Jesu Bophelo le Tšebeletso Tsa Hae
Pitso ea Mattheu
NAKOANA kamor’a ho phekola motho ea omeletseng litho, Jesu o tloha Kapernauma ho ea Leoatleng la Galilea. Matšoele a batho a boetse a tla ho eena moo, ’me o qala ho a ruta. Ha a ntse a tsamaea, o bona Mattheu, ea boetseng a bitsoang Levi, a lutse ntlong ea lekhetho. Jesu o’a mo mema, “Ntatele.”
Ha ho potang hore Mattheu o se a ntse a tseba lithuto tsa Jesu, joaloka Petrose, Andrease, Jakobo le Johanne ha ba ne ba bitsoa. ’Me joaloka bona, Mattheu o amohela memo eo kapele. O’a ema, o siea mosebetsi oa hae oa molekhetho ’me o latela Jesu.
Hamorao, mohlomong ho ketekela ho amohela pitso ea hae, Mattheu o etsa mokete o moholo ha hae. Ntle ho Jesu le barutuoa ba Hae, metsoalle ea pele ea Mattheu le eona e teng. Batho bana ba atisa ho nyelisoa ke Bajode bahabo bona hobane ba bokellela babusi ba hloiloeng ba Roma makhetho. Ho feta moo, hangata ka bolotsana ba batla batho chelete e fetang lekhetho le tloaelehileng.
Ha ba bona Jesu le batho ba joalo moketeng, Bafarisi ba botsa barutuoa ba hae: “Na moruti oa lōna o jela’ng le ba-lekhetho le baetsalibe?” Ha a utloa potso eo, Jesu o’a araba: “Ba phelang hantle ha ba batle ngaka, empa e batloa ke ba kulang. Empa e-eang, le ithute polelo e reng: Ke rata mohau, e seng sehlabelo; hobane ha kea tla ho biletsa ba lokileng pakong empa e le baetsalibe.”
E ka ’na eaba Mattheu o memetse balekhetho bana ha hae hore ba ka tla mamela Jesu ’me ba phekoloa moeeng. Ka hona Jesu o kopana le bona ho ba thusa ho fumana kamano e ntle le Molimo. Jesu ha a nyelise ba joalo, joaloka baitokafatsi ba Bafarisi. Ho e-na le hoo, a susumelitsoe ke mohau, o ba sebeletsa joaloka ngaka ea moea.
Kahoo ho hauhela hoa Jesu baetsalibe ha ho bolele hore o thooletsa libe tsa bona empa ke pontšo ea kutloelo-bohloko e tšoanang le eo a e bontšitseng ba kulang ’meleng. Ka mohlala, hopola ka nako ea ha ka mohau a otlolla letsoho ’me a tšoara molepera, a re: “Kea rata, u ntlafale.” E se eka le rōna ka mokhoa o tšoanang re ka bontša mohau ka ho thusa batho ba hlokang, haholo-holo ho ba thusa ka tsela ea moea. Mattheu 8:3; 9:9-13; Mareka 2:13-17; Luka 5:27-32.
◆ Jesu o hokae ha a bona Mattheu?
◆ Mattheu o sebetsa’ng, ’me ke hobane’ng ha batho ba joalo ba nyelisoa ke Bajode ba bang?
◆ Jesu o belaelloa ka eng, ’me o araba joang?
◆ Ke hobane’ng ha Jesu a kopana le baetsalibe?
[Setšoantšo tse tletseng leqepheng la 9]