Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 1/1 maq. 3-4
  • Banna ba Lipere Tsa Mohlolo ba Tšenolo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Banna ba Lipere Tsa Mohlolo ba Tšenolo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Rarolla Mohlolo oa Banna ba Lipere
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Banna ba Lipere ba Tšenolo—Kamoo ho Palama hoa Bona ho U Amang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Bapalami Ba Bane ba Lipere-ke Bo-mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
  • Bapalami ba bane ba Lipere le Uena
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 1/1 maq. 3-4

Banna ba Lipere Tsa Mohlolo ba Tšenolo

U SHEBELLETSE u hloletsoe ha pere e emeng moetse, mohatla o fokaela, e famotse linko e tsubella har’a mafika. Mopalami ea hloahloa o bonahala a khomaretse saleng joalokaha e ka ke karolo ea phoofolo ena e mabela.

Hore na u etela motebong oa likhomo lihlabeng tsa naha ea Australia kapa, bohole ba halofo ea lefatše ho tloha moo, makhulong a metebo ea Amerika, ho bona khalala ea sepalami ka sebele ke bokhabane. Ho khahlehang hape ke sehlopha sa lipere tse rutiloeng le bapalami ba koetlisitsoeng hantle.

Bapalami ba joalo hammoho le lipere tsa bona ba re siea re hloletsoe. Empa, ha e le lipere le bapalami ba bonoeng ke mongoli oa buka ea Tšenolo lia makatsa ha re li sheba! Ke tsa mohlolo ’me li boetse lia tšosa. Banna bana ba lipere ba tsebahala ka bophara e le Banna ba Lipere ba Tšenolo.

Inahanele joale, u tobiloe ke bapalami ba bane ba hloahloa, e mong a bile a tsoka sabole! Hlokomela mebala ea lipere tsa bona. E fapane. Pere e ’ngoe e tšoeu, e ’ngoe e khunong, e ’ngoe e ntšo, ’me e ’ngoe e tšehla ba litau. Ruri ke pono e makatsang le ea mohlolo.

Latela tlaleho e fetang ka potlako ea seo mongoli oa Bibele, moapostola Johanne, a se boneng. O re: “Eaba kea talima, ka bona pere e tšoeu, ’me ea e kaletseng a tsoere seqha; a fuoa moqhaka, ’me a tloha e le ea hlōlang le ea tla hlōla. . . . ’Me ha tsoa pere e ’ngoe e khunong, ’me ea e kaletseng a fuoa matla a ho felisa khotso lefatšeng, hore batho ba bolaeane, ’me a neoa lerumo le leholo. . . . Eaba kea talima, ka bona pere e ntšo, ’me ea e kaletseng a tšoere sekala letsohong la hae. ’Me ka utloa lentsoe . . . le re: Khala e le ’ngoe ea koro e rekoe ka denare [moputso oa letsatsi], le khala tse tharo tsa harese ka denare [moputso oa letsatsi] . . . Eaba kea talima, ka bona pere e tšehla, ’me ea e kaletseng lebitso la hae e le Lefu, a lateletsoe ke nģalo ea bafu; a fuoa matla holim’a karolo ea bone ea lefatše ho bolaea batho ka lerumo, le ka tlala, le ka lefu, le ka libatana tsa naha.”—Tšenolo 6:2-8.

Ha esale ho tloha ha pono ena e qala ho ngoloa, seo e se bolelang se qakile babali ba se nang palo. Ke eng se emeloang ke lipere tsee tsa mohlolo le bapalami ba tsona? Ho palangoa hoa tsona ho qalile neng? Na ho palangoa hoa tsona ho na le moo ho amanang le bophelo kajeno? Ho ’niloe hoa fanoa ka litlhaloso tse ngata tse sa tšoaneng ka se ka ’nang sa emeloa ke lipere tsena le bapalami ba tsona, le hore na ha e le hantle ho palangoa hoa tsona ho etsahala neng.

Phapang e khōlōhali e fumanoa litlhalosong tsa pere e tšoeu le mopalami oa eona. Ka mohlala, New Catholic Encyclopedia e hlalosa hore pere e tšoeu e emela ‘ho hlōla hoa molaetsa kapa bompoli.’

Bukeng Daniel and the Revelation, Uriah Smith o fana ka tlhaloso ena: “Pere e tšoeu . . . ke setšoantšo se loketseng sa tlhōlo ea molaetsa lekholong la pele la lilemo . . . Bosoeu ba pere bo senola bohloeki ba tumelo mehleng eo.”

The Expositor’s Bible e re: “Tlas’a mopalami oa pele re hlahisetsoa tsela ho e-na le botho ba Kreste, boemong ba pejana ba ho hlōla hoa eona ho tsoelang pele, le ka tšepiso ea ho hlōla hoa eona kamoso. . . . Re ithuta hore tsela ena e lefatšeng, hore ’muso ona o har’a rōna, le hore ba o hanyetsang ba tla hlōloa ka ho feletseng.” Leha ho le joalo, Woodrow Kroll, oa Motheo oa Bokreste oa Bajode, o ikutloa hore mopalami oa pere e tšoeu ke Antikreste.

Ba bang ba ’nile ba hlahisa hore ho na le lipere tse hlano le bapalami ba bahlano, e seng ba bane feela. Joale re ka tseba joang hore na e nepahetseng ke efe litlhalosong tse ngata hakana? Re ka tiisa joang hore ho na le kutloisiso e nepahetseng? Feela banna baa ba lipere tsa mohlolo ba Tšenolo ke bo mang, hona ba qalile ho palama neng?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela