Lipotso Tse Tsoang ho Babali
■ Kamor’a hore Davida le Bathe-Sheba ba etse sebe, ke hobaneng ha mora oa bona a ile a tlameha ho shoa, kaha Deuteronoma 24:16 le Ezekiele 18:20 li re mora ha a tšoanela ho shoa ka lebaka la phoso ea ntata’e?
Davida le Bathe-Sheba e ne e se e le batho ba lenyalong ha ba feba ’me Bathe-Sheba a ba a ima. Ho feba hoa bona e ne e le sebe se tebileng se neng se ahloleloa lefu tlas’a molao oa Molimo. (2 Samuele 11:1-5: Deuteronoma 5:18; 22:22) Ka hona haeba Molimo o ne a lumelletse hore ba sebetsoe ke batho ba tlas’a Molao, mora ea neng a ntse a hōla ka popelong ea hae a ka be a ile a shoa le ’m’e oa hae. Empa Jehova a ikhethela ho sebetsa taba ea bona ka mokhoa o fapaneng, e leng hoo “Moahloli oa lefatše” a neng a na le tokelo ea ho ho etsa.—Genese 18:25.
Ha a tobana le molato oa hae, Davida o ile a lumela: “Ke sitetsoe Jehova.” Eaba ’muelli oa Molimo o bolella Davida: “Le eena Jehova o se a fetisitse sebe sa hao, u ke ke ua shoa.” (2 Samuele 12:13) Davida o ile a hauheloa ka lebaka la selekane sa ’Muso. Ho feta moo, kaha Molimo o khona ho hlahloba lipelo, o tlameha ebe o ile a lekanya bonnete ba pako ea Davida ’me a qeta hore ho na le motheo oa ho ba hauhela eena le Bathe-Sheba. Leha ho le joalo ba ne ba ke ke ba phonyoha liphello tsohle tsa phoso ea bona. Ba ile ba bolelloa: “Leha ho le joalo, ka baka la hobane u nyefolisitse lira tsa Jehova ka taba eo, ngoana ea tsoaletsoeng uena o tla shoa ruri.”—2 Samuele 12:14.
Molimo oa ‘otla’ ngoana oa bona eo ba neng ba se na tokelo ho eena; moshanyana a kula ’me a shoa. Kajeno motho a ka ’na a sekamela ho tsepamisa maikutlo lefung la ngoana ’me a lumela hore ho ile hoa lihuoa kahlolo e khopo. Leha ho le joalo, ke hoa bohlokoa ho hopola hore hoja bofebe bo ile ba sebetsoa ’me ba pakoa ka pele ho baahloli ba batho tlas’a Molao, boraro ba bona (Davida, Bathe-Sheba le mora ea ka popelong ea hae) ba ka be ba ile ba lahleheloa ke maphelo a bona. Ha ho talingoa leseling leno, tumello ea Molimo ea hore ba phele bobeli ba bona e ne e le mohau. Ho feta moo, nakong ena ea morao ha re na linnete tsohle, joaloka boitsebiso ka boemo ba bophelo ba lesea ka pele-pele kamor’a hore le belehoe. Ho sa tsotellehe seo, re ka amohela ho sebetsa hoa Molimo taba eo, re na le tšepo e tiileng ea hore seo a se entseng se ne se sa ee ka leeme, e ne e le se bohlale le se lokileng. Le eena Davida hamorao o ile a amohela: “Molimo, tsela ea oona e lokile.”—2 Samuele 22:31; bapisa le Jobo 34:12; Esaia 55:11.
Hoo ho lumellana le seo Davida a se entseng kamor’a hore a utloe kahlolo ea Molimo. Ha ngoana a sa kula, Davida o ile a mo llela a ba a itima lijo. Empa hang ho ba a shoe, Davida o ile a ananela hore taba eo e felile. (2 Samuele 12:22, 23) Ka hona, a tšepa kahlolo ea Molimo, Davida o ile a tšelisa Bathe-Sheba (eo joale e leng mosali oa hae oa molao), a mo tšepisa hore kamano ea bona ea lenyalo e tla tsoela pele. Hamorao ba ile ba tsoalloa Salomone eo e bileng mohlahlami boreneng ba Davida.
Ho sebetsa hoa Molimo taba eo ha hoa tšoaneloa ho talingoa e le ho loantšanang le Deuteronoma 24:16 kapa Ezekiele 18:20.
E le karolo ea Molao, Molimo o ile oa laela: “Bo-ntat’a bana ba se ke ba bolaoa ka baka la bana ba bona, le bana ba se ke ba bolaoa ka baka la bo-ntat’a bona; e mong le e mong a bolaeloe sebe see e leng sa hae.” (Deuteronoma 24:16) Melao metheo eno e ne e etselitsoe baahloli ba Iseraele ba neng ba sebetsana le linyeoe tsa molao. Baahloli ba ne ba ke ke ba hlahloba lipelo. Ba ne ba tšoanela ho sebetsana le motho e mong le e mong motheong oa boitšoaro ba hae joalokaha bo pakoa ke linnete.
Ka mokhoa o tšoanang, Ezekiele 18:20 e re: “Mor’a motho eo a ke ke a jara letho la molato oa bokhopo ba ntat’ae, ’me motho a ke ke a jara letho la molato oa bokhopo ba mora oa hae; ho loka ha ea lokileng ho tla ba holim’a hae, bokhopo ba e mobe bo be holim’a hae le bona.” Hona ho ne ho hlile ho tobisitsoe bathong ba baholo. Taba e potolohileng e bua ka mora ea boneng bokhopo ba ntate oa hae empa a hanne ho kenya letsoho ho bona; ho e-na le hoo, mora eo a mamaretse melao ea Jehova ’me a tsamaea ka litaelo tsa Hae. Mora ea joalo o ne a tla bolokoa ha ntate oa hae a e-shoa.—Ezekiele 18:14-17.
Leha ho le joalo, ho ke ke ha hanoa hore bana ba ka hlomoha ka lebaka la liphello tsa liketso tsa batsoali ba bona. Batsoali ba senyang kapa ba bothoto ba ka tlisetsa lelapa lohle bofuma. Nahana ka phello baneng haeba motsoali a ahloleloa teronko ka lebaka la bonokoane. Le tsona likoluoa tseo ka toka Molimo o ileng oa li lihela Iseraele ka lebaka la bokhopo ba bona li ile tsa ama bana ba nako eo. (Deuteronoma 28:15, 20-32; Ezekiele 8:6-18; 9:5-10) Ho thibela seo, Molimo o ile oa phehella batho ba oona: “Ikhethele bophelo, u tle u phele, uena le litloholo tsa hao; u tle u rate Jehova, Molimo oa hao, u utloe lentsoe la hae, ’me u mo khomarele; hobane ke eena bophelo ba hao, le bolelele ba matsatsi a hao.”—Deuteronoma 30:19, 20.
Kahoo, phihlelo ea Davida le Bathe-Sheba e tšoanela ho hatisa ho batsoali hore boitšoaro ba bona bo ka ama bana ba bona haholo. Haeba batsoali ba ‘tšaba lebitso la Molimo, letsatsi la ho loka le tla ba chabela’ tlhohonolofatsong ea lelapa lohle.—Malakia 4:2.