Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 6/1 maq. 15-20
  • Ho Ikemisetsa ho Sebeletsa Jehova ka Pelo e Feletseng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Ikemisetsa ho Sebeletsa Jehova ka Pelo e Feletseng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • U se ke Ua ba le Pelo e sa Fellang kapa Ua ba le Pelo Tse Peli
  • Ho Fumana Pelo e Feletseng
  • Ho Boloka Pelo e Feletseng
  • E-ba le Pelo e Ratoang ke Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Sireletsa Pelo ea Hao
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Sebeletsa Jehova ka Pelo e Feletseng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Na U na le ‘Pelo ea ho Tseba’ Jehova?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 6/1 maq. 15-20

Ho Ikemisetsa ho Sebeletsa Jehova ka Pelo e Feletseng

“U o sebeletse ka pelo eohle [“e feletseng,” NW] ea hao, le ka moea o o ratang; hobane Jehova o botsisisa lipelo tsohle, ’me o lekola merero eohle le mehopolo eohle.”—1 LIKRONIKE 28:9.

1. Ke lipotso life tse hlahisoang ke 1 Likronike 28:9?

LENGOLO le qotsitsoeng kaholimo le hlahisa lipotso tse itseng ka pelo. Haeba le bua ka pelo ea nama, motho a ka phela joang ka pelo e sa fellang? Na ka mohlala, ho na le ea ka phelang ka pelo e sa fellang? Na Jehova, joaloka setsebi sa kajeno sa pelo o batlisisa lipha pelong ea nama? Ha e le ka tšekamelo ea mehopolo, na mehopolo e ka lipelong tsa rōna? Ho bonahala litšupiso tse ling tsa Bibele li bua joalo, li bua ka “’mōpo oa mehopolo eohle ea lipelo.” (Genese 6:5; 1 Likronike 29:18) Na Jehova o hlahlobisisa lipelo tsa rōna tsa nama ho lemoha mehopolo ea rōna? Hantle-ntle ho boleloa eng ka ‘ho mo sebeletsa ka pelo e feletseng’?

2. Baegepeta le Bababilona ba boholo-holo le mohlalefi oa Mogerike Aristotle, ba ne ba lumela eng ka pelo?

2 Baegepeta ba boholo-holo ba ne ba lumela hore pelo ea nama ke setsi sa bohlale le maikutlo. Hape ba ne ba nahana hore e na le thato eo e leng ea eona. Bababilona ba ne ba bolela hore pelo e kentse bohlale le lerato. Mohlalefi oa Mogerike Aristotle o ile a ruta hore ke setsi sa boikutlo le nģalo ea moea. Empa ha nako e ntse e tsamaea ’me tsebo e eketseha, maikutlo ana a ile a lahloa. Qetellong pelo ea tsejoa ka seo e leng sona, pompo e potolosang mali ’meleng oohle.

3. Ke lintlha life tse etsang hore pelo e be e hlollang hakaale?

3 E, e hlile ke pompo, empa ke e hlollang hakaakang, eo ka botšepehi e ntseng e kopotsa nōka ena e khubelu ea bophelo ka motsotsoana o mong le o mong oa bophelo ba rōna! Pelo ea motho e khōloanyane ho setebele ’me ka boima e feta-fetoa ke ponto, e otla ka makhetlo a 100 000 ka letsatsi e pompela mali a bophelo methapong le methatsoaneng eohle ea mali e bolelele ba lik’hilomethara tse 96 000—lilithara tse ka bang 7 600 ka letsatsi, mashome a limillione a likalone bophelong bohle. Pelo e qala ho otla ka ho sebetsa hoa lisele tse ipopileng tse e beelang lebelo la ho otla, li romela tšusumetso e matla e laolang lebelo leo pelo e otlang ka lona. Pelo ke eona tšutšu feela ’meleng e sebetsang haholoanyane, haleletsana, ka botsitso bo boholoanyane le ka lilemo tse mashome-shome. Ha maikutlo a imetsoe kapa boikoetlisong bo matla e ka eketsa matla ao e sebetsang ka oona hahlano. Ntša pelo ka sefubeng, e tla ’ne e otle ka nakoana. Le lisele tse ponngoeng pelong li otla ho ea pele ha maemo a lumela. Ke boko feela bo hlokang ho feptjoa le bo hlokang moea o hloekileng ho feta pelo.

4, 5. (a) Mangolo a abela pelo litšobotsi life? (b) Ho latela mangolo, ka pelong ho lutse maikutlo le litšusumetso life?

4 Lentsoe la Molimo le bua ka pelo ka makhetlo a ka bang sekete. Ka makhetlo a seng makae ho ao, le bua ka pelo ea sebele. Ka a seng makae hape, le bua ka setsi sa ntho kapa khubu ea eona, joaloka ‘bolibeng [pelong] ba leoatle’ le ‘mpeng [pelong] ea lefatše.’ (Ezekiele 27:25-27; Mattheu 12:40) Leha ho le joalo, ka makhetlo a mang a ka bang sekete, pelo e sebelisoa ka kutloisiso ea tšoantšetso. Theological Dictionary of the New Testament ea Kittel e thathamisa mangolo a mangata tlas’a “pelo” bakeng sa sehlooho se seng le se seng ho tse latelang: “Ka pelong ho lutse boikutlo le maikutlo, takatso le taba-tabelo.” “Pelo ke setsi sa kutloisiso, mohloli oa mohopolo le monahano.” “Pelo ke setsi sa thato, mohloli oa merero.” “Ka mokhoa o phahameng pelo ke sona setsi feela ho motho seo Molimo o retelehelang ho sona, seo bophelo ba bolumeli bo metseng ho sona le se rerang boitšoaro.”

5 Maikutlo le litšusumetso li pelong ena ea tšoantšetso. Ho latela mangolo a mangata, pelo e ka khothala, ea fifala, ea ntšofala, ea ithuta, ea tsieleha, ea tšepa, ea fokola, ea thatafala. E ka tuka ke bohale kapa ea qhibiliha ke tšabo, e ka ikhohomosa le ho ikakasa kapa ea e-ba bonolo le ho ikokobetsa, ea rata haholo kapa ea tlala lehloeo, ea hloeka kapa ea e-ba molato oa bofebe. E sekametse bobeng, empa e ka re susumelletsa ho etsa botle.

U se ke Ua ba le Pelo e sa Fellang kapa Ua ba le Pelo Tse Peli

6, 7. (a) Mopesaleme o ne a hloile batho ba mofuta ofe, ’me boemo boo bo bontšoa ka liketso life Iseraele le Juda? (b) Jesu o bontšitse joang hore tšebeletso ea pelo e sa fellang ho Jehova ha e amohelehe?

6 Pelo ea sebele e tlameha hore e felle hore e tle e sebetse, empa pelo ea tšoantšetso e ka aroloa. Mopesaleme, ka ho hlakileng e le motho ea pelong ea Molimo o ngotse a le tlas’a tšusumetso: “Ke hloile bao lipelo tsa bona li sa fellang.” (Pesaleme ea 119:113, NW) Har’a ba joalo e ne e le Baiseraele bao Elia a ileng a ba qholotsa, a re: “Le tla tenyetsehela ho le hokae ka ’nģa tse peli, ha Jehova e le Molimo, mo lateleng; ha eba ke Baale, mo lateleng.” (1 Marena 18:21) Ka lipelo tse sa fellang, ba ‘tenyetsehela ka nģa tse peli.’

7 Ka ho tšoanang, hoba Juda e khutlele ho Jehova, ho tlalehiloe: “Leha ho le joalo, sechaba sa ’na sa hlaba mahlabelo linģalong tse liphahameng, empa ba ne ba re, ba hlabela Jehova, Molimo oa bona.” (2 Likronike 33:17) Ka lipelo tse arohileng, ba ne ba ipolela hore ba rapela Jehova empa e le ka tsela eo a sa e amoheleng le libakeng tseo ba neng ba rapela Baale ho tsona pele. Jesu o itse: “Ha ho motho ea ka tsebang ho sebeletsa marena a mabeli.” (Mattheu 6:24) Mehleng eno makhoba a ne a tšoana le thepa. A ne a le tšebeletsong ea benghali ba oona ka lihora tse 24 ka letsatsi. A ne a ke ke a khekhetha nako ea oona pakeng tsa marena a mabeli—mokhekhetho o mong bakeng sa enoa le mokhekhetho o mong bakeng sa e mong. Jesu o ne a hlakisa taba ena: Jehova a ke ke a sebeletsoa ka pelo e sa fellang!

8. Ka puo ea tšoantšetso, motho a le mong a ka ba le pelo tse peli joang, ’me ke mangolo afe a bontšang see?

8 Motho e mong le e mong o na le pelo ea sebele e le ’ngoe, empa ka puo ea tšoantšetso, motho a le mong a ka ba le lipelo tse peli. Davida o buile ka batho ba joalo, a re: “Ba bua ba e-na le pelo tse peli.” (Pesaleme ea 12:2) Pelo e ’ngoe e ne e emela se bontšoang phatlalatsa, e ’ngoe e le e boloketsoeng melemo ea boithati. Ponahalo ena ea pelo e habeli e hlalosoa tjena ka Mangolong: “Kamoo le nahanang pelong ea lōna, le joalo. Le tla re ho uena: Ja, u noe; empa pelo ea lōna ha e ho uena.” “Leha a bua ka mosa, u se ke ua kholoa ke eena, hobane manyala a supileng a ka pelong ho eena.”—Liproverbia 23:7; 26:25; Pesaleme ea 28:3.

9. Ke eng e bontšang hore borapeli ba pelo tse peli bo ne bo le teng mehleng ea Jeremia le mehleng ea Jesu?

9 Boikaketsi bo joalo likamanong tsa batho bo bohloko, empa ha bo jaloa borapeling ba Jehova, bo kotula tlokotsi. “Le se ke la itšepela lipolelong tseo tsa lefeela tse reng: Tempele ea Jehova, tempele ea Jehova, tempele ea Jehova ke eona eo! Bonang, le ntse le itšepetse lipolelong tsa lefeela tse sa thuseng letho. Le re’ng? le re, ho utsoa, ho bolaea, ho feba, ho ana ka leshano, ho chesetsa Baale libano, le ho tsamaela melimo esele eo le sa e tsebeng, le ka etsa tseo; le ntano tla, le ema pel’a ka ka tlung ena, eo lebitso la ka le bitsoang ho eona, ’me le re: Re namoletsoe! athe ke hore ho etsoe manyala ao kaofela na?” (Jeremia 7:4, 8-10) Jesu o nyatsitse boikaketsi bo joalo ba pelo tse peli har’a bangoli le Bafarisi, a re: “Baikaketsi, Esaia o na a profete tsa lōna hantle, ha a itse: Sechaba sena se ntlhonepha ka molomo feela; empa pelo tsa bona li hole le ’na.”—Mattheu 15:7, 8.

10, 11. Jehova le Kreste Jesu ba sheba hokae ha ba ahlola motho, hona hobane’ng?

10 Ka sena sohle ho hlakile hore na ke hobane’ng ha Jehova a itse ho Samuele: “Jehova ha a bone kamoo motho a bonang; hobane motho o talima tšobotsi, empa Jehova eena o talima pelo.” (1 Samuele 16:7) Kahoo, Jehova ha a lekanyetse seo motho a leng sona ka ponahalo; o phenya-phenya ho ea fihla pelong ea taba. Kreste Jesu o tsebahalitse pelo e le matla a susumetsang boitšoaro ba rōna, e-bang ke bo botle kapa bo bobe: “Motho ea molemo o ntša litaba tse molemo letlotlong le molemo la pelo ea hae, ’me motho e mobe o ntša litaba tse mpe letlotlong le lebe la pelo ea hae; hobane molomo oa motho o bolela seo pelo e tletseng sona.” Hape, “mehopolo e mebe, lipolao, lipōko, mafebe, likutso, liketselletso, le linyefolo, li tsoa pelong.”—Luka 6:45; Mattheu 15:19.

11 Kreste Jesu, ea neiloeng matla a ho ahlola, le eena o sheba seo Jehova a se shebang: “Ke ’na ea lekolang matheka [“maikutlo a tebileng ka ho fetisisa,” NW Ref, Bi., botlaaseng ba leqephe] le lipelo; ’me ke tla putsa e mong le e mong oa lōna ka ho lekanang mesebetsi ea hae.” (Tšenolo 2:23) Ka lebaka lena, “boloka pelo ea hao ka ho fetisisa, hobane ke eona mehloli ea bophelo.”—Liproverbia 4:23.

12. Ke hobane’ng ha ho ba ka pelo e feletseng tšebeletsong ea Jehova ho re hloka boiteko bo matla?

12 Borapeli ba rōna ho Jehova bo tlameha ho ba ka pelo e feletseng e seng e be ba pelo e sa fellang kapa ba pelo tse peli. Hona ho re hloka boiteko bo matla. Hobane’ng? Hobane pelo e mano ’me e ka thetsa haholo. Ho’a tšosa kamoo e leng bohlale ho emela limpe tse hohelang nama e oeleng ea rōna. Ha e ka ’na ea re thetsa ’me ea re patela seo e hlileng e leng sona se re susumetsang, Jehova o e bona seo e leng sona. O re hlokomelisa sena, a re: “Pelo e mano ho fetisa tsohle, e bolile hampe, e ka tsejoa ke mang? Ke ’na Jehova ke lekolang pelo, ke lekang matheka, ke tle ke busetse ho e mong le e mong ka mokhoa oa hae le ka tholoana ea liketso tsa hae.”—Jeremia 17:9, 10.

Ho Fumana Pelo e Feletseng

13. Jesu o itse’ng ka balumeli ba bang ba mehleng ea hae, ’me ka lebaka la boitšoaro bo joalo, ba ile ba hlaheloa ke eng?

13 Jesu o itse, ka balumeli ba mehleng ea hae: “Pelo ea sechaba sena e nonne; litsebe tsa bona li utloa ka thata, ’me ba pompalitse mahlo a bona, hore ba se ke ba bona ka mahlo, ba se ke ba utloa ka litsebe, ba se ke ba utloisisa ka lipelo, ba se ke ba sokoloha, ’me ke se ke ka ba folisa.” (Mattheu 13:15) Ka lebaka la maikutlo a bolumeli a sa utloahaleng ao ba seng ba ntse ba e-na le oona, ba tutubatsa mahlo a bona, ba ithiba litsebe ’me ba thatafatsa lipelo tsa bona thutong ea Jesu. Ka ho hana khalemelo, ba hlōleha ho fumana pelo e nang le tšusumetso e ntle: “Ea mamelang khalemelo o iphumanela pelo [“o iphumanela boikutlo bo botle,” NW, Ref. Bi., botlaseng ba leqephe].” (Liproverbia 15:32) Ba ne ba ipolela hore ba rapela Molimo, empa ba etsa ho “loka” hoa bona hore ba bonoe ke batho.—Mattheu 6:1, 2, 5, 16.

14. Ke mehlala efe e bontšang mekhoa eo ka eona ’nete e kenang ka botebo ka ho rōna?

14 Ho molemonyana hakaakang ho tšoana le Morena Josafate oa Juda! O ile a ‘sekamisetsa pelo ea hae hore e batle Molimo oa ’nete.’ (2 Likronike 19:3) Tokisetso e molemohali ha u batla Molimo ke thapelo e tlohang botebong ba pelo. Ha Anna ea tepeletseng a rapela Jehova ka matla, “a bua ka pelo feela,” ’me thapelo ea hae ea arabeloa. Ho boetseng ho hlokahalang ke ho ithaopela ho mamela. ’Mè oa Jesu o ile a mamela: “’M’ae a ’na a boloka litaba tseo kaofela pelong ea hae.” A qala ho “nahana pelong ea hae,” ’me a fetoha morutuoa ea tšepahalang oa Jesu. Jehova o thusa ea batlang ka tieo. Lydia ea tšabang Molimo o ile a mamela Pauluse, “Morena a bula pelo ea hae hore a ele litaba tse boleloang ke Pauluse hloko.” A kolobetsoa. (1 Samuele 1:12, 13; Luka 2:19, 51; Liketso 16:14, 15) Kamehla ke pelo ea tšoantšetso—boikutlo, maikutlo le sepheo se setle—tse lumellang ’nete ho kena le ho aha ka ho motho.

15. Ho fumana pelo e feletseng, re tlameha ho itokisetsa ho etsa joang?

15 Ho fumana pelo e feletseng, re tlameha ho lokisa maikutlo a rōna hore re qhele maikutlo ao re neng re se re ntse re e-na le oona, re utloisisa ho lumella Molimo hore o fumanoe o e-na le ’nete le haeba ho felisa maikutlonyana a itseng a rōna kapa pono ea thuto eo re e ratang. (Ba-Roma 3:4) Lipakane tsa boithati li tlameha ho hlekoa e le hore lipelo tsa rōna li amohele thato ea Jehova le litsela tsa hae. Jehova o kile a ngola molao oa hae lejoeng, empa hamorao o ngotse melao lipelong tsa batho. Moapostola Pauluse le eena o ngotse lipelong. ’Me le uena, u ka ‘ngola molemo le ’nete letlapeng la pelo ea hao.’—Liproverbia 3:3; Ba-Heberu 10:16; 2 Ba-Korinthe 3:3.

16. Ke lipotso life tse phahamisang mehato eo motho a tlamehang ho e nka hore a be ka pelo e feletseng ho Jehova?

16 Na pelo ea hao e tšoanelehela ho ba sebaka se loketseng hore Jehova a ngole melao-metheo ea hae le litaelo tsa hae ho sona? Na u tla e hloekisa maikutlo ao e neng e se e ntse e e-na le oona ho hleka tsela bakeng sa ’nete ea bomolimo? Na joale u tla tsoela pele ho ithuta, ho nchafatsa kelello ea hao, ho hlobola botho ba khale, ’me u apare bo bocha, bo entsoeng ka ho tšoana le Molimo? Na u tla etsa sohle se matleng a hao ho ba mosebetsi eo ho seng letho leo a ka bang lihlong ka lona, ea tšoereng lentsoe la ’nete ka nepo?—Ba-Roma 12:2; Ba-Kolosse 3:9, 10; 2 Timothea 2:15.

Ho Boloka Pelo e Feletseng

17. Davida o ile a eletsa mora oa hae Salomone joang, ’me ke hobane’ng ha Salomone a hlōlehile ho latela keletso eo?

17 Davida o itse ho Salomone: “Ha e le uena, mor’a ka Salomone, hlokomela Molimo oa ntat’ao, ’me u o sebeletse ka pelo eohle [“e feletseng,” NW] ea hao le ka moea o o ratang; hobane Jehova o botsisisa lipelo tsohle, ’me o lekola merero eohle le mehopolo eohle.” Salomone o fela a qalile a sebeletsa ka pelo e feletseng, empa ha lilemo li ntse li e-ea, a e lahla: “Salomone, hobane a tsofale, basali bao ba hae ba khelosetsa pelo ea hae melimong esele, ’me pelo ea hae ha ea ka ea hlola e e-ba ea Jehova, Molimo oa hae, kaofela ha eona, joale ka pelo ea ntat’ae Davida.”—1 Likronike 28:9; 1 Marena 11:4.

18, 19. (a) Satane o tla sebelisa mekhoa efe e sa tšoaneng ho etsa hore u hlōlehe ho boloka pelo e feletseng? (b) Haeba mekhoa ena e bolotsana haholoanyane ea Satane e hlōleha, maqiti a hae a tla fetoha joang?

18 Na u tla atleha moo Salomone a ileng a hloleha? U ineetse joaloka paki ea Jehova, u lahlile ho se be ka pelo e feletseng kapa ho ba ka pelo tse peli borapeling ba hao, u lumellane le mantsoe a Jesu a ho “rata Morena, Molimo oa hao, ka pelo ea hao eohle,” na joale u tla ikemisetsa ho boloka pelo ea hao e feletse boineelong tšebeletsong ea Jehova? (Mattheu 22:37) Satane a ke ke a rata, ’me ke sera se bolotsana. O tla korola pelo ea hao. O’a tseba hore e sekametse sebeng, ’me a ka fata tsela ea hae ho kena kahare ho eona haeba u nyehlisa ho ikalosa. Na ha aa ka a ‘kenya pelong ea Judase Iskariota hore a eke Jesu?’ (Johanne 13:2) Chelete, lintho tse bonahalang, boithabiso, boikhohomoso, mesebetsi ea lefatše, boikhantšo ka lintho tse bonahalang, litakatso tsa nama—o tseba hore na re fokola kae, e be o tobisa metsu e tukang ea hae hona teng. Na u tla e tima kaofela ka thebe ea tumelo?—Ba-Efese 6:16; 1 Johanne 2:15-17.

19 ’Me ha maqiti ana oohle a bosatane a hlōleha, ha a e-s’o qete. O fetoha tau e purumang e lekang ho harola lipaki tse tšepahalang tsa Jehova ka mahoo-hoo a mabifi, lichapo, litlamo le lona lefu. Empa ho sena sohle Jehova o tla matlafatsa bao lipelo tsa bona li feletseng ho eena.—Jakobo 4:7; 1 Petrose 5:8-10; Tšenolo 2:10.

20, 21. (a) Ho ka botsoa lipotso life ha ho hlahlobjoa pelo ea sebele? (b) Lipotso tse joalo li ka ’na tsa sebelisoa joang ho hlahloba pelo ea tšoantšetso?

20 Pelo ea nama e hloka ho hlahlobjoa nako le nako. Na kamehla e fumana lijo tse molemo, le tse lekaneng? Na e otla ka mokhoa o tsitsitseng le o matla, kapa o botsoa le o fokolang? Na e boloka mali a phalla hantle? Na e fumana koetliso eo e e hlokang? (Hore e tle e phele hantle, ho hlokahala hore pelo e pompe ka matla ka linako tse telele.) Na se e beelang lebelo leo e otlang ka lona se fetola lebelo la eona hore e thulane le liphetoho tse hlokahalang? Na e tlas’a maemo a boima ‘me kahoo e hatellehile ka matla?

21 Haeba pelo ea nama e hloka ho hlahlobjoa, ho joalo hakaakang ka pelo ea tšoantšetso! Jehova o’a e hlahloba; le rōna re lokela ho e hlahloba. Na e fumana lijo tse lekaneng tsa moea ka boithuto ba kamehla ba botho le ka ho ba teng libokeng? (Pesaleme ea 1:1, 2; Liproverbia 15:28; Ba-Heberu 10:24, 25) Na boikutlo ba eona le maikutlo a eona a tebileng li re susumelletsa tšebeletsong e chesehang ea tšimo—ka linako tse ling e bile e re etsa hore re etse ka matla bopula-malibohong bo thusang? (Jeremia 20:9; Luka 13:24; 1 Ba-Korinthe 9:16) Ho thoe’ng ka tikoloho ea eona? Na e pota-potiloe ke lipelo tse ling tse momahaneng le tse feletseng ka boikutlo bo tšoanang le ka litšusumetso tse tšoanang?—2 Marena 10:15, 16; Pesaleme ea 86:11; Liproverbia 13:20; 1 Ba-Korinthe 15:33.

22. Ke eng e tla tiisa hore boikemisetso ba rōna ba ho sebeletsa Jehova ka pelo e feletseng bo’a atleha?

22 Haeba tlhahlobo ea hao e u nolofaletsa hore u arabele lipotso tse kaholimo ka e, u sireletsa pelo ea hao ea tšoantšetso. U tla atleha, hammoho le Lipaki tse ling tse limillione tse tšepahalang, boikemisetsong ba hao ba ho sebeletsa Jehova ka pelo e feletseng. Bohle ba joalo ba tiisetsoa sena: “Khotso ea Molimo, e fetisang kutloisiso eohle, e tla boloka lipelo tsa lōna le mehopolo ea lōna ho Jesu Kreste.”—Ba-Filippi 4:7.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

1 maele = 1.6 kilomitara

1 gallon = 3.8 litara

Na U Sa Hopola?

◻ Litšobotsi tse ngata tse abeloang pelo ea tšoantšetso ke life?

◻ Re ka qoba ho ba ka pelo e sa fellang kapa ho ba pelo li peli joang?

◻ Ke hobane’ng ha Jehova le Kreste Jesu ba sheba pelo ha ba ahlola?

◻ Re ka fumana ra ba ra boloka pelo e feletseng joang?

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Na u na le lifahleho tse peli?

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Lydia

Josafate

Anna

Maria

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela