Boloka Boikutlo bo Tsitsitseng
ENE e le ka matjeke hlabula. Empa letsatsi la Bochabela bo Hare le ne le se le khanya ka matla ha ntate e mong a amohela litaba tse sithabetsang. Mora oa hae oa letsibolo, ea lilemo li 22, o ne a shoele kotsing ea koloi bosiu.
U ne u tla itšoara joang litabeng tse tjee? Kaha litho tsa lelapa li atamelane haholo, joalokaha ho le joalo Bochabela bo Hare, ruri batsoali ba ne ba tšoenyehile. E ka be e bile ho tloaelehileng hore ba hloname ha ba utloa koluoa ena ea tšohanyetso. Empa, ho makaleng hoa batho ba ahileng le bona, ba bontša boikutlo bo tsitsitseng, ekasita le ka lona letsatsi leo la pele. Le hoja ba ne ba saretsoe haholo, ba ne ba tšepile ka ho phethahetseng matla a Jehova a ho tsosa mora oa bona bafung ka nako eo A e khethetseng hoo. Ba lebella tsamaiso e ncha e tšepisitsoeng ea Molimo moo ‘lefu le sa tlo hlola le e-ba teng.’ (Tšenolo 21:4) Esita le kajeno, lilemo hamorao, batho ba tsebang lelapa leo ba ntse ba tsota boikutlo ba batsoali bao le tumelo ea bona e tlotlehang.
Ho bolela eng ho ba le boikutlo bo tsitsitseng? Motho ea tsitsitseng o ipoloka a tsepame ho sa tsotellehe maemo a fetohang. Ekasita le tlas’a maemo a thata ha a khopehe, a lumella menahano e nyahamisang hore e mo laole. Hoo ho etsahala joang? Ho fumana likarabo tse ling, a re ke re nahaneng ka mehlala e meng ea Bibele.
Ha ho Tobanoe le ho Tšaba Batho
Ka selemo sa 1512 B.C.E., ha sechaba sa Iseraele se le lefeelleng la Parane, Moshe a romela lihloela tse 12 ho ea hlahloba Lefatše la Pallo. (Numere 13:17-20) Lihloela tseo kaofela e ne e le lihlooho tsa meloko ea tsona—batho ba nang le tšusumetso bao ho neng ho nkoa hore ke mehlala e metle. (Numere 13:1, 2) Empa ea e-ba mahlabisa-lihlong a makaakang! Kamor’a matsatsi a 40, ba leshome ba bona ba fana ka tlaleho e mpe hoo Baiseraele ba bileng ba fetohela tataiso ea Jehova ’me ba batla ho khutlela Egepeta! Lihloela tseo tsa re, “batho ba ahileng naheng eo ke linatla, . . . Ha ho kamoo re ka nyolohang ho ea loantša batho bao.”—Numere 13:28, 31.
A boikutlo bo nyahamisang! ’Me e bile phapang e kaakang e bonoeng boikutlong bo tsitsitseng ba Joshua le Kalebe, lihloela tse peli tse setseng: “Lefatše lee re le haotseng ho le hloela ke lefatše le letle, le letle haholo. Ha Jehova a re baballa, o tla re isa lefatšeng leo, ’me o tla re nea lona; ke lefatše le kollang lebese le linotši.” (Numere 14:7, 8; 13:30) Lihlopha tseo ka bobeli li bone lintho tse tšoanang ha li hloela naha. Empa e bile phapang e kaakang boikutlong! Boikutlo bo nyahamisang ba lihloela tse leshome ba ama sechaba sohle, ’me sa qala ho koma-koma. Ba etsa hore bohle ba ka holimo ho lilemo tse 20 ba shoele lefeelleng leo. Ke Joshua le Kalebe feela, ka lebaka la tšepo ea bona e tsitsitseng ho Jehova, ba ileng ba tlotloa ka ho kena Lefatšeng la Pallo. (Numere 14:22-30) Mohlala oa bona o lokela ho re khothatsa kajeno hore re lule re tšepahetse ’me re bolokile boikutlo bo tsitsitseng ha mahloriso kapa khanyetso li e-tla kapa li eketseha.
Naheng eo mosebetsi oa boboleli o bileng tlas’a thibelo ka lilemo tse ngata, pula-maliboho e khethehileng e ile ea koalloa teronkong ’me ea hlekefetsoa. O’a hopola: “Ha liofisiri li eketsa ho ithatafatsa, ka ikutloa ke eketsa ho atamela pel’a Jehova. Ka bina lipina tsa ’Muso. Ka hopola mangolo ’ohle ao ke neng ke a tseba. Ka hlokomela hore, le hoja Jehova a lumelletse sena ho etsahala, o ne a khona—ka nako efe kapa efe—ho ntokolla. Sena sohle sa nthusa ho ba le boikutlo bo tsitsitseng. Joaloka baapostola, ka ikutloa ke thabile ho shapuoa ka lebaka la lebitso le leholohali la Jehova. Nako le nako ka rapella Jehova ho ’matlafatsa. A nthusa, hore ke utloe bohloko feela ha ke otloa ka lekhetlo la pele. Ka sebelisa monyetla o mong le o mong ho bolella batšoaruoa ba bang litaba tse molemo.”
Kamor’a ho lokolloa hoa hae teronkong, Mokreste enoa o itse: “Kaha re nehetse bophelo ba rōna ho Jehova ’me re mo tšepisitse ho lula re tšepahala ho eena, re tšoanela ho tsoela pele re mo sebeletsa ho sa tsotellehe mathata afe kapa afe. O tšoaneloa ke borapeli ba rōna le boinehelo bo feletseng.”
Le rōna re ka ’na ra tobana le khanyetso e tšoanang kamoso. A re ikemisetseng hore re ke ke ra tšaba batho. A re bolokeng boikutlo bo tsitsitseng, ’me joaloka tabeng ea Joshua le Kalebe, re tla fuoa mahlohonolo a mangata le meputso.
Ha Litokelo tsa Tšebeletso li Lahlehela Motho
E le moetapele oa sechaba sa Iseraele, Moshe e ne e le eena ea rometseng lihloela tse 12. O ne a ntšitse sechaba Egepeta ’me ntle le pelaelo a lebeletse hore e be eena ea ba isang Lefatšeng la Pallo. Leha ho le joalo, Moshe o ile a lahleheloa ke tokelo eo ha, ka lebaka la khalefo, a sitoa ho phahamisa lebitso la Jehova. (Numere 20:2-13) Moshe o ile a itšoara joang joale? Pineng eo a ileng a e qapa hamorao, o itse: “Ke tla bolela lebitso la Jehova . . . Ke Lefika; mosebetsi oa hae o phethehile, hobane litsela tsa hae kaofela li lokile: ke Molimo o tšepehang, o se nang bokhopo; o lokile, o khabane.” (Deuteronoma 32:3, 4) A boikutlo bo tsitsitseng boo Moshe a neng a e-na le bona, le hoja a ne a lahlehetsoe ke tokelo ea bohlokoa ea tšebeletso!
Haeba ho ka hlokahala hore re tobane le boemo bo tšoanang, hopola phihlelo ena ea Moshe ho tla re thusa. Ho ka ’na hoa etsahala hore sehlopha sa baholo phuthehong se buelle ho tlosoa hoa moholo kapa mohlanka ea sebeletsang, mohlomong ka lebaka la hobane a se a haelloa ke e ’ngoe kapa tse ling tsa litlhokahalo tsa Mangolo tse hlokahalang bakeng sa tokelo ena ea tšebeletso. Moena eo a ka ’na a ikutloa hore o ne a sa lokeloe ke ho tlosoa, eaba o-oa khena, ’me a baka pherekano e sa hlokahaleng. A na le boikutlo bo thekeselang, a ka ’na a qala ho koma-koma, a tšoaea ba bang liphoso, mohlomong a bile a seba. Qetellong, a ka ba a khaotsa ho ea libokeng le ho kopanela mosebetsing oa boboleli. A boemo bo bobe boo motho a ka kenang ho bona! Ke ho molemo hakaakang ho boloka boikutlo bo tsitsitseng le ho nka ho tlosoa ho joalo e le taeo kapa koetliso ea ho ba mohlanka ea molemonyana oa Jehova. Ka nepo o ne a ka nka monyetla oo ho ithuta le ho nahanisisa ka Lentsoe la Molimo e le hore a ka boetse a fumana litšoaneleho tse hlokahalang ho Mo sebeletsa ka ho feletseng. Ba bangata ba entseng joalo hamorao ba bile ba hlohonolofatsoa ka litokelo tse khōloanyane tsa tšebeletso.—Ba-Heberu 12:11.
Ha Liphetoho tse sa Lebelloang li Hlaha
Bophelo bo tletse liphetoho tse sa lebelloang tse ka ’nang tsa soabisa ba bang ’me tsa ba etsa hore ba be le boikutlo bo bobe. U ile ua itšoara joang nakong e fetileng ha lintho li ne li sa tsamaee hantle ka tsela eo u neng u e lebelletse? Ekasita le liketsahalo tse fokolang li ka re nyahamisa ha re li lumella ho etsa joalo. Empa le ka mohla u se lebale: Ho boloka boikutlo bo tsitsitseng ho tla u thusa ho tobana hamolemonyana le boemo bo fetohileng.
Mohlala o motle oo ho ka hopoloang ka oona ke oa Ruthe. A shoeletsoe ke monna a sa le monyenyane, a khutlela Iseraele le matsalʼae, Naomi, ha tlala e moo e kokobela. Ho sa tsotellehe ho hloka hoa hae monna ea ka mo hlomellang ka lintho tsa bohlokoa tse hlokoang bophelong, Ruthe a boloka boikutlo bo tsitsitseng. Ka thabo, a tsoela masimong ho ea khoahlapisa kamor’a bakotuli e le hore eena le matsalʼae ba ka fumana lijo tseo ba ka li jang. Mosebetsi o thata ha o’a ka oa mo nyahamisa. Ha a ka a ba le boikutlo bo bobe a saretsoa ke hore o lahlehetsoe ke monna oa hae ’me joale o hōle le lelapa la bo le metsoalle. ’Me joalokaha tlaleho e bontša, Jehova a mo putsa ka ho enneng ka lebaka la tsela ea hae e babatsehang.—Ruthe 4:13-17.
Kamoo ho ka Bolokoang Boikutlo bo Tsitsitseng
Ho boloka boikutlo bo tsitsitseng ho thata ho ba bang. Lipelaelo tsa bophelo, haholo-holo mehleng ena e likhathatso eo re phelang ho eona, li ka hlokisa motho thabo—haholo-holo ha mathata a u nyopa-nyopa. Empa le tlas’a maemo a seng monate, motho a ka boloka boikutlo bo tsitsitseng. Ba bangata ba entse joalo maemong a thata ka ho fetisisa. Re ka etsa se tšoanang joang?
Leka ho se behe maikutlo linthong tse nyahamisang. Esita le tlas’a mathata a maholo, litšobotsi tse khothatsang li ka fumanoa. Baapostola ba ne ba atisa ho hlorisoa kapa ho koalloa lichankaneng, empa ba ne ba ntse ba thabile hore e be ba khona ho rorisa Jehova. (Liketso 13:50-52; 14:19-22; 16:22-25) Re ka nahanisisa ka seo bona le bahlanka ba bang ba tšepahalang ba Jehova ba se entseng linakong tsa liteko ’me ra ipatlela seo re ka ithutang sona bakeng sa bophelo ba rōna. Ke ka lebaka la eng ha ba ne ba thabile ’me ba tsitsitse? Hobane ba ne ba e-na le tšepo le tumelo tse feletseng ho Jehova. Ba ne ba tšepa matla a hae a ho tsosa bafu le’a ho ba putsa. (Tšenolo 2:10) Ka mokhoa o tšoanang, boloka tšepo ea hao tsamaisong e ncha ea toka ea Jehova e hlakile kelellong ea hao.—Bapisa Ba-Heberu 12:2.
Re tšoanela ho itlhahloba, esere mohlomong maikutlo a mabe a re nanarela ’me a mela lipelong tsa rōna. Ke habohlokoa hakaakang ho ipoloka haufi le Jehova le ho rapella thuso ea hae haeba re nyahama! (Pesaleme ea 62:8) Thuso e hahang e ka boetse ea batloa ho baholo. Hlaolela moea oa boikokobetso le tlhompho. (Pesaleme ea 119:69, 70) Ipehele lipakane tse hahang le tseo u ka li fihlelang bophelong. Litlhahiso tsena kaofela li tla re thusa ho boloka boikutlo bo tsitsitseng le ho ba le “khotso ea Molimo” e tla ‘boloka lipelo tsa rōna le mehopolo ea rōna.’—Ba-Filippi 4:6, 7.
Ke ’nete, ha ho bonolo kamehla ho ba le boikutlo bo tsitsitseng. Leha ho le joalo, boikutlo bo joalo bo ka hlaoleloa ka ho etsa boiteko bo masene, le ho susumetsoa ke tumelo e matla. Ka hona, ho sa tsotellehe hore na maemo a rōna ke afe, a re ke re ikemisetseng bohle ho boloka pono e tsitsitseng. Le ka mohla e ke ke ea bolela tahlehelo ho rōna empa, ho e-na le hoo, e tla sebeletsa meputsong e thabisang hona joale le nakong e tlang.
[Setsoantšo se leqepheng la 29]
Boloka boikutlo bo tsitsitseng, ’me u tla tleloa ke mahlohonolo a mangata le meputso