Ho Tsekisana Borena ba Lefatše—Ke Mang ea Tla Hlōla?
“BOIKEMISETSO bo ka sehloohong ba Soviet e ne e le ho re qobella hore re khaotse S.D.I. [Bohato bo Hlophisitsoeng ka Masene ba Tšireletso (“Star Wars”)]. Ke lumela hore . . . Mong. Gorbachev o utloisisa hore ha rea ikemisetsa ho etsa joalo.” Mantsoe ana a boletsoe ke Mopresidente Reagan oa U.S. kamor’a seboka sa Geneva ka Pulungoane 1985.
Joalokaha u tseba, ho e ka bang selemo ho tloha nakong eo bora pakeng tsa linaha tsena tse matla bo ntse bo hōla. Empa ho teng lichaba tse ngata tse li tšehetsang kapa tse bontšang kutloelo-bohloko ho tsona, tse bōpang karolo e ka Bochabela (haholo-holo lihlopha tsa bokomonisi) le karolo e ka Bophirimela (lihlopha tsa khoebo e lokolohileng). Hona ho etsa hore e be tsekisano ea borena ba lefatše lohle. Ka hona u’a ameha. Ho feta moo, tlholisano ea libetsa e bakela tšokelo ea ntoa, e bea bokamoso ba hao kotsing—esita le ha u lula naheng e sa nkeng lehlakore.
U lokela ho thahasella liphello tsa tsekisano ena ea borena. Na ho tla ba le tharollo ea khotso? Haeba ho se joalo, ke mang ea tla hlōla? Ho tseba hoo ho ka ama bokamoso ba hao.
Kamoo e Qalileng Kateng
Libuka tse ngata tsa histori kajeno li bolela hore bora bona pakeng tsa Bochabela le Bophirimela bo qalile kapele kamor’a Ntoa ea II ea Lefatše. Leha ho le joalo, histori ea Bibele e bontša hore bora bona bo ntšetsa pele tsekisano ea borena ba lefatše e qalileng hoo ekabang lilemo tse 2 300 tse fetileng.
Haeba u balile histori ea Greece ea boholo-holo, u’a tseba hore Alexandere e Moholo o ile a fetola sechaba seo ’muso oa lefatše. Sena se boletsoe e sa le pele ke moprofeta oa Bibele Daniele. Boprofeta boo ebile ’nete, hobane kamor’a lefu la “morena ea matla” ka 323 B.C.E., ’muso o ile oa qetella o ‘aroletsoe meea e mene’—balaoli ba hae ba bane. (Daniele 11:2-4) Ho bana, Seleucus I Nicator a busa Siria le Mesopotamia—meeling e ka leboea le bochabela ea Juda lehae la Daniele. Ptolemy Lagus, molaoli e mong oa Mogerike, a busa Egepeta le Palestina, ’me a ba ka boroa le bophirimela ho linaha tse busoang ke Seleucus Nicator. Libaka tsa bona tsa ba etsa “marena a leboea” le “marena a boroa.”—Daniele 11:5, 6.
“Leboea” le “boroa” tsa tšoantšetsa lichaba tse matla tse phethahatsang likarolo tse ling tsa boprofeta.a Lichaba tse fapa-fapaneng li ile tsa phethahatsa likarolo tsena tse peli tsa “marena” ka makholo a lilemo; ka mehla lichaba tsena tsa tšoanela hantle litlhaloso tsa boprofeta. Li ile tsa tsejoa ka bora ba tsona, ha li ntse li laola linaha tse ka leboea le boroa.
Kajeno likarolo tseo li tšoana le mabitso “Bochabela” le “Bophirimela.” Mabitso ana le oona ke a tšoantšetso, hobane libaka tsa tsona li fetela ka ‘nģane ho meeli ea tsona. Mabitso a Bibele “leboea” le “boroa” ke matšoao a tšoanelehang hantle ho sa tsotellehe ho feta meeli ha libaka tsa bona.
Molimo oa “Morena oa Leboea”
Ha Daniele a talima pele “mehleng ea qetello,” o itse “morena oa leboea” o tla “ikholisa holim’a melimo eohle,” a “sa hlokomele” “melimo ea bo-ntat’ae.” Ho e-na le hoo, o tla isa tlotla ho “Molimo oa liqhobosheane . . . ka ligauda . . . lisilevera . . . majoe a bohlokoa le . . . ka likhabiso tse ling” pele a “timetsoa.”—Daniele 11:35-39, 45.
“Morena oa leboea” oa kajeno a tsejoa haholo ka ho se lumele ho Molimo, o latola boteng ba Molimo ’me hangata o hatella bolumeli. O itšetlehile haholo ka libetsa le sesole ho feta tsela leha e le efe ea ho hōlisa tšusumetso ea hae machabeng. Kahoo o sebelisa haholo mehloli ea hae ea chelete ho “tlotla” “molimo oa liqhobosheane.” Ha ho bapisoa, le hoja “morena oa boroa” oa kajeno le eena a tlotlisa libetsa le sesole, o hlonepha melimo e meng ’me batho ba hae ba bangata ke ba bolumeli.
Ho Tsekisana Borena Kajeno
Ha boprofeta bo supa liketsahalo tsa mehla ea rōna, bo re: “Mehleng ea qetello, morena oa Boroa o tla thulana le [morena oa leboea], ’me morena oa Leboea o tla boela a futuhe ka [lihlomo tsa ntoa]; ’me [morena oa leboea] o tla tsoela linaheng a roallele, a hohoretse.”—Daniele 11:40.
Mohlomong u hlokometse hore haesale ho tloha kamor’a Ntoa ea II ea Lefatše mehopolo le taolo tsa ‘morena oa leboea’ li namme haholo linaheng tse ngata, ho sa tsotellehe lintoa tse loannoeng ho thibela sena. Hore na o tla atleha ho isa kae ka ‘ho tsoela linaheng a roallela, a hohoretsa’ ke hona ho tla bonahala; empa ‘morena oa boroa’ oa kajeno o lekile ho thibela ho atoloha hona linaheng tseo ho thoeng li lokolohile. Ka hona bahanyetsi bana baa “thulana” ’me hoo ho ekelitse tlholisano ea libetsa le ea sepaka-paka. Ba qosana ka hore e mong o batla ho busa lefatše.
Daniele o re: “[Morena oa leboea] o tla busa holim’a matlotlo a patiloeng . . . le lintho tsohle tse lakatsehang tsa Egepeta. Ba-Libia le ba-Ethoipia ba tla latela mehlala ea hae.” (Daniele 11:43, NW) Ho ka ’na ha supa mehloling ea tlhaho; ’me “morena oa leboea” oa kajeno o laola linaha tse nang le mehloli e mengata ea lirafshoa, ho kopanyeletsa le oli. O na le tšusumetso e matla linaheng tse ka ’nģane ho meeli ea puso ea hae tse nang le mehloli e nonneng ea tlhaho. Bohle re na le lebaka la ho talima ka thahasello hore na e be o tla fumana taelo e kholoanyane hakae ea linaha tsena le hore na tšusumetso ea hae ea moruo e tla fihla kae.
Ke Mang Ea Tla Hlōla?
Leha ho le joalo, ke’ng se thibelang “marena” ana ho loana ntoa ea makhaola-khang? Lebaka le leholo ke ho tšaba tsenyo ea lihlomo tsa nuclear mahlakoreng ka bobeli. Marena ana a bona ho le molemo ho buisana ka litumellano, leha tsena li hlomphuoa ka seoelo. Daniele o itse: “Tafoleng e le ’ngoe ba tla buisana ka leshano. Empa hoo ho ke ke ha tiea, etsoe bofelo bo beetsoe nako esele.”—Daniele 11:27.
Na u rata ho tseba, Se tla etsahala qetellong ke eng? Na a tla buisana ka khotso e tla tšoarella ka ho sa feleng? Kapa e mong o tla hlōla e mong? Ho latela boprofeta ba Lentsoe la Molimo, karabo lipotsong tseo tse peli ke Che! Hobane’ng? Hobane morena oa boraro o tla ba hlōla ’me a nke taolo ea lefatše. Kahoo ho tla ba le phetoho ea puso—haufinyane!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka mohlala, polelo “tulong tsa hae ho tla lula e mong” e supa ho phethahatsoa ha karolo ea “morena oa leboea.”—Daniele 11:20, 21.
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
MATLA A SESOLE A LINAHA TSE KHŌLŌ TSA SELEKANE
Libetsa tsa nuclear
50 000
Lebotho la sesole
11 913 000
Likepe tsa ntoa
1 350
Lifofane tse lihang libomo le lifofane tsa ntoa
20 100
Litanka tsa ntoa
95 800