“Lintlha Tsa Bibele Tsa Sehlooho” Bakeng sa ho Fana ka Kutloisiso e Kholoanyane
HA BAJODE ba khutla kholehong Babylona nakong ea lekholo la botšelela la lilemo B.C.E., banna ba ikarabellang har’a bona “ba phuthehela ho Esdrase mongoli, ho tla mamela [“ho tla rua kutloisiso e kholoanyane,” NW] hlaloso ea mantsoe a molao.” Kutloisiso e eketsehileng ea bona e ile ea fella ka eng? Batho ba etsa Mokete oa Metlotloane o Moholohali ka ‘monyaka o moholo’!—Nehemia 8:13-18.
Joalokaha mohlala oo o bontša hantle, ho fumana kutloisiso ka Mangolong ho ka ba le phello e ntle haholo ho batho ba Molimo. Ka baka leo, litokollong tsa January 15, February 15, le March 15, 1986, Molula-Qhooa o tla ba le sehlooho se reng “Lintlha tsa Bibele tsa Sehlooho.” Lihlooho tsena li tla nolofaletsa babali ba rona ho rua kutloisiso e tebileng ka libukeng tsa Bibele tsa Esdrase, Nehemia, le Esthere.
Lithuto tsena li tla re thusa ho phelisa liketsahalo tse hlollang tse amanang le ho tsosolosoa hoa borapeli ba ’nete Jerusalema, ho hahuoa hoa tempele ea Jehova moo, le ho bolokoa hoa batho ba Molimo khahlanong le tlhaselo ea sera. Ka sebele, ka ho bala libuka tsena joalokaha ho hlahisitsoe ho “Lintlha tsa Bibele tsa Sehlooho,” Lipaki tsa Jehova le metsoalle ea tsona li tla khona ho fumana molemo o moholo ho koaheloeng hoa taba e tšoanang ea Mangolo Sekolong sa beke le beke sa Puso ea Leholimo. Ho phaella moo, baena ba abetsoeng ho nehelana ka “Lintlha tsa Sehlooho tse Tsoang ’Malong oa Bibele” lenaneong la sekolo ba ka sebelisa sehlooho “Lintlha tsa Bibele tsa Sehlooho” molemong o moholo haholo oa ho arabela lipotso tsa Mangolo le ho re supisa seo re ka ithutang sona.—Baroma 15:4.
[Chate e leqhepheng la 7]
Marena a Persia a Boletsoeng ho Esdrase, Nehemia, le Esthere
Puso (B.C.E.) Lebitso la Histori Lebitso la Bibele Tšupiso ea Lengolo
ho e ka bang ka
550-529 Cyruse e Moholo Cyruse Esdrase 1:1; 4:5
529-522 Cambyses II Assueruse Esdrase 4:6
522 (likhoeli tse 8) Gaumata (Smerdis) Artaxerxese Esdrase 4:7-23
521-486 Dariuse I Dariuse Esdrase 4:5, 24; 6:1-15
486-474 Xerxes I Assueruse Buka ea Esthere
474-423 Artaxerxese I (Longimanus) Artaxerxese Esdrase 6:14; 7:1-26; Nehemia 2:1-18