Jesu Bophelo le Tšebeletso tsa Hae
Ho Kha Liqoapi ka Sabbatha
JESU le barutuoa ba hae ba tloha Jerusalema hang ho khutlela Galilea. Ke nako ea selemo, ’me masimong ho na le liqoapi mahlakeng. Barutuoa ba lapile. Ka hona ba kha liqoapi ’me baa ja. Empa kaha ke Sabbatha, liketso tsa bona ha li hlokomolohuoe.
Baeta-pele ba bolumeli Jerusalema ba ne ba sa tsoa batla ho bolaela Jesu hoo ho thoeng ke ho tlōla molao oa Sabbatha. Joale Bafarisi ba hlahisa qoso. Baa qosa, “Bona, barutuoa ba hao ba etsa ho sa lumelloeng ho etsoa ka tsatsi la sabbatha.”
Bafarisi ba bolela hore ho kha liqoapi le ho li tšohlela ho li ja ke ho kotula le ho pola. Empa litlhaloso tsa bona tse thata tsa seo e leng mosebetsi li entse hore Sabbatha e be boima, athe e ne e reretsoe ho ba nako e thabisang le e hahang moeeng. Ka hona Jesu o hanyetsa ka mehlala ea Mangolo ho bontša hore Jehova Molimo le ka mohla ha a ka a rerela tšebeliso e thata ka mokhoa o sa hlokahaleng joalo ea molao oa Hae oa Sabbatha.
Jesu o re, ha Davida le banna ba hae ba lapile, ba emisa tlung ea Molimo ’me ba ja mahobe a pontša. Le hoja mahobe ao a ne a se a tlositsoe ka pel’a Jehova ’me a nketsoe sebaka ke a ntseng a le macha, ka tloaelo a ne a boloketsoe baprista hore ba a je. Empa, tlas’a maemo ao, Davida le banna ba hae ha ba ka ba nyatsoa ka ho a ja.
Ha a etsa mohlala o mong, Jesu o re: “Kapa ha lea ka la bala molaong hobane, ka matsatsi a sabbatha, baprista ba tlōla molao oa sabbatha tempeleng, ’me ha ba na molato?” E, esita le ka Sabbatha baprista ba tsoela pele ho hlaba liphoofolo le ho etsa mesebetsi e meng tempeleng ho lokisetsa mahlabelo a liphoofolo! Jesu o re: “’Me ke re ho lōna: Ho teng mona ho hoholo ho tempele.”
Ha a eletsa Bafarisi, Jesu o tsoela pele: “Hola la tseba ho lekanntsoeng ha ho thoe: Ke rata mohau, e seng sehlabelo, le ka be le sa ka la tsoa ba se nang molato.” Joale o’a qetella: “Hobane Mor’a motho ke morena le oa sabbatha.” Jesu o ne a bolela eng ka ho rialo?
Jesu o ne a bua ka puso ea ’Muso oa hae oa khotso ea lilemo tse sekete. Ka lilemo tse 6 000 batho ba hlomotsoe ke tšebetso e boima ea bokhoba tlas’a Satane Diabolose, moo pefo le ntoa e leng lintho tse tloaelehileng tsa letsatsi le letsatsi. Ka lehlakoreng le leng, puso e phahameng ea sabbatha ea Kreste e tla ba nako ea phomolo mahlomoleng oohle a joalo le khatello. Mattheu 12:1-8; Levitike 24:5-9; 1 Samuele 21:1-6; Numere 28:9; Hosea 6:6.
◆ Barutuoa ba Jesu ba qosoa ka eng, ’me Jesu o e arabela joang?
◆ Ke phoso efe ea Bafarisi eo Jesu a e hlokomelang?
◆ Ke ka tsela efe Jesu e leng “morena le oa sabbatha”?