Baboleli ba ’Muso baa Tlaleha
Lerato, “Tlamo e Phethehileng ea Bonngoe”
LERATO har’a Bakreste ke “tlamo e phethehileng ea bonngoe,” ’me haeba le bontšoa le hlahisa boena ba lefatše lohle. (Ba-Kolosse 3:14, NW) ‘Tlamo ena e phethehileng ea bonngoe’ e bontšoa ke baena ba rōna Afrika ha ba bontša lerato e mong ho e mong le bakeng sa Jehova, Monei le Motšehetsi oa Bophelo.—Pesaleme ea 36:9; Liketso 17:28.
◻ Ka baka la komello e ileng ea hlasela Zimbabwe ka lilemo tse tharo, libaka tse ngata li ile tsa hlalosoa li le boemong bo lesitsi. Sena se ile sa ama baena ba rōna ba lulang libakeng tseo. Leha ho le joalo, Lipaki tse ling tsa arabela hantle haholo thusong ea phallelo. Ha e le hantle ha neheloa liaparo tse ngata haholo hoo ho ileng ha hlokahala hore ho etsoe tsebiso e laelang baena ho khaotsa ho tlisa menehelo ho fihlela ba amohela tsebiso e ’ngoe. Thuso ena, hammoho le ea ’muso, tsa tlatsa litlhoko tsa baena ba rōna. Litlaleho tsa ofisi ea lekala li bontša hore “ba sa ntseng ba hloka thuso ba fumana tlhokomelo.”
Thuso ena e lerato ea baena ba rōna ha ea ka ea tsoela boeeng. Monna e mong ea sa lumeleng a bolella mosali oa hae eo e leng Paki, a re: “Ha ba bang ba nkela batho sohle seo ba nang le sona, Iōna [Lipaki] le fana ka lijo le liaparo.” Ba bang le bona ba boletse mantsoe a monate.
Lerato har’a Lipaki tsa Jehova le sebeletsa e le “tlamo e phethahetseng ea bonngoe,” ’me le ba khetholla e le Bakreste ba ’nete.—Johanne 13:35.
◻ Mohlala o mong oa lerato le bonngoe har’a batho ba Jehova o hlokometsoe Kopanong ea Setereke ea “Bonngoe ba ’Muso” e neng e tšoaretsoe Freetown, Sierra Leone. Ba neng ba tlile kopanong ba ne ba hlaha Guinea le Liberia, ha esita le libakeng tse ling tsa Sierra Leone. Mananeo a mabeli a ne a tsoela pele ka nako e le ’ngoe—le leng ka Senyesemane le se-Krio, ha le leng le ne le le ka se-Kisi le Sefora. TIaleho ea lekala e hlalosa lerato le bonngoe tse bonahalitsoeng kopanong eo. E re:
“Ebile motsotso o hlasimollang ka sebele ha baena ba buang se-Kisi le Sefora ba kopana le baena ba leng lenaneong la Senyesemane bakeng sa pina le thapelo tse phethang. Menyepetsi e ile ea theoha marameng a ba bangata ha ba shebile batho ba kaholimo ho 400 ba feta lebaleng ho tla kopana le bona borapeling bo kopaneng ba Jehova pineng le thapelong.” E qotsa mohlokomeli e mong a itse: “Jehova o tseba kamoo a hlophisang batho ba hae. Ke pontšo e hlakileng hakaakang ea bonngoe!”
Bonngoe bona bo totobala haholo ha re hlokomela kamoo babōkani ba neng ba hlaha melokong e sa tšoaneng, empa ba kopane ka khotso. Ka sebele ke moea oa Jehova o ka phethahatsang sena. Bonngoe bona bo profetiloe ho Tšenolo 7:9: “Ka mor’a tseo, ka talima, ’me ka bona bongata bo boholo ba batho, bao ho seng motho ea ka tsebang ho bo bala, ba lichaba tsohle, le ba mefuta eohle, le ba lipuo tsohle, ba eme pel’a terone le pel’a Konyana, ba apere liaparo tse telele tse tšoeu, ba tšoere lipalema matsohong a bona.” Temana ea 10 ea khaolo e tšoanang e bontša sephiri sa bonngoe bona: “Ba ntse ba hoa ka mantsoe a phahamileng, ba re: Poloko ke ea Molimo oa rōna, o lutseng teroneng, le ea Konyana.”