Bibele—Na ke ea Bohlokoa Bakeng sa Mehla ea Rōna?
LEFATŠE lena le fetohile ka mokhoa o hlollang lekholong le fetileng la lilemo. Phetoho ho tloha mehleng ea likariki ho tla mehleng ea kajeno ea sepakapaka e tsoetse pele ka potlako hoo libuka tsa lithuto hangata li bang morao nakong nakoana kamor’a hore li hatisoe. Ka pele-pele e bile ho phahama mafapheng a thuto ea tsa mahlale le a boqapi ho tsa mahlale. Le hoja likhopolo tsa tšebeliso ea lipalo mechineng li ile tsa kenngoa tšebetsong ka lekhetlo la pele lilemong tse ka bang 150 tse fetileng, ke lilemong tsa morao tjena feela moo licomputer li sebelisoang lefatšeng ka bophara, li laola ntho e ’ngoe le e ’ngoe ho tloha ho tsoibileng lifofa-sepakapakeng ho ea ho hlokomeleng hore ha ho chelete ea lelapa e senyehang. Ruri e bile ho hlollang! Ho thata ho motho ho khema le sena sohle!
Liphetoho tse ngata e bile tse molemo. Har’a tsona e bile likhatelo-pele mafapheng a lipuisano, lipalangoang, lisebelisoa tse fokotsang mesebetsi le meriana. Ka mohlala, letsoho kapa monoana tse khaohileng, tseo ho neng ho nkoa li lahlehile ka mokhoa o se nang tšepo, hangata li ka boetse tsa rokelloa hape hore li sebetse ka mekhoa e ntlafalitsoeng ea ho kopanya methatsoana le lisele tsa ’mele. Re ka fofela lehlakoreng le leng la qitikoe ea rōna ka karoloana feela ea letsatsi, re boloka likhoeli tsa nako ea ho tsamaea. Ha ho bapisoa le lilemo tse lekholo tse fetileng—ha ho ne ho se likoloi, liea-le-moea, TV, libaesekopo, lihatsetsi, mechine e hlatsoang, limatlafatsi, lithibela-mafu, liente, le makholo a lintho tse ling tse amoheloang e le tse tloaelehileng kajeno—ruri re phela mehleng e mecha.
Empa hase tsohle tse bileng molemong oa rōna. Ka mohlala, ho khinoa hoa matla a nuclear ho hlahisitse tšokelo e tebileng ho batho ka ntoa kapa ka mocheso o chefu. Tholoana e ’ngoe ea boqapi ba rōna ho tsa mahlale, tšilafatso e akaretsang ea metsoako e chefu, e eketsa tšokelo eo. Lithethefatsi tseo e seng tsa molao le mekhoa ea kajeno ea lithethefatsi e senya bophelo ba ba bangata.
Ho hlokomelehileng ka ho fetisisa e bile phetoho bophelong ba batho. Pulo ea mesebetsi e meholo le phetoho ho tloha bophelong ba metsaneng ho ea bophelong ba metseng e meholo li tsekolotse lelapa. Ho feta leha e le neng pele—’me haholo-holo har’a basali le bana—batho ba ikutloa ba lokolohile ’me ba ka ipusa. Tokoloho lithibelong tsa melao ea boitšoaro e neng e mamaretsoe pele e felletse ka mekhoa e mecha ea bophelo le lintho tseo batho ba li nkang e le tsa bohlokoa, hoo lintho tsena hona joale li fapaneng hōle ho seo lefatše le se tsebileng ka likete tsa lilemo.
Bibele Ha E-ea Fetoloa
Ke hokae, joale, moo motho a ka retelehelang bakeng sa tataiso? Ke keletso efe e sebetsang kajeno? Nako le nako matichere a kajeno a ntlafatsa mekhoa ea oona [ea ho ruta] le libuka tsa thuto tsa oona ho khema le lefatše la rōna le ntseng le fetoha. Baruti le litsebi tse ling ba feto-fetola likeletso tsa bona ho lumellana le ho tummeng le ho amoheloang ka bophara.
Ka lehlakoreng le leng, Bibele e lutse e sa fetoloa ka likete tsa lilemo. Ha e le hantle, e na le litemoso tse tiileng khahlanong le ho eketsa kapa ho tlosa mantsoe a ngotsoeng moo. (Liproverbia 30:5, 6; Tšenolo 22:18, 19) Na Bibele e ka amoheloa e le tataiso e sebetsang bakeng sa mehla ea rōna ea kajeno?
Ba bang ba re che. Bukeng ea hae Religion May Be Hazardous to Your Health, Dr. Eli S. Chesen o-oa ngola: “Ha ho motho ea ka buellang tšebeliso ea khatiso ea 1924 ea buka e rutang thuto ea metsoako bakeng sa ho sebelisoa sehlopheng sa kajeno sa thuto ea metsoako—ho na le ho hongata haholo ho seng ho ithutiloe thutong ea metsoako ho tloha ka nako eo. Ka mokhoa o tšoanang, lilemong tse likete tse ’maloa tse fetileng ho ithutiloe ho hongata thutong ea kahisano, thutong ea tlhophiso le likhopolo tsa litumelo tsa bohlokoa le thutong ea kelello le kamoo e sebetsang; leha ho le joalo, Bibele (e buang se sengata ka lihlooho tsena) e sebelisoa e le mohloli oo ho qotsoang ho oona ’me e ntlafatsoa seoelo.”
O-oa eketsa: “Kamehla ke makatsoa ke ho utloa motho a bua ka ‘mohlolo’ oa kamoo Bibele e sa angoeng ke nako kateng le kamoo e ntseng e utloahala kajeno joalokaha e ne e ngoloa. Hona ho batla ho tšoana le ho makala hoa motho ka ‘ho nepahala’ hoo ho nkoang hore ke tšusumetso ea linaleli litabeng tsa batho. Bibele e fane ka tšusumetso e matla hoo ba seng bakae ba keng ba nahane ka ho e bea nakong kapa ho e lahla.”
Leha ho le joalo, na Bibele e hlile e siuoe ke nako lefatšeng la rōna la kajeno? Kapa na keletso eo e fanang ka eona e ntse e sebetsa ’me e le e utloahalang bakeng sa nako ea rōna?