Ho Lumela ho Molimo—Na Ho Lekane?
’MOKELLI oa lipalo ea tummeng George Gallup e monyenyane o ile a botsa: “Na le lumela ho Molimo kapa ho moea oa bokahohleng?” Mohlomong ho makaleng hoa ba bang, karolo ea 95 lekholong ea batho ba baholo (ba lilemo li kaholimo ho 30) le bacha ba ileng ba botsoa ba boletse hore ba lumela! Empa ke ho ea boholeng bofe tumelo e fetohang ketso? Ho bonahala e se haholo. Hobane Monghali Gallup o tlalehile hore ha bacha ba bang ba lilemong ba botsoa, “Litumelo tsa lōna tsa bolumeli li ama monahano kapa boitšoaro ba lōna letsatsi le letsatsi ho isa tekanyong efe,” karolo ea 26 lekholong feela e itse, “haholo.”a—The Search for America’s Faith ea George Gallup e monyenyane le David Poling.
Ho totobetse, he, hore ho lumela ho Molimo feela ha hoa lekana. Morutuoa Jakobo o ile a ngola: “U lumela hobane Molimo o mong feela: u etsa hantle; empa le bona bademona ba lumela, ’me ba thothomela. . . . Tumelo e se nang mesebetsi e shoele.” (Jakobo 2:19, 20) Ka lehlakoreng le leng, Bibele e bolela ka batho ba sa kang ba lumela feela. Ka mohlala, Henoke ‘a ’na a tsamaea le Molimo oa ’nete.’ (Genese 5:24, NW) Kamano pakeng tsa Henoke le Molimo oa hae ea tiea hoo e neng e ka ba tsamaea hammoho! Empa ke hobane’ng ha Henoke a ile a fuoa kamano ee e ikhethang? Ka lebaka le le leng, le hoja a ne a phela har’a moea o hlephileng oa bolumeli moo ho neng ho tloaelehile ‘liketso tse tšosang tsa bonyefoli,’ Henoke a latela tsela e lokileng ea bophelo. Ka sebete le ka ho toba a pepesa litsela tse khopo tsa bao a neng a phela le bona, a profeta: “Bonang, Morena o tlile le bahalaleli ba hae ba likete-kete ho etsa kahlolo holim’a bohle, le ho khalemela banyefoli bohle ka baka la liketso tsohle tsa bonyefoli, tseo ba sitiloeng ka tsona, le la lipolelo tsohle tse thata, tseo baetsalibe bao ba banyefoli ba li buileng holim’a hae.”—Juda 14, 15.
Ho tsamaea le Molimo hoa bea Henoke kotsing e khōlō. Ho bonahala lira tsa hae li ile tsa rera ho ’molaea le ho felisa ho profeta hoa hae ho hlohlontšang litsebe. Leha ho le joalo, Molimo oo a neng a tsamaea le oona, oa kenella. Bibele e re: “Ka tumelo, Henoke o nkiloe hore a se ke a bona lefu, ’me ha a ka a fumanoa, kahobane Molimo o no o mo nkile.” E, ‘Molimo oa mo nka’ ka lefu, ho bonahala o ne o mo qobisa lefu le sehlōhō matsohong a lira tsa hae.—Ba-Heberu 11:5, 13; Genese 5:24; bapisa Johanne 3:13.
Noe e ne e le monna e mong ea ileng a ‘tsamaea le Molimo oa ’nete.’ Joaloka Henoke, “Noe e ne e le motho ea lokileng, ea khabane mehleng ea hae.” (Genese 6:9) ’Me hona o ho entse ho sa tsotellehe ’nete ea hore mehleng ea hae boitšoaro bo hlephileng bo ne bo atile ’me le pefo e ne e le ngata haholo. Leha ho le joalo, Noe, a bontša ho tšaba Molimo ’me a ema e le “’moleli oa ho loka.” Ka hona Molimo oa mo boloka eena le lelapa la hae mohla o tlisang moroallo holim’a lefatše leo la boholo-holo!—2 Petrose 2:5; Ba-Heberu 11:7; Genese 6:5, 11.
Na Molimo o ntse o atolosa memo ea ho tsamaea le oona? Ka sebele! Moapostola Pauluse o boletse hore Molimo ‘ha o hole le e mong le e mong oa rōna,’ hafeela re ‘mo phopholetsa ’me re mo fumana.’ (Liketso 17:27) Empa re ka etsa hoo joang? Hona haele hantle ho tsamaea le Molimo ho akarelletsa eng?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Karolo ea mashome a mararo a metso e robong lekholong e itse “ka karolo,” karolo ea 14 lekholong e itse “ka thata,” ’me kerolo ea 12 lekholong e itse “ho hang.”