisetsa tšoaro e bohloko a sa iphetetse kapa a sa tenehe ka baka la sepheo. Ho lieha ha hae ho halefa ho bontša boitšoaro bo sa qobelloeng.

Pauluse o bontšitse boitšoaro boo ha a le botlamuoeng. O ne a tseba hore o sebeletsa “ho ntšetsa Evangeli pele.” (Ba-Filippi 1:12) Hape, ha lumella Pauluse ho bontša botšepehi le kamano ea hae le Jehova Molimo, ho paka hore ‘o ne a tsamaea ka tšoanelo’ bakeng sa pitso ea hae ea bophelo ba leholimo. Ka baka leo Pauluse a mamella tšoaro a thabile. ’Me Bakreste ba bangata ho tloha nakong eo ba bontšitse mamello e tšoanang. Ha se bohle ba nang le “pitso” ea leholimo. Empa ba susumellelitsoe ‘ho tsamaea ka tšoanelo’ ho fumana moputso oa bophelo bo sa feleng, e bang ke maholimong kapa sebakeng sa lefatše sa ’Muso.

Leha ho le joalo, ke ba ’maloa haholo bao ho ileng ha hlokahala hore ba mamelle bophelo ba chankaneng. Na ho na le molemo o hlahisoang ke ho mamella maemo a mang? E, hobane Pauluse o khothallelitse phutheho eohle ea Efese ho “tsamaea ka tšoanelo . . . ka sebete [mamello].” Efese e ne e le motse oa bohlokoa haholo naheng ea Roma ho la Asia. Leruo Efese e ne e ka ba sefi ho Bakreste. Hape e ne e le motse o tsebisahalang ka boitšoaro bo litšila, bodemona, boloi, motse o tletseng ka barapeli ba molimo oa mosali Artemise, kapa Diana. Ralipale oa khale Lucius Seneca o boletse mantsoe ana ka ba joalo: “Batho ba batla monyaka mohloling o mong le o mong. Ho ne ho etsoa bobe bohle; . . . re lebala lintho tse hlomphehang.” Ka baka leo ho tsamaea ka mokhoa o tšoanelang e ne e le teko ho Bakreste moo.

Ha ho makatse ha Pauluse a ile a tsoela pele ho ngolla Baefese, a re: “Joale, seo ke se bolelang, seo ke se tiisang Moreneng, ke re: Le se hlole le phela joale ka ba-lichaba ba bang, ba eang ka bosaoana ba likelello tsa bona; bao mehopolo ea bona e leng lefifing, ’me ba hole le bophelo ba Molimo.” (Ba-Efese 4:17, 18) Ho boima ho phela har’a batho ba boitšoaro bo bobe joalo! Empa Mokreste a ka mamella bophelo bo joalo.

E-Ea Hlokahala Kajeno

Kajeno re iphumana re potiloe ke bobe, lerato la maruo, le tšusumetso ea bodemona. Ho na le khatello e eketsehileng ho Bakreste kajeno kahobane Satane o lihetsoe lefatšeng ’me o ikemiselitse ho senya tumelo ea rōna. (Tšenolo 12:12, 17) Ka baka leo ho hlokahala hore re ele hloko ka ho fetisa mokhoa oo re tsamaeang ka oona hore re tle re tšoanelehe. Re lokela ho mamella joaloka Bakreste ba khale. Ke ’nete hore ha hoa tloaeleha hore motho a bontše boitšoaro bo joalo. Empa, mamello ke bopaki ba moea oa Molimo ho Mokreste. “Tholoana ea Moea ke . . . sebete [mamello],” kamoo ho bolelang Ba-Galata 5:22. Mamello e re ruisa molemo joang?

Mamello e re thusa ho jara mathata a moruo, a bophelo le likhatello tse ling tsa lekholo lena la bo20 la lilemo. Re tseba lebaka la mathata ana ’me ho feta moo re tseba hore topollo e haufi! (2 Timothea 3:1-5; Luka 21:28) Esita le ha re thulana le khanyetso e boima mosebetsing oa ho phatlalatsa litaba tse molemo tsa ’Muso, mamello e re sireletsa joaloka lerako, e boloka tšepo ea rōna e phela.

Ho sebelisa keletso ea Pauluse ea ho “mamella ka thabo” ho thusitse le mathateng a lelapa a bohloko. (Ba-Kolosse 1:11) Ka linako tse ling Bakreste ba tlamelletsoe jokong ea lenyalo le batho ba sa lumelang. Monna e mong o itse: “E ne e se feela bophelo ba rōna ba lelapa bo neng bo le makaqabetsing empa hape ke ne ke tlameha ho mamella mathata a mefuta eohle . . . Ke ne ke sa lokisetsoe lijo . . . Ke sa hlatsoetsoe liaparo . . . Ka linako tse ling o ne a ntlhapaola.” Empa monna enoa oa Mokreste o ne a mamella. O re: “Nako e ’ngoe le e ’ngoe ke ne ke retelehela ho Jehova ka thapelo, ke tšepa hore o tla nthusa ho hōlisa tšoaneleho e ntle ea ho mamella e le hore ke boloke teka-tekano ea ka ea Bokreste . . . Sena se nthusitse ho mamella.” Phello ea e-ba efe? Kamor’a hore mosali oa hae a mo hanyetse ka lilemo tse 20 a fetoha Mokreste! Monna enoa o re: “Ke leboha Jehova, o nthusitse ho hlaolela tholoana ena ea moea, mamello.”

Ho Mamellana

E re kaha mamello e hlahisoa ke moea o halalelang oa Molimo, ha e lumellane le “mesebetsi ea nama,” e kang bora, ntoa, mōna, bohale, phehisano, le mohono. (Ba-Galata 5:19-21) Ho etsahala eng haeba re lumella “mesebetsi” ena ho iponahatsa le ho laola litšebelisano tsa rōna le ba bang?

Boemo bo amang Moshe bo totobatsa se ka etsahalang. Ho boleloa ka eena e le ‘motho ea neng a inyenyefalitse ho fetisa motho ofe le ofe lefatšeng.’ (Numere 12:3, NW) Leha ho le joalo, ka lekhetlo le leng a felloa ke mamello. Ha sechaba se felloa ke metsi, batho ba hlokang tumelo ba Ila: “Na ke ka baka la’ng le tlisitseng phutheho ea Jehova lefeelleng lena, hore re shoele teng, rōna le makhomo a rōna?” (Numere 20:4) Boemo boo bo ne bo hloka hore Moshe a itšoare kahobane polelo eo ea borabele e ne e loantšana le Jehova ka boeena! Leha ho le joalo, Moshe a lumella tšusumetso ea nama ho mo laola. Mopesaleme o itse: “Ba boela ba mo halefisa metsing a Meriba, Moshe a ba tsietsing ka baka la bona; ba khopisa moea oa hae, hoo a bileng a bua a sa inahana.”—Pesaleme ea 106:32, 33, Phetolelo ea Sesotho ea 1976.

Moshe, a iketsa e se e ka ke eena ea fanang ka metsi ka mohlolo, ka bohale a re: “Mamelang he, lōna bahanyetsi! A hleka re tla le ntšetsa metsi lefikeng lena na?” (Numere 20:10) E, Moshe a lumella moea oa bohanyetsi le oa ho korotla hore o mo laole. ’Me ka baka la ho felloa ke boitšoaro le ho hlōleha ho tlotlisa Jehova, a haneloa ho kena Lefatšeng le Tšepisitsoeng.

Bakreste kajeno ba lokela ho ela seli hore ba se oele lerabeng lena. Ka linako tse ling baena ba rōna ba Bakreste ba ka re halefisa, joaloka Baiseraele nakong ea Moshe. Empa “mohlanka oa Morena ha a tšoanela ho loana; empa e ka khona a be mosa ho bohle, a lokele ho ruta, a mamelle ka sebete.” (2 Timothea 2:24) Ka hona khothatso e ho 1 Ba-Thessalonika 5:14 e-ea tšoaneleha: “Le be le mamello ho bohle.”

Mehlala e Metle e ka Etsisoang

Jesu o siile mohlala o phethahetseng oa mamello. A mamella ‘khanyetso ea baetsalibe’ le mathata a neng a hlaha ho barutuoa ba hae. (Ba-Heberu 12:3) Ka linako tse ling ba ne ba lieha ho utloisisa kapa ho sebelisa seo a neng a ba ruta sona. Empa leha ho le joalo, le ka mohla ha a e-s’o ka a bua le bona ka tsela e sa nahaneng. Ha barutuoa ba hae ba ne ba tšoaroa ke boroko bosiung boo a ekiloeng ka bona, ka mosa a ba khothatsa, a re: “Na le robetse ke’ng? Tsohang, le rapele, hore le se kene molekong.”—Luka 22:46.

Ho tloha nakong ea tsoho ea hae, Jesu a tsoela pele a bontša mamello. Ka mohlala, Saule e ne e le mohlorisi oa Bakreste, monyefoli, le moikhohomosi. Empa leha ho le joalo Kreste a ’montša mosa ka mokhoa o entseng hore Saule a fetohe molateli e moholo oa Kreste. Pauluse (eo pele e neng e le Saule) oa hlalosa: “Empa ha e le mona ke hauhetsoe, e ne e le hore Kreste Jesu a bonahatse ka ’na mamello e tletseng ea hae, ke tle ke be mohlala ho bohle ba tlang ho lumela ho eena, e le hore ba fumane bophelo bo sa feleng.”—1 Timothea 1:15, 16, Phetolelo ea Sesotho ea 1976.

Mangolo a re bolella hore re “hate moo [Kreste] a hatileng teng.” (1 Petrose 2:21) Na u bontša mamello e tšoanang ho balumeli hammoho le uena ha ba lieha ho sebelisa metheo e meng ea Bibele? Na u bontša moea o tšoanang oa mamello ho batho ba lefatše ba sa tsebeng ’nete? Na u susumelletsoa ho thusa ba joalo hore ba fumane ’nete?

Mohlala o ke keng oa bapisoa oa mamello ke oa Jehova. “Jehova o mohau, o lereko, o lieha ho halefa, o ruile mehauhelo e mengata.” (Pesaleme ea 103:8; Exoda 34:5-7) Le hoja batho ba kang Moshe ba ile ba nyahamisoa ke manganga a Baiseraele, Jehova a re: “Ke otlolotse matsoho a ka ka tsatsi lohle, ho bitsa sechaba se sa utloeng, se hanyetsang.” (Ba-Roma 10:21) Empa ho ne ho e-na le morero ka mamello eo. Joaloka ntate ea nang le mora oa setlokotsebe, Jehova ha a ka a tela tšepo ea hore kamano e senyehileng le Iseraele e tla ntlafala. Mamello ea hae ea hlahisa litholoana—masala a sechaba seo a bolokoa!

Meeli ea Mamello

Leha ho le joalo, mamello ea Molimo ena le meeli. Ho phehella ha Baiseraele ho hana litemoso tsa Jehova ha fella ka hore Molimo o ba lahle e le sechaba. Esaia o itse: “Empa ba ’na ba ikhantša, ba halefisa moea oa hae o halalelang; eaba o ba fetohela sera, ea e-ba eena ea ba loantšang.” (Esaia 63:10) E, ka nako ea teng ‘khalefo ea Jehova ea phahamela sechaba sa oona.’ (2 Likronike 36:15, 16) Mamello ea hae ea fela.

Sena se ka ba le liphello tse tebileng ho rōna kajeno. E ka ba bothoto ho fihla qetong ea hore Molimo o tla mamella bobe ka ho sa eeng kae. Ke ’nete, joalokaha Pauluse a boletse: “Molimo, le hoja o rata ho bontša khalefo ea oona le ho tsebahatsa matla a oona, o mamelletse lipitsa tsa khalefo tse lokelang timetso.” Empa mamello e joalo e entsoe ka morero: “hore u tumise monono oa khanya ea oona.” (Ba-Roma 9:22, 23, NW) E, ho itšoara ha Molimo ho entse hore lebitso la oona le boleloe lefatšeng lohle. Hape, Molimo o tsebahalitse ‘letsatsi la oona la liphetetso’ o sebelisa batho ba oona. (Esaia 61:2) Ke ’nete hore ba bangata ba soma molaetsa ona o lemosang, joaloka ba-Epekure le ba-Stoike ba mehleng ea Pauluse ba neng ba re, “Na mobua-bui eo o re’ng?” (Liketso 17:18) Empa hopola, Molimo o tla “iphetetsa ho ba sa tsebeng Molimo, le ho ba sa utloeng Evangeli ea Jesu Kreste, Morena oa rōna.”—2 Ba-Thessalonika 1:8.

Khabareng, re lokela ho tsoela pele re bolela likahlolo tsa Molimo ho fihlela Molimo o senola nako ea hore re khaotse. Re lokela ho ‘lebella ka sebete [mamello], Morena a be a fihle.’ (Jakobo 5:7) Haeba re mamella limpe tsa bophelo tseo re li tlisetsoang ke tsamaiso ena re tla kotula litholoana tse bonahalang. Ho tla eketsa ho itšetleha ha rōna ka Jehova. Ho tla ntlafatsa likamano tsa rōna le ba bang le ho thibela mathata a sa hlokahaleng. Ho mamella ho ka tlisa mathata, ho sa tsotellehe hore re bo-mang kapa re lula hokae, e bang re lokolohile kapa re litlamong, e bang re hanyetsoa lelapeng kapa tšebeletsong ea Bokreste, khotso le bonngoe tse hlahisoang ke mamello li tla eketsa thabo le khotsofalo bophelong ba rōna. (Ba-Efese 4:2) Etsa ka hohle ho tsamaea ka tsela e tšoanelang mamello.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela