Baholo, Nkang Boikarabelo ba Lōna ba ho Alosa ka Botebo
“Alosang mohlape oa Molimo o ho lōna, le o lebele.”—1 PETROSE 5:2.
1. Ke hobane’ng ha ho loketse hore ho sebelisoe linku ho tšoantšetsa batho ba amoheloang ke Molimo?
HO TŠOANELEHA hantle hakaakang hore linku li tšoantšetse batho ba ratoang ke Jehova Molimo! Linku ke libopuoa tse mamelang lentsoe la molisa oa tsona ’me li mo latela hang-hang. Batho ba kang linku ba Molimo ba itlohella hore ba tataisoe ke Molisa ea Molemo, Jesu Kreste. Baa mo tseba, ba arabela lentsoeng la hae, ’me ba thabela ho amohela boetapele ba hae. (Johanne 10:11-16) Haeba molisa ea molemo a le sieo, linku tsa sebele li tlala tšabo le ho ikutloa li sa sireletseha. Ha ho makatse ha Jesu Kreste a ile a utloa bohloko ka batho ba neng ba “khathetse, ba saretsoe joaleka linku tse se nang molisa.”—Mattheu 9:36.
2. Jehova o ile a talima joang batho ba kang linku ba neng ba saretsoe tlas’a “balisa ba Baiseraele” ba se nang lerato?
2 Jehova o khahlehela ka botebo katleho ea moea ea batho ba pelo li tšepahalang bao Mangolo a ba khethollang e le “linku.” Ka mohlala, Molimo oa sebelisa moprofeta Ezekiele ho tsebahatsa malimabe a neng a tla liheloa “balisa ba Iseraele,” banna ba ikarabellang ba neng ba fepa limpa tsa bona ’me ba hlokomoloha linku. Empa Jehova o ne a sa tl’o lumella hore batho ba kang linku ba hlokofale ntle ho phomolo, hobane o itse: “Ke tla batla e lahlehileng, ke late e khelohileng, ke tlamelle e leqeba, ke natlafatse e kulang.”—Ezekiele 34:2-16.
3. Jesu Kreste o bontšitse kameho linkung joang?
3 Jesu Kreste, Molisa ea Molemo, o ne a amehile ka tsela e tšoanang ka batho ba kang linku. Pele Jesu a nyolohela leholimong a bolela kamoo a lakatsang hore linku li alosoe hantle kateng. A re ho moapostola Petrose, ‘alosa likonyana tsa ka. Lisa linku tsa ka. Alosa linku tsa ka.’ (Johanne 21:15-17) Jesu a tiisa hore kaloso e lerato linkung tsa hae ha e khaotse ka hore a fane ka ‘ba bang e le balisa’ ho hahisa “’mele oa Kreste.”—Ba-Efese 4:11, 12.
4. Moapostola Pauluse o khothalelitse “baholo” ba khethiloeng ka moea ho etsa eng?
4 Kaha Molimo le Kreste ba na le lerato le kameho tse tebileng ka batho ba kang linku, ke boikarabelo bo tebileng ho ba molisa ea tlasana oa linku tsa Molimo. Ka baka leo moapostola Pauluse o khothallelitse “baholo” ba khethiloeng ke moea ba Efese hore ‘ba alose kereke ea Molimo,’ ka ho e hlokomela hantle. (Liketso 20:17, 28) Baholo ba khethiloeng ba ka hlokomela boikarabelo ba bona ka tšoanelo joang?
Balisa ba Amohela Tataiso
5. Petrose o fane ka keletso efe ho balebeli ’moho le eena?
5 Moapostola Petrose, ea neng a lebeletsoe ho lisa linku tsa Jesu, o boleletse balebeli ’moho le eena: “Alosang mohlape oa Molimo o boliseng ba lōna. Le o hlokomele ka boithaopo, ka mokhoa o ratoang ke Molimo, e seng ka ho qobelloa; e be ka lerato, e seng ka ho ipatlela maruo ka mano. Ba beiloeng tlhokomelong ea lōna, le se ke la ba busa ka thata, le mpe le be mohlala ho mohlape oa lōna.” (1 Petrose 5:1-3, TLP) A ke re boneng kamoo baholo ba khethiloeng ke moea o halalelang, ha ka tšoanelang keletso ena kateng.
6. Baholo ba tlameha ho sebeletsa “mohlape oa Molimo” ka boikutlo bofe?
6 Petrose o khothallelitse baholo hammoho le eena: “Alosang mohlape oa Molimo o boliseng ba lōna. Le o hlokomele ka boithaopo, ka mokhoa o ratoang ke Molimo, e seng ka ho qobelloa.” Ba nang le tokelo ea ho sebeletsa e le balisa ba moea ha ba lokela ho etsa joalo ka ho hlonama, ba ikutloa ba qobelloa ho lisa linku. Ha ba tlameha ho ikutloa ba khannoa, e se e ka bolisa boo ke mosebetsi o sa rateheng kapa e se e ka ba hlohleletsoa ke ba bang hore ba alose mohlape. Ho e-na le hoo, baholo ba lokela ho sebeletsa ka moea oa boithaopo. (Bapisa Pesaleme ea 110:3.) Ha motho a ithaopela ho etsetsa ba bang molemo, hangata o etsa joalo ka pelo eohle, le matla a hae ’ohle le ho itela bakeng sa lithahasello tsa bona. Moholo ea ithaopang o fana ka nako le matla a hae ka bolokolohi. O-oa tseba hore ka linako tse ling linku lia lahleha, ’me o lakatsa ho li thusa, a etsisa kameho ea Molimo ho batho ba kang linku. Jehova o ne a amehile haholo ka Baiseraele ba neng ba lahlehile hoo mantsoe a hae a reng: “Ka re ho sechaba se neng se sa ipitse ka lebitso la ka: Ke ’na enoa, ke ’na enoa!”—Esaia 65:1.
7, 8. (a) Ho bolela eng ho alosa ntle ho ho ipatlela maruo ka mano? (b) Ho sebeletsa ka khothalo ho bolela eng?
7 Petrose o boletse hore mosebetsi oa ho alosa o etsoe “ka lerato, e seng ka ho ipatlela maruo ka mano.” Baholo ba khethiloeng ha ba lakatse ho imela linku. Moapostola Pauluse o ne a ikutloa joalo, hobane o boleletse Bakreste ba Thessalonika hore: “Le lōna, banab’eso, le sa hopotse mosebetsi le mofufutso oa rōna, kamoo re le boleletseng Evangeli ea Molimo, re ntse re sebetsa motšehare le bosiu, re tle re se ke ra imetsa motho, leha a le mong, har’a lōna.” A tsoela pele ho ba hopotsa: “Hape, ha rea ka ra ja bohobe ba motho feela, re mpa re sebelitse motšehare le bosiu ka thata le ka khothalo, hore re tle re se ke ra imetsa motho har’a lōna.”—1 Ba-Thessalonika 2:9; 2 Ba-Thessalonika 3:7, 8.
8 Ka ho tšoanang, balisa ba tšepahalang ba Molimo kajeno ha ba honohele lintho tseo linku li nang le tsona kapa ho leka ho ithuisa ka tsona ka litsela tse mano. (Luka 12:13-15; Liketso 20:33-35) Pauluse o boletse hore balebeli ba tšoanelehang ‘e se be ba ipatlelang maruo ka mano.’ (Tite 1:7) Empa ho e-na le hoo, ba lokela ho sebetsa ka khothalo, ba chesehele mosebetsi oa bona le ho batlela linku tse beiloeng kalosong ea bona molemo. (Ba-Filippi 2:4) Ka tsela ena, balisa bana ba bontša kameho e se nang boithati linkung joaloka Jehova Molimo le Mora oa hae, Jesu Kreste.
9. Ke hobane’ng ha molisa oa Mokreste ‘a sa lokela ho busa mohlape oa Molimo ka thata’?
9 Petrose o boletse hore baholo ba lokela ho alosa batho ba Jehova “e seng ka ho busa mehlape ea lōna ka thata, e mpe e be ka ho etsetsa mohlape mehlala.” Molisa ea lerato o seli haholo hore a se sebelise taolo ea hae hampe ka hore a iphahamise le ho busa linku ka thata. Moea oa boikhohomoso ha se oa Bokreste ’me bohle ba lakatsang ho thabisa Jehova ba lokela ho o qoba. Liproverbia 21:4 e re: “Mahlo a phahameng le pelo e hohomileng, eo e leng ho khanya ha ba babe, ke sebe.” ’Me Jesu o boleletse balateli ba hae hore: “Lea tseba hore babusi ba lichaba ba li busa ka thata, ’me ba baholo ba li tšoara ka thata. Empa ha ho na ho ba joalo ho lōna; ea batlang ho ba e moholo har’a lōna, e tla ba mosebeletsi oa lōna, ’me ea batlang ho ba oa pele har’a lōna, e tla ba mohlanka oa lōna.” (Mattheu 20:25-27, TLP) Baholo ba tlameha ho hopola hore batho ba etsang mohlape ke linku tsa Molimo ’me ha ba lokela ho ba tšoara ka thata.
10. (a) Balisa ba bang mehleng ea Ezekiele ba ne ba etsa eng? (b) Balebeli ba tšepahalang ke mehlala e metle ea mohlape joang?
10 Jehova a re ho balisa ba baithati ba mehleng ea Ezekiele: “Linku tse tepeletseng ha le li natlafatse; e kulang ha le e phekole; le e leqeba ha le e tlamelle; ha le late e khelohileng, leha e le ho batla e lahlehileng; le mpa le li busa ka thata le ka sehlōhō.” Molimo a re balisa bao ba sa qeneheleng ‘ba thesela tse tepeletseng ho fihlela ha li qhalanyetsa ka ntle.’ (Ezekiele 34:4, 20, 21) Empa balisa ba lerato ba “mohlape oa Molimo” kajeno ha ba etse joalo. Ha ba kakase bolaoli ba bona ’me ba seli hore ba se khopise nku leha e le ’ngoe. (Bapisa Mareka 9:42.) Ho e-na le hoo, baholo ba joalo ba fana ka thuso e lerato le khothatso. Ho feta moo, ba itšetlehile ho Jehova ka thapelo ’me ba tšoere ka meno ho ba mehlala e metle “ka lipolelo, ka metsamao, ka lerato, ka tumelo le ka bohloeki.” (1 Timothea 4:12, TLP) Linku li ikutloa li fepehile hantle ’me li sireletsehile, kahobane li tseba hore li alositsoe ke balisa ba lerato, ba tšabang Molimo.
Likotsi tse Talimaneng le Linku
11. Ke hobane’ng ha balisa mehleng ena ba tlameha ho alosa mohlape oa Molimo hantle e le hore linku li ikutloe li sireletsehile?
11 Kajeno batho ba kang linku ba rata ho ikutloa ba sireletsehile, ba kholisehile ka tlhokomelo e ntle ea baholo ba sireletsang mohlape. (Esaia 32:1, 2) Tlhokomelo e joalo e hlokahala haholo kaha Bakreste ba talimane le likotsi tse ngata ‘linakong tsena tse thata’ tse tšoaeang ‘mehla ea qetello.’ (2 Timothea 3:1-5) Mopesaleme Davida o ne a talimane le likotsi, empa a re: “Jehova ke molisa oa ka. . . . Leha nka tsamaea khohlong ea moriti oa lefu, nke ke ka tšoha bobe leha bo le bong, hobane u na le ’na.” (Pesaleme ea 23:1-4) Balisa ba mehleng ena ba mohlape oa Jehova ba tlameha ho alosa linku hantle, e le hore batho ba kang linku ba ka ikutloa ba atametse haufi-ufi le Jehova, joaloka Davida. Ba lokela ho ikutloa ba sireletsehile e le karolo ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo.
12. Linku li lokela ho sireletsoa tšekamelong efe ea mehleng ena, ’me baholo ba ka thusa joang tabeng ee?
12 Kotsi e ’ngoe eo mohlape oa Molimo o hlokang tšireletso ho eona ke tšekamelong ea mehleng ena ea boitšoaro bo se nang molao, bo litšila. Haholo-holo ka baka la mefuta ea kajeno ea boithabiso, e bang ke ka thelevishene kapa mekhoa e meng, batho ba bangata ba se ba phela ka tsela e latolang litekanyetso tse ngotsoeng Lentsoeng la Molimo. Kajeno, boikutlo ba lefatše bo lumellang ntho e ’ngoe le e ’ngoe, bo akarelletsa le boitšoaro bo litšila ba ka likobong, bo lokela ho khinoa ka keletso e ntle ea Mangolo e fanoang ka phuthehong. Ka baka leo balisa ba mohlape ba lokela ho tsebisisa seo Bibele e se rutang litabeng tsa boitšoaro. Ho feta moo, ba lokela ho hopotsa linku ka boikarabelo ba tsona ba ho lula li hloekile tšebeletsong ea Jehova.—Tite 2:13, 14.
13. (a) Lengolo la Juda le fana ka keletso e ntle kotsing efe? (b) Baholo ba tlameha ho nka bohato bofe ka bakoenehi?
13 Hape ho na le likotsi tse hlahisoang ke bakoenehi. Hopola hore makholong a 19 a lilemo a fetileng, banna ba bang “ba khopo” ba neng ba ruta lithuto tse fosahetseng ba ne ba khukhunetse ka phuthehong. E ne e le ‘majoe a kotsi a koahetsoeng ke metsi,’ e le balisa ba bohata ba fepang limpa tsa bona, e le banna ba nang le moea oa bophoofolo ba bakang likarohano le ho haelloa ke boikutlo ba moea. Lengolo la Juda le fana ka keletso e molemo e thusang baholo, le batho bohle ba tšepahalang, “ho loanela tumelo.” (Juda 3, 4, 12, 19, NW) Ha ho pelaelo tabeng ea hore baholo ba tlameha ho nka mehato e tiileng ka motho leha e le ofe ea lekang ho baka likarohano, hobane Pauluse o ngotse: “Le iponele ho ba hlahisang likarohano le likhopiso ka ho senya thuto eo le ithutileng eona, ’me le ba sesefe.” (Ba-Roma 16:17) Ka baka leo balisa ba na le boikarabelo ba ho sireletsa mohlape ho batho ba joalo kapa ‘liphiri tse ling tse apereng kobo ea nku.’—Mattheu 7:15.
Ho Thusa Linku ka Litsela tse Ling
14, 15. Baholo ba ka thusa joang balumeli hammoho le bona ba tšoaranang ka tsela e seng mosa?
14 Ho alosa “mohlape oa Molimo” ho ka akarelletsa ho thusa linku ka mathata a ka hlahang ka phuthehong. Ka linako tse ling, linku li ka loantšana. Ba bang ba ka qala ho tšoarana ka tsela e seng mosa ka mabaka a fokolang. Ba ka etselletsana ’me ho qetelle ka hore ba khaotse ho kopana le metsoalle ea bona ea pele tšebeletsong ea Jehova, ’me bohato bo joalo bo ba ntša kotsi moeeng.—Liproverbia 18:1.
15 Balisa ba moea ba lokela ho falimehela balumeli ba joalo le ho ba thusa. Ka mohlala, ho ka ’na ha hlokeha hore baholo ba bontše kamoo ho fosahetseng kateng ho etselletsana le kamoo Bakreste bohle ba tšepahalang ba lokelang ho sebeletsa bonngoe ka phuthehong. (Levitike 19:16-18; Pesaleme ea 133:1-3; 1 Ba-Korinthe 1:10) Baholo ba ka thusa ka ho qotsa temoso ea Pauluse: “Empa ha le lōmana, ’me le jana, hlokomelang, esere la timetsana.”—Ba-Galata 5:13-15, TLP; Jakobo 3:13-18.
16. Baholo ba tlameha ho etsa eng haeba ba hlokomela litšekamelo tse ka kulisang phutheho?
16 Baholo, hopolang hore Diabolose o sōlla “joaloka tau e purumang, a ntse a batla eo a ka mo harolang.” (1 Petrose 5:8, TLP) Bakreste bohle ba ’nete ba ntoeng, e seng ea nama le mali, empa ba loana le makhotla a moea a khopo. (Ba-Efese 6:10-13) Balisa ba tšepahalang ha ba rate ho bona nku leha e le ’ngoe e oela tleneng tsa Satane. Haeba ba kang linku ba qala ho fosa liboka tsa Bokreste, baholo ba alosang ba tlameha ho leka ho fumana lebaka le ho fana ka thuso e tšoanetseng ea moea. Balisa ba tlameha ho tseba ponahalo ea mohlape ’me ba falimehele litšekamelo leha e le life tse ka kulisang phutheho. (Liproverbia 27:23) Haeba ba hlokomela tšekamelo ea ho hlokomoloha tšebeletso ea tšimo, ho se tsotelle thuto ea botho, kapa ho phehella haholo lithahasello tsa boikhathollo kapa maruo, banna bana ba ikarabellang ba tlameha ho batla litsela tsa ho phekola boemo. Baholo ba alositseng “mohlape oa Molimo” ba tla etsisa Jehova le Molisa ea Molemo, Jesu Kreste, ka hore ba fane ka thuso e tšoanelehang ea botho kapa, ka linako tse ling, ba fane ka keletso e hlokahalang libokeng. (Ba-Galata 6:1) Ka litsela tsena le tse ling, baholo ba lerato ba hlahisa bopaki ba hore ba nka ka ho teba boikarabelo ba bona ba ho alosa.—Liketso 20:28.
Ho Alosa ke Taba e Tebileng
17. Ho hlokahala eng ho tšoaneleha u le moholo?
17 Ho alosa “mohlape oa Molimo” ke mosebetsi o tla hloka ho bongata ho moholo. Litekanyetso tse phahameng tse tlamehang ho finyelloa ho tšoanelehela tokelo ena li ngotsoe ka ho hlaka ho 1 Timothea 3:1-7, NW; Tite 1:5-9, le 1 Petrose 5:1-4. Hase moena ofe le ofe ea ka sebeletsang boemong bona, hobane ke banna ba moea feela ba jarang boikarabelo ba bona ka nepo. (1 Ba-Korinthe 2:6-16) Banna ba bangata bao e seng baholo ba ka tšoanelehela tokelo ena, empa pele ba ‘tlameha ho hahamalla sebaka sa bolebeli.’ E tlameha ho ba liithuti tse khothetseng tsa Lentsoe la Molimo hore ba fumane kutloisiso e tebileng ea Iona. Ba lokela ho ipaka ba tšoanelehela ho buelloa kahobane ba finyella litlhoko tsa Mangolo tsa ba khethoang e le baholo, balisa ba tšoanelehang ba “mohlape oa Molimo.”
18. Pauluse o ile a ikutloa joang ka liphutheho, ’me ba bang ba kopanela boikutlong ba hae joang?
18 Molisa ea Molemo, Jesu Kreste, o sebeletsa ka tlase ho Jehova Molimo e le hlooho ea phutheho ea Bokreste. (Johanne 10:11; 1 Ba-Korinthe 11:3; Ba-Efese 5:22, 23) ’Me e tlameha e be Jesu o thabile hakaakang ha a e-na le balisa ba tlasana ba mohlape ba etellang linku pele ka tšoanelo le ho li sireletsa! Banna bana ba moea ba finyella litšoaneleho tse phahameng tsa Mangolo tse lebeletsoeng ho baholo ba Bakreste. Ho feta moo, ba na le kameho e tebileng ka mohlape joaloka moapostola Pauluse, ea itseng: “Ha ho sa baloe lintho tseo [mathata le bohloko] tse tsoang ka ntle, ka matsatsi ’ohle moea oa ka o ne o khathatsehile ka liphutheho. Ke mang ea fokolang, ’na ke sa fokole? Ke mang ea khopjoang, ’na ke sa che?” (2 Ba-Korinthe 11:23-29, NW) Pauluse o ile a etela libaka tse ngata, ’me ka matsatsi ’ohle ‘o ne a khathatseha ka liphutheho tsohle,’ joaloka balebeli ba etang kajeno. Ka ho tšoanang, baholo ba khethiloeng phuthehong ka ’ngoe ba lokela ho khathatseha ka linku tse mohlapeng oa bona tse beiloeng kalosong ea bona e le balisa ba moea.
19. Ho tla etsahala eng haeba Ba-Heberu 13:17 e sebelisoa ’me baholo ba tsoela pele ho nka ka ho teba boikarabelo ba bona ba ho alosa?
19 Ho alosa “mohlape oa Molimo” ke mosebetsi o boima, empa o tlisa moputso o mongata. Ka baka leo, lōna balisa ba mohlape, sireletsang tokelo ea lōna e khethehileng. Alosang linku tsa Molimo hantle. ’Me e se e ka batho bohle ba kang linku ba ka sebelisana ka ho shoetseng le balisa ba tlasana ba khethiloeng ka moea o halalelang. Pauluse o khothalitse: “Utloang balisa ba lōna, ’me le ipee ka tlase ho bona, hobane bona ba falimehela meea ea lōna, etsoe ba tla e botsoa.” (Ba-Heberu 13:17) Ha batho bohle ba inehetseng ho Jehova ka pelo eohle ba sebetsa hammoho, tlhohonolofatso e enneng ea moea le melemo e mengata e tla tsoela pele e le teng ka baka la tšebeletso e tšepahalang ea baholo ba Bakreste ba nkang ka botebo boikarabelo ba bona ba ho alosa.
Na U ka HIalosa?
◻ Ke hobane’ng ha balisa ba moea ba tlameha ho sebeletsa ka boithaopo?
◻ Ke hobane’ng ha baholo ba lokela ho phema ho batla leruo ka thetso?
◻ Ke hobane’ng ha ho fosahetse hore baholo ba buse mohlape oa Molimo ka thata?
◻ Ke hobane’ng ha balebeli e lokela ho ba mehlala ea mohlape?
◻ Likotsi tse ling tseo balisa ba lokelang ho sireletsa “mohlape oa Molimo” ho tsona ke life?
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Joaloka balisa ba mehleng ea khale, baholo kajeno ba “alosa mohlape oa Molimo” ka lerato