Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 11/1 leq. 31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • E-ba le Maikutlo a Matle ka Lenyalo le Haeba le E-na le Mathata
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Talima Lenyalo e le le Halalelang?
    Tsoha!—2004
  • Tlhalo—Hantle-ntle Bibele e Re’ng ka Eona?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 11/1 leq. 31

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

◼ Na “Polelo e Ikanelang ho Tšepahala” kamanong ea lenyalo ha e fetohe joaloka lenyalo le ngolisitsoeng ka molao?

Taba ena e amana le tokisetso e khethehileng e lumelloang feela linaheng tseo hlalo ho molekane oa pele e sa amoheloeng ke molao. Bakreste ba khahlehela ka nepo taba ena, hobane Lentsoe la Molimo le bontša kamoo li nkang tokisetso ena ea lenyalo ka botebo kateng. Moapostola Pauluse o ngotse: “Lenyalo a le ke le hlomphehe har’a batho bohle, le liphate li hloke litšila; hobane Molimo o tla ahlola baboki le bafebi.” (Ba-Heberu 13:4) Ka baka leo, a ke re hlokomele boemo bo hlahisang potso ena:

Balekane ba fumana ’nete ba le kamanong ea lenyalo eo ho leng thata hore e tiisoe ka molao, ’me leha ho le joalo a le mong ho bona kapa bobeli ba bona ba lakatsa ho kolobetsoa ka tsela ea Bokreste. Polelo ea ho ikanela ho tšepahala kamanong e joalo ea lenyalo e tla sebetsa ho fihlela ha ba ka khona ho tiisa kamano ea bona ka molao oa naha. Molula-Qhooa oa la 15 Loetse, 1977, leqephe 429, o fane ka hlahiso ea mantsoe a ka ngoloang polelong eo ’me oa re: “Polelo e joalo e talingoa e le e tlamang ka mokhoa o lekanang le e etsoang ka pel’a mosebeletsi ea emelang ’muso oa ‘Cesare’ oa lefatše.”—Bona mantsoe a Jesu ho Mattheu 22:21.

Leha ho le joalo, boemo e ba bofe haeba “Cesare” a fetola molao oa hlalo, joalokaha a entse morao tjena Italy? Kaha hona joale ho se ho khoneha hore motho a fumane hlalo ho molekane oa hae oa pele, Bakreste ba phelang kamanong ea lenyalo e entsoeng ka “Polelo ea ho Ikanela ho Tšepahala” ba lokela ho nka mehato e potlakileng, hore “ba fumane tiiso ea molao kamanong ena.” Bohato ba pele e tla ba ho fumana tlhalo ho molekane oa pele. Bohato ba bobeli e tla ba ho ngolisa lenyalo ka molao le molekane e mocha. Esita le haeba molekane e mocha e se molumeli, ea joalo o lokela ho tiisa lenyalo la hae ka molao. Haeba eo e seng molumeli a hana, molekane oa Mokreste o tla arohana le eena e le hore a boloke boemo bo amohelehang le phutheho. Lebaka ke hore “Polelo ea ho Ikanela ho Tšepahala” ha e sa talingoa ke phutheho e sebetsa, kahobane ho se ho bulehile tsela ea ho ngolisa lenyalo ka molao.

Leha ho le joalo, haeba tsela e buleha ’me ba babeli ba hlile ba nyalana, lenyalo le joalo la molao ke le sa khaoheng, ho fapana le “Polelo ea ho Ikanela ho Tšepahala,” eo e neng e le tokisetso ea botšepehi ka nakoana.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela