Tšepo ea Hao—Ke Molimo Kapa Maruo?
“Ka lilemo o ne a honyetse ka ntlong ea hae e ntle, e pota-potiloeng ke lekhoakhoa la liketane, le koetsoeng ka liheke tse peli tsa tšepe tse notletsoeng.”
KE KAMOO tlaleho ea litaba e ileng ea hlalosa mohlolohali oa morui ea neng a bolailoe ke masholu a ileng a utsoa mabenyane le lidolara tse millione e le ’ngoe lapeng la hae.a Kamor’a hore setopo sa hae se fumanoe, mapolesa a sebelisa kolooana e nkang liphahlo tse rekiloeng mabenkeleng ho nka chelete e ’ngoe e lidolara tse limillione tse hlano ho tloha lapeng la hae. Mapolesa a boetse a fumana “limpho tsa matsatsi a tsoalo” tse likete-kete tse qhoaelletsoeng likarete tse ngotsoeng hore li romeloa “Ho Jesu Kreste” le “Ho Molimo.”
Ho bonahala mojalefa enoa oa mosali a ne a se na metsoalle, ’me o ne a phela tšabong kamehla. Ipotse, Limillione tseo a neng a li nka e le tsa bohlokoa hakaale e ne e le tsa bohlokoa kannete hakae? Ho feta moo, O ne a ruile hakae ho Molimo? Ka sebele u’a tseba hore Molimo o ke ke oa haptjoa ka “limpho tsa matsatsi a tsoalo,” leha e le hore khotso ea Molimo e tlisoa ke ho ba le maruo a mangata. Re ka bona hona ka keletso ea Bibele ea hore ‘re se ke ra tšepa moruo o sa tieang, re mpe re tšepe Molimo o phelang, o re fang tsohle ka bongata, re tle re li thabele.’—1 Timothea 6:17.
Ke hobane’ng ha maruo a sa tsitsa hakaale? Ha e le hantle, mohlomong u’a tseba hore na mantsoe a Jesu ke ’nete hakae: “Le se ke la ipokellela matlotlo lefatšeng, moo tšoèlè le mafome a jang teng, le moo masholu a fatang teng, a utsoang.” (Mattheu 6:19) Joalokaha u hlokomela, kamehla ho na le kotsi ea hore mollo o ka ’na oa chesa ntlo. Batho ba bang ba bokella lintho tsa bona tsa bohlokoa libankeng, empa na masholu ha a ke a utsoe le hona moo? Le eona koloi e ncha e ka jeoa ke mafome.
Ho thoe’ng ka moruo oa lichaba? Linaheng tse ngata ho phahama hoa theko ho tšoana le lesholu; ho theola matlotlo a motho. “Kamor’a hore theko e phahameng ka ho fetisisa e be teng Jeremane mathoasong a bo-1920, bareki ba ne ba hloka lithotoana tseo ba nkang chelete ka tsona . . . ho reka tse hlokahalang ho sebelisoa ka tlung . . . theko ea lintho Jeremane ea imena ka makhetlo a fetang karolo ea trillione e le ’ngoe lekholong ho tloha ka Phato 1922 ho ea ho Pulungoana 1923.” (The World Book Encyclopedia) Ho tšepa chelete e ka ba ho soabisang hakaakang!
Jesu o elelitse ka bohlale: “Le mpe le ipokellele matlotlo leholimong, moo tšoèlè le mafome a sa jeng teng, le moo ho seng masholu a fatang, a utsoang.” (Mattheu 6:20) “Matlotlo” aa ke eng? Ke tlaleho ea rōna ka bomong ea mesebetsi e metle, ho ruela hoa rōna ho Molimo. U ka ’na ua botsa, ‘Hoo ho ntlhoka eng?’ Bibele e arabela hore ho hong hoo ho u hlokang hona ke ho ‘sebetsa se molemo, ho ateloa ke mesebetsi e molemo, ho abela ba bang, ho fana.’—1 Timothea 6:18.
Ho pota lefatše kajeno, ho teng Lipaki tsa Jehova tse limillione tse ka pakang ka botšepehi hore ho abelana lintho tsa moea le tse bonahalang le ba bang—haholo-holo ho thusa batho ho ithuta ka tšepo ea ’Muso ka ho kopanela mesebetsing ea ho bolela, ho ruta le ho etsa barutuoa—ke mesebetsi e metle eo Jehova a e amohelang ’me e khotsofatsa ka sebele. Le lona lefu le ke ke la amoha motho meputso e tlisoang ke ho bea matlotlo a joalo leholimong. Ke hobane’ng ha ho le joalo? Jesu o tšepisitse: “Ke ’na tsoho le bophelo; ea lumelang ho ’na, leha a shoele, o tla phela.”—Johanne 11:25.
Matlotlo a Bohlokoahali ao re ka a Thabelang Hona Joale
Hoba a bolele hore re lokela ho bea tšepo ea rōna ho “Molimo,” Pauluse o tsoela pele ho re ke “Molimo . . . o re fang tsohle ka bongata, re tle re li thabele.” (1 Timothea 6:17) Ntle le litlhoko tsa rōna tsa letsatsi le letsatsi bophelong, Ea Holimo-limo ka lerato o fana ka matlotlo a bohlokoahali bakeng sa batho bao a ba amohelang. Matlotlo a joalo ke afe?
Hlokomela seo Liproverbia 3:13-18 e se bolelang: “Ho lehlohonolo motho ea fumaneng bohlale, ea fihletseng kutloisiso; hobane khoebo ea jona e fetisa silevera, ho ata ha jona ho fetisa ha gauda. Bo fetisa liperela ka bohlokoa, tsohle tse lakatsehang ha li lekane le bona. Bo kakatletse bolelele ba litšiu letsohong le letona, le menono le boholo letsohong le letšehali. . . . Ke sefate sa bophelo ho ba bo ruileng; ba bo lotolotsang ba na le lehlohonolo.” Kahoo “bohlale” ke letlotlo le fetang matlotlo ’ohle a lefatše ka bohlokoa.
Bohlale ke tšebeliso ea tsebo ka tsela e nepahetseng. Ke matla a ho sebelisa tsebo le kutloisiso ka katleho ho rarolla mathata, ho qoba, kapa ho qhela, likotsi, ho finyella lipakane tse itseng kapa ho thusa ba bang hore ba etse joalo. Na ha u lumele hore kajeno re hloka bohlale bo joalo e le hore re ka sebelisana le liteko tsa bophelo ba rōna ka katleho le ho boloka boemo bo botle le Molimo?
Ha e hlalosa bohlale, Liproverbia 3:13-18 e phahamisa thabo. Na thabo hase letlotlo leo bohle re le lakatsang? Bohlale ba bomolimo bo tla re nea thabo ena hobane thabo ea ‘nete e ka tla feela e tsoa Mohloling oa eona, Jehova Molimo. Phihlelo e pakile hore thabo ea ’nete e ke ke ea fumanoa ntle ho ho ikokobelletsa Ea Holimo-limo le ho ineela tlas’a tšebetso ea moea oa hae. Thabo e tšepisitsoeng Bibeleng e itšetlehile ka kamano ea rōna le Ntate oa rōna oa leholimo e ntle kapa boemo bo amohelehang ho eena. (Mattheu 5:3-10) Ka baka leo, ka ho sebelisa seo re ithutileng sona boithutong ba Bibele, re tla be re bontša “bohlale bo tsoang holimo” bo tla re nea thabo eo matlotlo ’ohle a lefatšeng a ke keng a re fumanela eona.
Leha ho le joalo, u hopole hape hore Liproverbia 3:16 e re: “Bo kakatletse bolelele ba litšiu letsohong le letona.” Ho utloisisoa hore hona ho bolela letsoho le letona la tšireletso, letsoho le loketseng ho thusa le ho sireletsa motho linakong tse thata. Kajeno ba bangata ba phela bophelo bo hlephileng, ho kopanela liphate hampe, tšebeliso e mpe ea lithethefatsi le tse ling. Mohlomong u balile hore AIDS (lefu le sitisang ’mele ho itšireletsa maloetseng) le amana le mekhoa e joalo. Ho seo u se hlokometseng, na batho ba etsang lintho tseo ba thabile kannete? Kapa na ba itlisetsa bona le ba bang mahlomola a mangata le bohloko bo bongata haesita le lona lefu?
Ha ho bapisoa, tšebeliso ea keletso e bohlale e tsoang Lentsoeng la Molimo kamehla e tla ba “ka letsohong le letona” la rōna ho re sireletsa likotsing tse joalo. Ka baka leo, bohlale bo ka lelefatsa bophelo ba rōna, ba re sireletsa tseleng e neng e ka re isa lefung le potlakileng. Kahoo, bohlale ba bomolimo ntle le pelaelo bo tla etsa hore bophelo ba rōna ba hona joale e be bo thabisang haholoanyane.
Tsamaea ka Bohlale Hona Joale
Bopaki bo re potolohileng kahohle bo bontša hore re phela “mehleng ea qetello” ea tsamaiso ena ea lintho. (2 Timothea 3:1-5) Kahoo, ke hoa bohlokoa hore re itebele khahlanong le ho ineela moeeng oa lefatše. Moea o joalo o hōlisa lintho tse bonahalang ka ho ipiletsa litakatsong tsa boithati. Qoso e ’ngoe e ileng ea tlisetsoa Jobo, monna ea tšepahalang ea tlalehiloeng ka Bibeleng, e bile ho re monna enoa o ne a sebeletsa Molimo ka mabaka a boikhabi, bakeng sa moruo o bonahalang. (Jobo 1:9-11) Na qoso e joalo e ka re tšoanela kannete?
Haeba re arabela ka ho re che, e ka ’na eaba ka katleho re hanela moruo o bonahalang oa kajeno. Empa kotsi ena ea moruo o bonahalang, ke e ’ngoe ea tse bolotsana ka ho fetisisa tseo re talimanang le tsona. Jesu Kreste o itse ‘ho belaella lintho tsa lefatše lena, le ho thetsa ha lefumo, ho pupetsa lentsoe.’ (Mattheu 13:22) Ka ho hlakileng, re tlameha ho ikalosa kamehla khahlanong le “ho thetsa ha lefumo,” hobane mafumo hase a bohlokoa kannete.
Re tlameha ho ikhopotsa hore lintho tse bonahalang ke tsa bohlokoa ba nakoana. Lentsoe la Molimo le re: “Leruo la morui ho eena ke qhobosheane, mahlong a hae ke lerako la setšabelo.” (Liproverbia 18:11) E, tšireletso eo maruo a ka fanang ka eona ke e inahaneloang feela, ke thetso. Hase hore lintho tse bonahalang ka botsona li mpe. Ho hobe ke ho tsitsisa bophelo ba rōna ho tsona ho e-na le ho fumana kamohelo ea Molimo. Jesu, ea hlokomelehang joaloka e mong oa matichere a bohlalehali historing, o ile a toba taba, a re: “Bophelo ba motho bo ke ke ba tsoa bongateng ba lintho tseo a li ruileng.”—Luka 12:15.
Ka hona a re phehelleng tsela e tla re etsa ba ‘ruetseng ho Molimo’ bophelong. (Luka 12:21) Ha ho letho la bohlokoa ho feta boemo bo amohelehang ho ’Mōpi. Boiteko bohle ba ho bo boloka bo tlatsetsa ho ‘ipokelleleng ha rōna letlotlo mehleng e tlang, le nang le motheo o molemo, re tle re rue bophelo bo sa feleng.’—1 Timothea 6:19.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a $1 e ka ba R2.