Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 2/15 maq. 30-31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Beke e Ileng ea Fetola Lefatše
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Bethania, ka Tlung ea Simone
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Bethania, ka Tlung ea Simone
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • La 14 Nisane—Letsatsi la Sehopotso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 2/15 maq. 30-31

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

◼ Ho Johanne 6:53, na Jesu o ne bua feela ka Bakreste ba tlotsitsoeng ha a re: Ka ’nete-nete ke re ho lōna: Ekare ha le sa je nama ea Mor’a motho, le sa noe mali a hae, le keke la ba le bophelo ka ho lōna”?

Ka lilemo tse ngata re ’nile ra hlalosa hore mantsoe ana a lekanyelitsoe ho Bakreste ba tlotsitsoeng feela ba tla nkeloa leholimong ho ea busa le Jesu Kreste. Leha ho le joalo, thuto e tsoelang pele ea taba ena e buella tšebeliso e batsi ea Johanne 6:53.

Ka lilemo re ’nile ra talima temana ena leseling la litemana tse ling tse sebelisang lipolelo tse tšoanang. Ka mohlala, poleloana ‘le be le bophelo ka ho lōna’ e tšoana le mantsoe a Jesu ho Johanne 5:26, a neng a sebetsana ka ho khethehileng le Jehova le Jesu. Empa, joalokaha ho hlalositsoe maqepheng 11 le 12 a makasine ena, moelelo oa Johanne 5:26 o fana ka motheo oa ho utloisisa mantsoe ‘ho ba le bophelo ka ho eena’ temaneng eo. Empa Johanne 6:53 e builoe selemo hamorao ’me e na le moelelo o fapaneng.

Tšusumetso e ’ngoe ponong ea rōna ea pele ea Johanne 6:53 e bile tlhaloso ea Jesu ka ‘ho ja nama ea hae le ho noa mali a hae.’ Hona ho tšoana le seo Kreste a se buileng ha a thea Sejo sa Morena sa Mantsiboea. Ha a thea seo o buile ka nama ea hae le mali a hae, ‘me a laela hore litšoantšetso tsena (bohobe bo sa lomosoang le veine) li jeoe le ho nooa ke balateli ba hae ba neng ba tla nkeloa selekaneng se secha le selekaneng bakeng sa ’Muso. (Luka 22:14-22, 28-30) Leha ho le joalo, hape, moelelo oa Johanne 6:53 o hloka ho utloisisoa ka botlalo.

Ha Jesu a ne a bua se tlalehiloeng ho Johanne 6:53, ho thea hoa hae Sejo sa Morena sa Mantsiboea ho ne ho sa le hōle ka selemo. Ha ho le a mong ho ba utloileng Jesu ea neng a e-na le leseli ka ho keteka ka selemo le selemo ka litšoantšetso tsa sebele tse emelang ’mele oa Kreste le mali a hae. Ho e-na le hoo, sehlooho sa Jesu, ho Johanne khaolo ea 6 se amana le nama ea hae ha e bapisoa le manna. Leha ho le joalo, ho ne ho e-na le phapang. Nama ea hae (le, a phaella, mali a hae) e ne e le kholoanyane ho manna a sebele ka hore nama ea hae e ile ea fanoa bakeng sa bophelo ba lefatše, ho nolofaletsa hore bophelo bo sa feleng bo be teng.—Johanne 6:48-51.

Ka lebaka leo, phuputso e ekelitsoeng e sa tsoa totobatsa hore ho ne ho e-na le phapang ea selemo pakeng tsa mantsoe a Jesu ho Johanne 5:26 le tlhaloso tsa hae ho Johanne khaolo ea 6; ’me ho nkile selemo se seng le ho thea hoa hae Sejo sa Morena sa Mantsiboea. Hape, ho fanoe ka khatiso e kholoanyane moelelong o haufi-ufi oa Johanne 6:53. ke kahoo, lihlooho tse maqepheng a 15-20 tsa makasine ona li fanang ka tšebetso e batsi ea Johanne 6:53, li akarelletsa ka bobeli ba kentsoeng selekaneng se secha bakeng sa bophelo leholimong le ba nang le tebello ea bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise.

◼ Litlaleho tsa molaetsa le libuka tsa litšupiso li bonahala li fapana ka hore na Jesu o ile a ja neng ha Simone molepera Bethania le hore o ile a tlotsoa ka oli. E ne e le neng?

Ho bonahala liketsahalo tsena li etsahetse ka la 9 Nisane (almanaka ea Sejode) ea 33 C.E. Empa joalokaha ho bontšitsoe ka tlase mabakeng a ho fihlela qeto ena, u tla bona hore na ke hobane’ng ha boithuto bo tsoetseng pele ba Lentsoe la Molimo bo ka tlisang liphetoho tsebong ea hao le kutloisisong.

Boitsebiso bo qaqileng ba mokete ona bo hlahile ho e meraro ho melaetsa e mene. (Mattheu 26:6-13; Mareka 14:3-9; Johanne 12:2-8) Mattheu le Mareka ba bolela mokete oo hoba ba bue ka ho kena Jerusalema hoa Jesu a palame ka tlholo, ho rohaka hoa hae sefate se sa beeng sa feiga, le karabelo ea hae potsong ea baapostola ka bofelo ba tsamaiso ea lintho. Ka bobeli Mattheu le Mareka ba latela tlaleho ea mokete tšebelisanong ea Juda le baeta pele ba Sejode ka ho eka Jesu. Ho beoa hoa sejo litlalehong tsena ka bobeli ho ne ho ka fana ka maikutlo a hore ho etsahetse ka la 12 Nisane, matsatsi a mabeli feela pele Jesu a ekoa le ho bolaoa ka la 14 Nisane. Kahoo mokete o ne o le ka la 12 Nisane lichateng tse ngata tse bontšang liketsahalo tsa bophelo ba Jesu, ho akarelletsa le tse ling tsa lingoliloeng tsa rōna tse fetileng.

Ho Johanne khaolo ea 12 sejo ha Simone se beoa ka mokhoa o fapaneng. Johanne 12:1 e tlaleha hore Jesu o ile a fihla Bethania haufi le Jerusalema “matsatsi a tšeletseng e nto ba paseka,’’ hoo e neng e tla ba la 8 Nisane. Joale litemana 2-8 li hlalosa sejo sa mantsiboea Bethania, ’me litemana 9-11 li re bolella hore Bajode ba ileng ba utloa hore Jesu o haufi ba ile ba tsoa ho tla mo bona. Litemana 12-15 li bolela hore “ka hosasane” Kreste o ile a kena Jerusalema ka tlhōlo. (Bapisa Liketso 20:7-11.) Kahoo, Johanne 12:1-15 e bontsa hore sejo ha Simone se ne se le ka la 9 Nisane mantsiboea, hoo almanakeng ea Sejode ho neng ho tla tšoaea ho qala hoa letsatsi le lecha, ho neng ho latela ke karolo ea motšehare ea letsatsi leo (la 9 Nisane) e leng ho kena hoa Jesu Jerusalema.

Ka menyetla ena e ’meli, oa bobeli o bonahala o le matlanyana. Hobane’ng? A re bapiseng litlaleho le moelelo oa tsona. Ho Mattheu le Mareka ha ho ea fanang ka letsatsi leha e le lefe bakeng sa mokete ha Simone. Leha ho le joalo, ba bontša hore moketeng oo ho ile hoa hlaha khang holim’a hore Maria o sebelisa oli e theko e boima, ho belaela hoo Johanne a reng ho ne ho etelletsoe pele ke Judase ea meharo. (Mattheu 26:8, 9; Mareka 14:4, 5; Johanne 12:4-6) Joalokaha re bone, ka bobeli Mattheu le Mareka ba latela tlhoro ea mokete le ho atamela hoa Judase baprista ho bona kamoo a ka lefuoang kateng ho eka Kreste. Ka hona e ne e ka ’na eaba Mattheu le Mareka ba boletse tlaleho ea mokete ka mabaka a amanang le sehlooho, ba amahanya bopaki bo bong ba meharo ea Judase le tšebeliso ea ho qetela ea meharo eo.

Leha ho le joalo, Johanne o fana ka letsatsi le tobileng bakeng sa mokete, a bontša hore o le boletse boemong ba lona ba kemiso ea nako. Hona ho tšehetsa qeto ea hore sejo sa mantsiboea ha Simone se ne se latela ho fihla hoa Jesu Bethania ka la 8 Nisane, 33 C.E. Ho feta moo, hopola boitsebiso ba Johanne ba hore Bajode ‘ba ileng ba tseba hore Jesu o teng Bethania’ ba ile ba tloha Jerusalema ho tla ’mona le Lazaro, eo le eena a neng a phela Bethania le eo likhaitseliee li neng li le teng moketeng. Ho eteloa hona ke Bajode ba neng ba sa tsoa ‘tseba’ ka ho ba teng hoa Jesu Bethania mohlomong ho etsahetse pele a kena Jerusalema, ’me mohlomong ho hlile hoa tlatsetsa kamohelong e mofuthu ha a kena motseng “ka hosasane,” e le motšehare oa la 9 Nisane.

Phuputso e ekelitsoeng ka hloko e isang qetong ena e bontšoa lingoliloeng tsa morao tjena tsa chate ea “Liketsahalo tse Khōlō tsa Bophelo ba Jesu Lefatseng,” tse kang tse khatisong ea 1985 ea The Kingdom Interlinear Translation of the Greek Scriptures. Le hoja hona ho ka ’na hoa bonahala ho le honyenyane, ho se na thuso, ho bontsa kamoo bohle re ka tsoelang pele ho hōla tsebong le kutloisisong ea boitsebiso bo qaqileng Lentsoeng la Molimo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela