Ho Phehella Pakane ea Bophelo re Kopane
“Bophelo bo sa feleng ke hore ba u tsebe, uena Molimo o ’notši oa ’nete, le Jesu Kreste eo u mo romileng.”—JOHANNE 17:3.
1. (a) Ke ketsahalong efe moo Jesu a buileng ka “bophelo bo sa feleng” ka lekhetlo la pele? (b) Ke bo-mang ba ka ’nang ba finyella pakane ee?
O TLA a patile mohoasa, a sa bonoe, har’a mafifi a bosiu. Ke Nikodema. O khahliloe ke lipontšo tseo Jesu a ileng a li etsa Jerusalema nakong ea Paseka ea 30 C.E. Ho Mofarisi enoa, Mora oa Molimo o tlaleha ka lekhetlo la pele “bophelo bo safeleng,” a eketsa ka mantsoe ana a thobang pelo: “Molimo o ratile lefatše hakalo, o bile oa le nea Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši; hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:15, 16) Ke monyetla o moholo hakaakang o bulehetseng lefatše la batho ba lopolotsoeng hona joale! Koana, le Mofarisi ea ikhohomosang a ka ’na a ikokobetsa e le hore a ka finyella pakane ena.
2. (a) Ke tlas’a maemo afe Jesu a ileng a boela a bua ka “bophelo bo sa feleng”? (b) Metsi a fanang ka bophelo a fumantšoa bo-mang?
2 Ka pele kamorao ho moo, Jesu o nka leeto ho tloha Jerusalema ho ea Galilea. O khefutsa selibeng Samaria ha barutuoa ba hae ba il’o reka lijo. Mosali e mong o tla ho tla kha metsi. Jesu o re ho eena: “E mong le e mong ea noang metsi ao ke mo neang ona, a ke ke a hlola a nyoroa le ka mohla o le mong, ’me metsi ao ’na ke mo neang oona, e tla ba ka ho eena seliba sa metsi a phallelang bophelong bo sa feleng.” (Johanne 4:14) Kaha Basamaria ba khesoa ke Bajode, ke hobane’ng ha Jesu a fana ka tšepo ee ea bohlokoa hakaale ho mosali eo? Ho feta moo, joalokaha Jesu a tseba, mosali enoa o bile le banna ba bahlano le hore hona joale o phela ka boitšoaro bo bobe le monna eo e seng oa hae. Empa, joalokaha Jesu a boletse mona, metsi a ’nete a fanang ka bophelo a fumantšoa le ba khesoang ba lefatše la batho haeba feela bana ba baka ’me ba hloekisa bophelo ba bona.—Bapisa Ba-Kolosse 3:5.
3. (a) Jesu o khothaletsa “lijo” tsa mofuta ofe? (b) Johanne 4:34-36 e phethahalitsoe joang?
3 “Bophelo bo sa feleng”! Jesu o tsoela pele ho ntlafatsa sehlooho sena ha barutuoa ba hae ba khutla ’me ba mo phehella hore a je. O-oa ba bolella: “Sejo sa ka ke ho etsa thato ea ea nthomileng, le ho phetha mosebetsi oa hae.” Ke mosebetsi ofe? Jesu o re: “Emisang mahlo a lōna, le talime masimo, hobane a se a soeufaletse ho kotuloa. Ea kotulang o nka moputso, ’me o bokellela bophelo bo sa feleng lijo.” Kotulo e joalo e ne e lebelletsoe, le har’a Basamaria ba tlasana, ’me e fetohile ’nete e thabisang, joalokaha tlaleho e bontša. (Johanne 4:34-36; Liketso 8:1, 14-17) Ho kotulela bophelo bo sa feleng ho tsoela pele ho fihlela kajeno, empa joale tšimo ke lefatše. Barutuoa ba Jesu Kreste ba ntse ba lokela ho etsa ho hongata mosebetsing ona oa Morena.—Mattheu 13:37, 38; 1 Ba-Korinthe 15:58.
“Mpho ea Bophelo”
4. Jesu o arabela Bajode joang mabapi le ho boloka Sabbatha?
4 Selemo sea feta. Joale ke nako ea Paseka ea 31 C.E. Kaha e le tloaelo ea hae, Jesu o teng Jerusalema bakeng sa mokete. Empa Bajode baa mo hlorisa kahobane a etsa liketso tsa lerato tsa ho phekola ka Sabbatha. Jesu o ba arabela joang? O re: “Ntate o sa sebetsa le joale, le ’na kea sebetsa.” Kahoo, ba batla ho ’molaea.—Johanne 5:17, 18.
5, 6. (a) Jesu joale o hlalosa kopano efe ea bohlokoa? (b) Ke ntlheng efe Jesu a nang le “bophelo ka ho eena”?
5 Leha ho le joalo, Jesu o tsoela pele ho hlalosa kopano ea bohlokoa ka ho fetisisa—bonngoe, bo teng pakeng tsa hae le Ntate. O bolella Bajode bao hore: “Hobane Ntate o rata Mora, ’me o ’montša tsohle tsee eena a li etsang; o tla ’montša le mesebetsi e meholo ho ena, le tle le makale.” O bontša hore Ntate o mo file matla a maholohali, o re: “Ea utloang lentsoe la ka, ’me a lumela ea nthomileng, o na le bophelo bo sa feleng; ha a ka ke a tla kahlolong, empa o tlohile lefung ho kena bophelong.”—Johanne 5:20,24.
6 E, esita le ba ‘shoeleng’ ponong ea Molimo ka lebaka la sebe sa bona seo ba se futsitseng ba ka ’na ba “utloa lentsoe la Mor’a motho” ’me ba phela. Empa joang? Jesu o-oa hlalosa: “Hobane joale ka ha Ntate a e-na le bophelo ka ho eena, o neile le eena Mora hore a be le bophelo ka ho eena.” Mantsoe ao, “bophelo ka ho eena” a ka ’na a boetse a ngoloa e le, “mpho ea bophelo ka ho eena.” (Johanne 5:25, 26, Ref. Bi., botlaaseng ba leqephe) Kahoo Jesu o khona ho fa batho boemo bo botle pel’a Molimo. Ho feta moo, o khona ho tsosa le ho kenya bophelo ho bao ba robetseng lefung.—Johanne 11:25; Tšenolo 1:18.
7. (a) Pesaleme ea 36:5, 9 e re bolella eng ka Molimo? (b) Jehova o putsitse Mora oa hae ea tšepahalang joang?
7 Ha esale Jehova a e-na le bophelo ka ho eena. Ho ngotsoe tjena ka eena: “Seliba sa bophelo se ho uena.” (Pesaleme ea 36:5, 9) Empa joale Ntate o tsositse Mora oa hae ea tšepahalang bafung e le “thakangoaha ea ba robetseng” lefung. A e-na le “mpho ea bophelo ka ho eena,” Jesu o ne a fuoe matla a ho tšoarela libe, ho ahlola, le ho tsosa bafu, ba e-na le tebello ea bophelo bo sa feleng.—1 Ba-Korinthe 15:20-22; Johanne 5:27-29; Liketso 17:31.
Kopano e Thabisang
8, 9. (a) Re ka etsa joang ho boloka pakane ea bophelo bo sa feleng e khanya kapel’a rōna? (b) Molimo o lokisetsa eng mabapi le bophelo bo sa feleng? (c) Ke bo-mang ba tla kopanela mahlohonolong aa, hona joang?
8 Ka hona, morutuoa oa Jesu Juda o-oa re eletsa: “Le ipoloke leratong la Molimo, le ntse le lebeletse mohau oa Morena oa rona Jesu Kreste, hore le fuoe bophelo bo sa feleng.” (Juda 21) Eo ke pakane ea bohlokoa hakaakang—bophelo bo sa feleng! ’Me bona e lokela ho ba bophelo phethehong, ho latela thato ea ’Mōpi oa rōna ea phethahetseng le tokisetso eo a e etsang ka Mora oa hae. Bo tla hloka mosebetsi o thata oo hangata o tšoaeang ntoa bakeng sa ho phela tsamaisong ea hona joale ea lintho. Tsamaisong ea lintho e tlang, masoabi, ho kula, tlolo ea molao, tšenyeho, le lona lefu, li ke ke tsa hlola li e-ba teng!—Mikea 4:3, 4; 1 Ba-Korinthe 15:26.
9 Ke bo-mang ba tla kopanela ho bona litšepiso tsee, hona hokae? Ke ba lumelang sehlabelong sa Jesu ’me ba phaella ka mesebetsi ea bomolimo tumelong eo. Bana e e-ba ba kopaneng hammoho ka kutloano le Bakreste ba bang lefatšeng ka bophara bonngoeng ba tumelo.—Jakobo 2:24; Ba-Efese 4:16.
10. (a) ‘Tsamaisong’ ea Molimo, ke eng e tlang pele? (b) Ebe “tsamaiso” e etsa eng kamor’a moo?
10 Ka boithatelo ba oona, Molimo o rerile “[“tsamaiso,” NW] . . . o tle o bokellele tsohle ho Kreste, leha e le tse leholimong, leha e le tse lefatšeng.” (Ba-Efese 1:8-10) Ena ke tokisetso ea ntlo ea Molimo e qalang ka ho bokelloa ha majalefa hammoho le Kreste a 144 000. Bana “ke ba lopolotsoeng har’a batho, e be lithakangoaha ho Molimo le ho Konyana [Jesu Kreste].” Ba na le kabelo “tsohong ea pele [ea leholimo]” e le hore ba ka sebeletsa le Kreste e le marena le baprista ka lilemo tse sekete. Joale ebe tsamaiso ea Molimo e tsoela pele ho bokella “tse lefatšeng,” ho qala ka ‘bongata bo boholo bo se nang palo bo tsoang lichabeng tsohle, mefuteng eohle, le merabeng eohle, le lipuong tsohle.’ Bahlanka bana ba Molimo ba tla tsoa “mahlomoleng a maholo” ka tebello ea ho fumana bophelo bo sa feleng ‘lefatšeng le lecha.’—Tšenolo 14:1, 4; 20:4, 6; 7:4, 9-17; 21:1, 4.
11. (a) Ke ’kopanong’ efe ea bohlokoa eo Ba-Efese 1:11 (NW) e buang ka eona? (b) Johanne 15:4, 5 e sebetsa joang ho ba ‘kopanong’ ee?
11 Bara ba Molimo ba tlotsitsoeng ka moea, e leng “tse leholimong,” ba thabela kamano e haufi-ufi le Jesu le Ntate. Ba ‘entsoe majalefa’ a ’muso ba kopane le Jesu. (Ba-Efese 1:11) Jesu o ile a ba khothaletsa ho lula ba kopane ho eena, feela joalokaha makala a lula a khomaretse mohloareng, e le hore a ka bea litholoana haholo. Ntle le hore kopano ena ea bohlokoa le Jesu Kreste e bolokoe, makala a “sitoa ho etsa letho.”—Johanne 14:10, 11, 20; 15:4, 5; 1 Johanne 2:27.
Hona Joale “Linku tse Ling” Lia Kopanela
12. (a) Kamano ke efe ea “linku tse ling” le “mohlatsoana”? (b) 1 Johanne 2:1-6 e sebetsa joang mabapi le sehlopha ka seng ho tsee?
12 Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka limillione tsa batho ba bang ba kang linku ba ’nileng ba aroloa ‘lipōling’ tsa lefatše ka lilemo tse fetileng tse 50? (Mattheu 25:31-40) Bana hase ba “mohlatsoana” oa Jesu o filoeng ’muso, empa joaloka “linku tse ling,” ba ikopanya le bana e le karolo ea mohlape o moholo o sebeletsang bonngoeng le Ntate le Mora. (Luka 12:32; Johanne 10:16) Moapostola Johanne o fana ka tiiso ea hore Jesu Kreste ke “pheko ea libe tsa rōna [ke hore, tsa “mohlatsoana”]; e seng ea tsa rōna feela, empa e le le ea tsa lefatše lohle.” Kahoo, ‘linku tsena tse ling’ tse bokeletsoeng ho tsoa lefatšeng la batho le tsona li ka ’na tsa thabela kopano ea bohlokoa kapa kamano ea setsoalle, le Molimo le Kreste. Ho tšoana le seo Johanne a tsoelang pele ho se bolela: “Ea bolokang lentsoe la oona, lerato la Molimo le phethehile ruri ka ho eena; ke kahoo re tsebang hobane re ho oona.” Pele, ke “mohlatsoana” e ntoo ba “linku tse ling” ba tlas’a tlamo ea ho tsamaea ka mokhoa oo Jesu a tsamaileng ka oona.—1 Johanne 2:1-6.
13. (a) Ho Johanne 17:20, 21, Jesu o rapella eng? (b) Ke eng e bontšang hore kōpo ee ha ea lekanyetsoa feela ho majalefa hammoho le Kreste?
13 Ka hona, kajeno lihlopha tsena tse peli, sa leholimo le sa lefatšeng, li ‘kopane le Ntate le Mora’—tumellanong e feletseng le bona phethahatsong ea mosebetsi oa Molimo. Jesu o ile a rapela, hore “Bohle ba tle ba be bang [bonngoeng], joale ka ha uena, Ntate, u le ho ’na, le ’na ke le ho uena; le hona ba be bang ho rōna.” Bonngoe bona ha boa lekanyetsoa feela ho bolela bojalefa bo kopaneng, hobane ka ho hlakileng barutuoa ba Jesu ha e be karolo ea ‘’mele leha e le ofe oa Jehova’ kapa ’majalefa hammoho le Jehova.’ Ba “bang” ka hore ba bontša bonngoe tšebetsong, ba le pelo e le ’ngoe le kelello e le ’ngoe le Jehova le Kreste, ha ba pakela lefatše la batho.—Johanne 17:20, 21.
14. Ke ka tsela efe e khethehileng sehlopha sa leholimo se kopaneng le Kreste, ’me ke eng e ba hlokomelisang see?
14 Leha ho le joalo, ba sehlopha sena se tlotsitsoeng sa leholimo ba thabela kopano eo hona joale ka tsela e khethehileng, joalokaha ba boletsoe ba lokile mabapi le bophelo, ka tšebeliso ea bohlokoa ba sehlabelo sa Kreste. Kahoo, ba ka tsoaloa ka moea ka tebello ea ho ba majalefa hammoho le Kreste Jesu. Ba lumela ho nkuoa ha bona joaloka bara, ba re: “Le oona moea [matla a sebetsang a tsoalang a Molimo] o emelana le moea [tšekamelo e busang kelello] oa rōna, hore re bana ba Molimo.”—Ba-Roma 3:23, 24; 5:1; 8:15-18.
15. Ba nang le tebello ea bophelo lefatšeng ba tšoaretsoe eng hona joale le kamoso?
15 Mabapi le ba nang le tebello ea bophelo lefatšeng, hona joale ba boleloa ba lokile e le metsoalle ea Molimo, joalokaha Abrahama, Rahaba, le ba bang ba mehleng ea boholo-holo ba ne ba le joalo. Nakong ea Puso ea Kreste ea Lilemo tse Sekete, butlebutle ba tla phahamisetsoa phethehong ea botho, e le hore kamor’a teko ea ho qetela “tse bopiloeng li tla holloa bohlankeng ba tšenyeho, li tle li be tokollong ea khanya ea bana ba Molimo.” (Ba-Roma 8:19-21; Jakobo 2:21-26) Kahoo, batho ba ikobelang molao ba tla boleloa ba lokile bakeng sa bophelo bo sa feleng lefatšeng.—Bapisa Johanne 10:10; Esaia 9:7; 11:1-9; 35:1-6; 65:17-25.
16. (a) Ke lintlheng life moo “mohlatsoana” o bontšanang ‘kopano’ le “linku tse ling”? (b) Empa ke hobane’ng ha Johanne 3:3-5 e sebetsa feela ho “mohlatsoana”?
16 Joaloka batho ka bo mong, bao ba “mohlatsoana” le letšoele le leholohali la “linku tse ling” ba bontša cheseho e thabisang ka ho tšoanang bakeng sa tšebeletso ea Molimo. (Luka 12:32; Johanne 10:16; Tite 2:13, 14) Boholo ba batlotsuoa ba setseng, bo se bo batla bo holile lilemong le phihlelong ea Bokreste, empa lihlopha tsena ka bobeli li bontša botho ba Bokreste le tholoana ea moea. (Ba-Efese 4:24; Ba-Galata 5:22, 23) Leha ho le joalo, ho na le phapang, joalokaha Jesu a e bontšitse Nikodema le pele a bua ka bophelo bo sa feleng. O itse: “Motho ha a sa tsoaloe la bobeli, o sitoa ho bona ’muso oa Molimo.” (Johanne 3:3-5) Kahoo, ho tsoaloa hape ha moea ho latsuoa ke Bakreste ba kolobelitsoeng bao Molimo o ba biletsang ho ea ba majalefa hammoho le Kreste ’musong oa hae. (1 Ba-Korinthe 1:9, 26-30) “Linku tse ling” ha li hloke ho tsoaloa ho joalo hape, hobane pakane ea tsona ke bophelo bo sa feleng Paradeiseng e tsosolositsoeng lefatšeng, e le bafo ba ’muso oo.—Mattheu 25:34, 46b; Luka 23:42, 43.
Sehopotso—Le Selekane se Secha
17. (a) Ke hobane’ng ha bohle ba nang le pakane ea bophelo ba lokela ho kopana le batho ba Molimo ka la 24 Tlhakubele? (b) Ke eng seo re se hlokomelang ka mokete oa Sehopotso oa 1985?
17 Ka la 24 Tlhakubele hoba letsatsi le likele, ke nako ea hore Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara li boloke Sehopotso sa lefu la Jesu sa 1986. Tlhokomelo e tla lebisoa ho ho teleng ha Jesu ’mele le mali a bophelo tsa hae tse phethahetseng e le sehlabelo ho tlosa qoso lebitsong la Ntata’e le morero molemong oa batho ba baetsalibe. (1 Ba-Korinthe 11:23-26) Ka hona, bohle ba nang le pakane ea bophelo (hore na ke leholimong kapa lefatšeng) ba tla rata ho bokana le batho ba Molimo lefatšeng ka bophara bakeng sa ketsahalo ena e thabisang. Ka 1985 palo-khōlō ea batho ba 7 792 109 e ile ea ikhopotsa lefu la Jesu. Leha ho le joalo, ba jang bohobe le ho noa veine tsa Sehopotso, tse tšoantšetsang ’mele oa Jesu le mali a hae, e bile feela ba 9 051. Hobane’ng ba fokolang hakaale?
18, 19. (a) Jesu o bua ka lilekane life ho Luka khaolo ea 22? (b) Selekane se seng le se seng se sebeletsa morero ofe? (c) Joalokaha a ne a tšoantšetsoa ke Moshe, Jesu o sebeletsa e le ” ’muelli” a le mong joang?
18 Jesu o ile a re’ng ka bosiu bola ba ha a thea Sehopotso sa lefu la hae? Hoba a fetisetse bohobe ho barutuoa ba hae, o ile a boetse a ba fa veine ka tsela e tšoanang, a re: “Senoelo sena ke selekane se secha maling a ka, a tšolleloang lōna.” Hamorao, a tsoela pele ho hlalosa lebaka leo a ba nkelang selekaneng se secha ka lona, a re: “Ke lōna ba tiiselitseng le ’na melekong ea ka. ’me ’na ke le nea ’muso, joale ka ha ntate a ’neile oona, le tle le be ba jang le ba noang tafoleng ea ka ’musong oa ka; ’me le tle le lule literoneng, le ahlole meloko e leshome le metso e ’meli ea Iseraele.”—Luka 22:19, 20, 28-30.
19 Moprofeta Jeremia o ne a ile a profeta selekane se secha, a bolela hore ka sona Jehova o ne a tla tšoarela batho ba hae liphoso le sebe e le hore ba ka “tseba Jehova” ka kamano e haufi-ufi haholo. (Jeremia 31:31, 34) Feela joalokaha Moshe e ne e le “’muelli” oa selekane sa Molao le Iseraele oa nama, kahoo Jesu e e-ba “’muelli oa selekane [sena] se fetisang” seo Molimo o se etsang le “Iseraele oa Molimo” oa moea. Hona ke hore ho tle ho lopolloe ba bitsetsoang ho ea ba majalefa a ’muso le Kreste. Kahoo ba ‘fuoa lefa le sa boleng leo ba le baletsoeng.’ (Ba-Galata 3:19, 20; 6:16; Ba-Heberu 8:6; 9:15; 12:24) Haholo-holo ke ka kutloisiso ena ea Bibele moo Kreste Jesu a sebeletsang e le eena feela “’muelli mahareng a Molimo le batho.”—1 Timothea 2:5, 6.
20. (a) Ke bo-mang ba jang litšoantšetso tsa Sehopotso ka nepo? (b) Ke hobane’ng ha ho le joalo?
20 Joale ke bo-mang ba ka jang le ho noa litšoantšetso tsa Sehopotso tsa bohobe le veine? Ke feela sehlopha seo Molimo o se kenyang selekaneng se secha se entsoeng ka sehlabelo sa Jesu. (Pesaleme ea 50:5) Morero oa selekane sena ke ho lokafatsa majalefa hammoho le Jesu a 144 000 bophelong ba botho pele, e le hore a ka tela tokelo ena ea bophelo ’me a nkeloa ’musong oa leholimo. (Ba-Roma 4:25; 2 Timothea 2:10, 12) Empa ho thoe’ng ka “linku tse ling”?
21. (a) “Linku tse ling” li ruisitsoe molemo joang e le bashebelli Sehopotsong? (b) Mokete oa Sehopotso o lebisa tlhokomelo ho eng, ’me joale ho phahama potso efe?
21 Bao ba sehlopha sa “linku tse ling” ha ba selekaneng sena se secha ’me kahoo ha ba je le ho noa. Leha ho le joalo, kaofela ha bona ba rua molemo o moholo ka ho ba teng moketeng oa Sehopotso e le bashebelli ba hlomphang. Ho ananela ha bona lintho tsa moea ho chorisoa tumellanong le mantsoe a thapelo ea Jesu ho ntate oa hae: “’Me bophelo bo sa feleng ke hore ba u tsebe, uena Molimo o ’notši oa ’nete, le Jesu Kreste eo o mo romileng.” (Johanne 17:3) Hopola hore, mokete oa Sehopotso o lebisa tlhokomelo nameng ea Jesu le maling a hae. Nama ea Kreste le mali a hae tse entsoeng sehlabelo ke tsa bohlokoa bo boholo ho bohle ba phehellang pakane ea bophelo bo sa feleng. Hoo ke ’nete joang ka ba “linku tse ling,” ba sa nkeloang selekaneng se secha ’me kahoo ba sa kopanele litšoantšetsong tsa Sehopotso? Ha re nahaneng ka sena sehloohong se latelang.
U ne U Tla Arabela Joang?
◻ Jesu o ile a fana ka kutloisiso joang ka ho tsoelang pele ka tebello ea bophelo bo sa feleng?
◻ Molimo o tsoetsepele joang le “tsamaiso” ea hae?
◻ Ke hobane’ng ha ho ka thoe “linku tse ling” li ‘kopane’ le Ntate le Mora, le bana babo Kreste?
◻ Ke hobane’ng ha e le Bakreste ba tlotsitsoeng feela ba jang le ho noa litšoantšetso tsa Sehopotso?
[Setšoantso se leqepheng la 13]
“Mohlatsoana” o kopane le “linku tse ling”—ho etsa mosebetsi oa Molimo joalokaha Jesu a o entse