Thaba Hauhela ba Hlorileng
“Ea nyelisang oa habo o etsa sebe; empa ho lehlohonolo motho ea molemo ho mofutsana.”—LIPROVERBIA 14:21.
1, 2. Ho ile ha etsahala eng ka malapa a mararo a Mafilipino, ho re etsa hore re nahane ka lipotso life?
SETEREKENG sa Pangasin mollo o hlahileng ka tsietsi o ile oa chesa matlo a malapa a mararo a Mafilipino ha a ntse a le sebokeng sa Bokreste. Ha ba khutlela hae, ba iphumana ba se na lijo kapa sebaka seo ba ka robalang ho sona. Bakreste bahabo bona, ha ba utloa ka koluoa eo, ba ba potlakela ka lijo le ho lokisetsa hore na ba ka robala ha bo-mang phuthehong. Hoseng ka le hlahlamang, Bakreste ba fihla ba nkile bamboo le thepa e ’ngoe ea ho haha. Lerato lena la boena la khahla baahelani. Le oona malapa a mararo a ile a ameha hamolemo. Mollo o sentse matlo a bona, empa tumelo ea bona le litšobotsi tse ling tsa Bokreste tsa pholoha ’me tsa hōla ka lebaka la karabelo e lerato.—Mattheu 6:33; bapisa 1 Ba-Korinthe 3:12-14.
2 Na liphihlelo tse kang ee ha li khatholle? Li haha tumelo ea rōna moseng oa batho ’me li e haha haholo matleng a Bokreste ba ’nete. (Liketso 28:2) Leha ho le joalo, na re ananela motheo oa Mangolo oa ‘ho etsa bohle hantle joalo, empa haholo ba ntlo ea tumelo’? (Ba-Galata 6:10) ’Me rōna ka borōna re ka etsa’ng haholoanyane ntlheng ee?
Mohlala o Babatsehang bakeng sa Rōna
3. Re ka tiisa eng ka kameho ea Jehova ka rōna?
3 Morutuoa Jakobo o-oa re bolella: “Mpho e ’ngoe le e ’ngoe e ntle, leha e le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethehileng, e tsoa holimo.” (Jakobo 1:17) Hoo ke ’nete hakaakang, hobane Jehova o butse seatla sa hae ho lokisetsa litlhoko tsa rōna tsa moea le tsa lintho tse bonahalang! Leha ho le joalo, eena o etelletsa eng pele? Lintho tsa moea. Eena, ka mohlala, o re file Bibele e le hore re ka ba le tataiso ea moea le tšepo ea moea. Tšepo eo e likoloha mphong ea Mora oa hae, eo sehlabelo sa hae e leng motheo oa hore re tšoareloe le hore re lebelle bophelo bo sa feleng.—Johanne 3:16; Mattheu 20:28.
4. Ho totobetse joang hore Molimo o boetse o thahasella litlhoko tsa rōna tsa nama?
4 Jehova o boetse o thahasella ha re iketlile nameng. Moapostola Pauluse o ile a beelana mabaka le batho ba Lystra ea boholo-holo ka sena. Le hoja e ne e se barapeli ba ’nete, ba ne ba ke ke ba latola hore ’Mōpi ‘o etsa batho hantle, o ba sitsa ka lipula tsa leholimo le ka lilemo tsa nala, ’me o tlatsa lipelo tsa bona ka lijo le ka thabo.’ (Liketso 14:15-17) Ka lebaka la lerato, Jehova o fepela litlhoko tsa rōna tsa moea le ho etsa litokisetso bakeng sa bophelo ba rōna ba nama. Na ha u nahane hore hoo ho tlatsetsa hore e be “Molimo o thabileng”?—1 Timothea 1:11, NW.
5. Re ka ithuta eng ka litšebelisano tsa Molimo le Iseraele ea boholo-holo?
5 Litšebelisano tsa Molimo le Iseraele oa boholo-holo li bontša tlhokomelo ea hae e leka-lekanang ho seo barapeli ba hae ba se hlokang moeeng le nameng. O qalile ka hore batho ba oona ba fumane Molao. Marena a oona a ne a tlameha ho itokisetsa kopi ea Molao, ’me batho ba ne ba bokana nako le nako ho mamela ha ho baloa Molao oa Oona. (Deuteronoma 17:18; 31:9-13) Molao ona o ne o lokiselitse tabernakele kapa tempele le baprista ba neng ba tla etsa mahlabelo e le hore batho ba ka ba le mohau o tsoang ho Molimo. Baiseraele ba ne ba bokana kamehla bakeng sa mekete ea moea, litlhōrō borapeling ba bona ba selemo le selemo. (Deuteronoma 16:1-17) Ka lebaka la sena sohle, Baiseraele ka bomong ba ne ba ka ena moeeng ka pel’a Molimo.
6, 7. Molaong Jehova o ile a bontša joang kameho ea hae ka litlhoko tsa nama tsa Baiseraele?
6 Leha ho le joalo, Molao o boetse oa senola kamoo Molimo o hlokomelang maemo a nama a bahlanka ba oona. Mohlomong u hopola melao e neiloeng Iseraele mabapi le bohloeki le mehato e neng e nkoa ho fokotsa ho tšoaetsana mafu. (Deuteronoma 14:11-21; 23:10-14) Leha ho le joalo, ha rea lokela ho hlokomoloha litokisetso tse khethehileng tsa Molimo tse neng li etselitsoe ho thusa ba fumanehileng le ba hlorileng. Ho kula kapa koluoa e kang mollo kapa sekhohola e ne e ka ’na ea lihela Moiseraele bofumeng. Ka Molaong oa hae Jehova o ile a lumela hore bohle ba ne ba ke ke ba e-ba boemong bo tšoanang moruong. (Deuteronoma 15:11) Empa o entse ho hoholoanyane ho feta ho qenehela bafumanehi le ba hlorileng. O ile a lokisetsa thuso.
7 Tlhoko e potlakileng ea ba joalo e ne e tla ba lijo. Kahoo Molimo oa laela hore Moiseraele ea fumanehileng a lokolohe ho khoahlapisa masimong a morara kapa lifateng tsa mohloaare. (Deuteronoma 24:19-22; Levitike 19:9, 10; 23:22) Tsela ea Molimo e ne e sa khothalletse batho hore ba be botsoa kapa ba phelele ho qela ha ba ne ba ka ’na ba sebetsa. Moiseraele ea khoahlapisang o ne a tlameha ho ikitlaetsa, mohlomong a qeta lihora tse telele letsatsing le chesang ho bokella lijo tsa letsatsi. Leha ho le joalo, ha rea lokela ho hlokomoloha hore ka tsela ena Molimo ka ho nahanela o ne o lokiselitse bafumanehi.—Bapisa Ruthe 2:2-7; Pesaleme ea 69:33; 102:17.
8. (a) Bajode ka bomong ba ne ba phehelloa hore ba etsetse bana babo bona eng? (Bapisa Jeremia 5:26, 28.) (b) U ka bapisa joang boikutlo boo Molimo o bo phehelletseng Bajode le se tloaelehileng kajeno?
8 Jehova o boetse a hatisa thahasello ea hae ho ba hlorileng ka lipolelo tse kang e ho Esaia 58:6, 7. Nakong eo ka eona Baiseraele ba bang ba baikhotsofatsi ba neng ba iketsa joalokaha eka ba itima lijo, moprofeta oa Molimo a re: “Ho itima lijo hoo ke ho ratang, na hase hore u . . . lokolle ba etselitsoeng boima, u robe lijoko kaofela na? Na hase hore u abele ea lapileng bohobe ba hao, u amohele mofutsana ea toailang tlung ha hao na? Leha u bona motho ea hlobotseng, u mo apese, u se ke ua ipata pel’a ngoan’eno?” Batho ba bang kajeno ba sireletsa seo ho ka thoeng ke ‘lefuranyana la bona.’ Ba utloisisa ho thusa motho ea hlokang hafeela ho sa bolele boitelo leha e le bofe ba botho kapa tšitiso ho bona. Mantsoe a Molimo ka Esaia a hatisitse moea o fapaneng le oo hakaakang!—Bona le Ezekiele 18:5-9.
9. Molao o ne o fana ka keletso efe ka likalimo, ’me Molimo o ile oa khothalletsa boikutlo bofe?
9 Ho ameha ka baena ba futsanehileng ba Baiseraele ho ka ’na ha etsetsoa mohlala ka likalimo. Moiseraele a ka ’na a lebella ho lefuoa phaello ha a alimana ka chelete ho e mong ea batlang ho e sebelisa ho kena khoebong kapa ho hōlisa khoebo ea hae. Leha ho le joalo, Jehova o ne a itse ho ke ke ha batloa phaello ha ho alingoa moena oa mofutsana chelete, eo tsieleho ea hae e ka ’nang ea mo etsa hore a oele phosong. (Exoda 22:25; Deuteronoma 15:7, 8, 11; 23:19, 20; Liproverbia 6:30, 31) Boikutlo ba Molimo ka ba malimabe e ne e lokela ho ba mohlala bakeng sa batho ba hae. Re bile rea tšepisoa: “Ea hauhelang mofumanehi o alimela Jehova, Jehova o tla putsa ketso tsa hae.” (Liproverbia 19:17) Ak’u nahane—ho alima Jehova, ka tiiso ea hae ea hore o tla u buseletsa haholo!
10. Kamor’a ho nahana ka mohlala oa Molimo, u ka ipotsa eng?
10 Kahoo bohle re lokela ho botsa: Tsela eo Molimo o talimang o bileng o tšoarang ba hlorileng ka eona e bolela eng ho ’na? Na ke ithutile mohlaleng oa oona o phethahetseng ’me ke leka ho o etsisa? Na nka ntlafatsa hore ke tšoane le Molimo ntlheng ee?—Genese 1:26.
Ngoan’a Tali o Tsejoa ka Mereto
11. Kameho ea Jesu e ile ea tšoanelana le ea Ntate oa hae joang? (2 Ba-Korinthe 8:9)
11 Jesu Kreste ke “lehlaseli la khanya ea [Jehova], le setšoantšo sa boleng ba [hae].” (Ba-Heberu 1:3) Kahoo, re ne re tla lebella hore a bonahatse kameho e kang ea Ntat’ae bakeng sa ba thahasellang borapeli ba ’nete. O ho entse. Jesu o bontšitse hore bofuma boo ho hlokahalang hore bo hle bo phekolisisoe ke bofuma ba moea: “Ho lehlohonolo bafumanehi moeeng, hobane ’muso oa maholimo ke oa bona.” (Mattheu 5:3; bapisa Luka 6:20.) Kreste o boetse a re: “Ke tsoaletsoe hona, ’me ke tletse hona lefatšeng, ke tle ke pake ’nete.” (Johanne 18:37) Kahoo, o ne a sa tuma feela joaloka moetsi oa mehlolo kapa mophekoli empa joaloka Moruti. (Mareka 10:17-21; 12:28-33) Ntlheng ena, hlokomela Mareka 6:30-34. Re bala ka nako ea ha Jesu a ne a ipatletse sebaka se khutsitseng hore a hlasimolohe. Eaba o “bona bongata bo boholo, . . . [bo] le joale ka linku tse se nang molisa.” O ile a itšoara joang? “A qala ho ba ruta taba tse ngata.” E, Jesu a itella ho arabela seo ba se hlokang haholo-holo: ’nete eo ba neng ba ka phela ka ho sa feleng ka eona.—Johanne 4:14; 6:51.
12. Re ka ithuta eng ka pono ea Jesu ho Mareka 6:30-34 le Mareka 6:35-44?
12 Ha Jesu a ntse a shebane le litlhoko tsa moea tsa Bajode ba baikokobetsi, ha a ka a hlokomoloha litlhoko tsa bona tsa nama. Tlaleho ea Mareka e bontša hore Jesu o ne a falimehetse litlhoko tsa lijo tsa nama. Baapostola ba qala ka ho etsa tlhahiso ea hore bongata bo khutlisoe hore bo e’o ‘ithekela seo bo ka se jang.’ Jesu ha a ka a lumellana le seo. Joale baapostola ba etsa tlhahiso ea hore ba sebelise e ’ngoe ea chelete ea litšenyehelo tsa bona e neng e le ho bona bakeng sa ho reka lijo. Ho e-na le hoo, Jesu a ikhethela ho etsa mohlolo o tsebisahalang oo ka oona a ileng a fepa banna ba 5 000, ntle ho basali le bana, sejo sa bohlokoa sa bohobe le hlapi. Ba bang kajeno ba ka ’na ba ikutloa hore ho ne ho le bonolo ho Jesu hore a khotsofatse ka mohlolo se neng se hlokoa ke bongata. Ho ntse ho le joalo, ha rea lokela ho hlokomoloha ’nete ea hore o ne a ameha ka ’nete, ’me a nka bohato ka hona.—Mareka 6:35-44; Mattheu 14:21.a
13. Jesu o fane ka bopaki bofe hape ba thahasello ea hae boiketlong ba batho?
13 Mohlomong u balile litlaleho tsa Melaetsa tse pakang hore boikutlo ba Jesu ka ba malimabe bo ne bo sa fella ho bafumanehi feela. O boetse a thusa ba kulang le ba hlorileng. (Luka 6:17-19; 17:12-19; Johanne 5:2-9; 9:1-7) Leha e le hore e ne e le taba ea ho phekola feela bao ho neng ho etsahala hore e be ba pel’a hae. Ka linako tse ling o ne a ea ho ea kulang e le hore a ka fana ka thuso.—Luka 8:41-55.
14, 15. (a) Ke hobane’ng ha re ka tiisa hore Jesu o ne a lebelletse hore balateli ba hae ba bontše kameho e kang ea hae? (b) Ke hantle ha re ipotsa eng?
14 Leha ho le joalo, na litlhoko tsa barutuoa ba futsanehileng le ba hlorileng (kapa ba batlang ’nete) li ne li ama feela ba neng ba ka fana ka topollo ka ho etsa mehlolo? Che. Barutuoa bohle ba Jesu ba ne ba lokela ho ameha le ho nka bohato bo tšoanelang. Ka mohlala, o phehelletse monna oa morui ea neng a batla bophelo bo sa feleng: “Rekisa ka lintho tsa hao tsohle, ’me u li abele bafumanehi, ’me u tla ba le letlotlo leholimong.” (Luka 18:18-22) Jesu o boetse a eletsa: “Enore ha u etsa ’mōka, u bitse bahloki, le lihole, le lihlotsa, le lifofu; ’me u tla ba motho ea lehlohonolo, kahobane ha ba na seo ba ka u buseletsang sona; ’me tsa hao li tla buseletsoa tsohong ea ba lokileng.”—Luka 14:13, 14.
15 Mokreste ke molateli oa Kreste, kahoo, e mong le e mong ho rōna a ka botsa: Ke etsisa boikutlo le liketso tsa Jesu ho bafumanehi, ba hlorileng le ba malimabe hakae? Na ka ’nete joaloka moapostola Pauluse, nka re: “Le be baetsisi ba ka, joale ka ha le ’na ke le oa Kreste”?—1 Ba-Korinthe 11:1.
Pauluse—Mohlala o Thabisang
16. Moapostola Pauluse o ne a thahasella eng ka ho khetheha?
16 Ke ho loketseng ho kenya Pauluse nthleng ena, hobane e ne e le mohlala o ka etsisoang. Joalokaha re ka lebella, thlokomelo e khōlō ea hae e ne le lithlokong tsa moea tsa ba bang. E ne e le ‘lenģosa la Kreste, le khothatsang ba bang le re: Boelanang le Molimo.’ (2 Ba-Korinthe 5:20) Kabelo e khethehileng ea Pauluse e ne e le ho bolela le ho haha liphutheho har’a bao e seng Bajode. O ngotse: “Ke abetsoe ho bolella ba sa bollang Evangeli.”—Ba-Galata 2:7.
17. Re tseba joang hore Pauluse o ne hlokomela le lithloko tsa nama?
17 Empa kaha Pauluse o itse o ne a etsisa Kreste, na eena (joaloka Jehova le Jesu) o ile a hlokomela mahloreho a nama kapa mathata a barapeli ’moho le eena? E re Pauluse ka boeena a arabele. Ho Ba-Galata 2:9, o tsoetse pele: ‘Jakobo, Kefase [Petrose], le Johanne ba re nea matsoho a bolekane, ’na le Barnabase, hore rōna re ikele ho balichaba.’ Joale temaneng e hlahlamang feela Pauluse o ile a eketsa: “Feela ba re, re n’o hopola bafumanehi, ’me ke sona see ke thootheletsoeng ho se etsa.” (Ba-Galata 2:10) Kahoo Pauluse a ananela hore, le hoja e ne e le moromuoa le moapostola ea nang le boikarabelo liphuthehong tse ngata, o ne a ke ke a phathahana hoo a neng a ke ke a thahasella boiketlo ba nama ba baena ba hae le bo-khatseliee.
18. E ka ’na eaba Pauluse o ne a bua ka “bafumanehi” bafe ho Ba-Galata 2:10, ’me ke hobane’ng ha e lokela e be ba ile ba hlokomeloa?
18 Mohlomong, “bafumanehi” bao a buileng ka bona ho Ba-Galata 2:10 e ne e le haholo-holo Bakreste ba Bajode ba Jerusalema le Judea. Pejana “ba-Jode ba ba-Gerike ba korotla ka ba-Jode ba ba-Heberu, ka ho re, basali ba bahlolohali ba bona ha ba hlokomeloe phepong ea letsatsi le leng le le leng.” (Liketso 6:1) Kahoo, ha a bolela hore ke moapostola oa lichaba, Pauluse a hlakisa hore o ne a sa hlokomolohe leha e le mang boeneng ba Bokreste. (Ba-Roma 11:13) O ne a ananela hore tlhokomelo ea nama ea baena e ne e akarellelitsoe mantsoeng ana: “Khaohano e tle e se ke ea e-ba teng ’meleng, litho li mpe li baballane. ’Me setho se seng ha se utloa bohloko, litho tsohle li utloa bohloko le sona.”—1 Ba-Korinthe 12:25, 26.
19. Re na le bopaki bofe ba hore Pauluse le ba bang ba ile ba ameha ka bafumanehi?
19 Ha Bakreste ba Jerusalema le Judea ba hlokofala ka lebaka la bofuma, tlala e ileng ea oa moo, kapa mahloriso, liphutheho tse ling tse hōle li ile tsa arabela. Ha e le hantle ba ne ba ntse ba sa tl’o lebala baena ba bona ba hlokang lithapelong tsa hore Molimo o ba tšelise le ho ba tšehetsa. Empa ba ne ba sa felle moo. Pauluse o ngotse hore “ba Macedonia le ba Akaia ba ratile ho bokella lithuso tse tla abeloa bahalaleli ba fumanehileng ba Jerusalema.” (Ba-Roma 15:26, 27) Ba neng ba etsa lithuso tse joalo tsa lichelete bakeng sa baena ba bona ba hlorileng ba ne ba ‘ena kahohle ’me ba tseba ho fana kahohle e leng ntho e neng e tla etsoa teboho ho Molimo.’ (2 Ba-Korinthe 9:1-13) Na hoo e ne e ke ke ea e-ba lebaka la hore ba thabe?
20 Ke hobane’ng ha baena ba neng ba ntšitse lithuso ho thusa “bafumanehi” ba ne ba ka thaba?
20 Baena ba neng ba arolelana lichelete tsa bona le “bahalaleli ba fumanehileng ba Jerusalema” ba ne ba e-na le motheo o eketsehileng oa thabo. Ho hlokomela ha bona ba hlorileng ho ne ho tla thusa bafani hore ba amohelehe ho Molimo. Re ka bona lebaka ha re hlokomela hore lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “lithuso” ho Ba-Roma 15:26 le 2 Ba-Korinthe 9:13 le na le moelelo oa “pontšo ea botsoalle, bopaki ba bonngoe ba boena, ho hlatsoana matsoho.” Le sebelisitsoe ho Ba-Heberu 13:16, e reng: “Le se ke la lebala ho etsa batho hantle, le ho fana; hobane Molimo o khahlisoa ke mahlabelo a joalo.”
Na Re Tla Thaba?
21. Re ka fihlela qeto ea hore ke eng e tla fana ka motheo bakeng sa hore re thabe?
21 Puisanong ena, re hlahlobile bopaki ba Mangolo ba hore Jehova Molimo, Jesu Kreste le moapostola Pauluse ba ne ba hlokomela ba hlorileng. Re hlokometse hore kaofela ha bona ba ne ba hlokomela hore litlhoko tsa moea li lokeloa ho hlokomeloa pele. Empa e sa ntsane e le ’nete hore kaofela ba bontšitse ka litsela tse sebetsang thahasello ea bona ho bafumanehi, ba kulang le ba malimabe. Ba ne ba thabisoa ke ho fana ka thuso e sebetsang. Na rōna re ka etsa ho ka tlaase ho hoo? Moapostola Pauluse o re phehelletse “ho elelloa taba ea Morena Jesu, eo a e boletseng ka sebele sa hae, ha a re: Ho nea ke leseho le fetisang la ho fuoa,”—Liketso 20:35.
22. Ke litšobotsi life tsa taba ee tse sa ntsaneng li lokeloa ke hore u li ele hloko?
22 Leha ho le joalo, ke hantle ha u ka botsa: Hantle-ntle ’na nka etsa’ng? Nka tseba joang hore na ke bo-mang ba hlokang ka ’nete? Nka fana ka thuso joang ka tsela e sa tl’o khothaletsa botsoa, e mosa le e sebetsang, e nahanelang boikutlo ba ba bang, le e tšoanelanang le tšoanelo ea ka ea Bokreste ea ho hasa litaba tse molemo? Sehlooho se latelang se tla shebana le litšobotsi tsa taba ena, se rala motheo bakeng sa hore u fumane thabo e eketsehileng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho khahlisang, Jesu ka boeena o ne a se lihlong kapa a sa ikhohomose hoo a neng a ke ke a amohela thuso e bonahalang e tsoang ho ba bang.—Luka 5:29; 7:36, 37; 8:3.
Na U Hlokometse?
◻ Molimo o bontša thahasello ea oona litlhokong tsa rōna tsa moea hammoho le litlhokong tsa rōna tsa nama joang?
◻ Ke eng e bontšang hore Jesu o ne a sa ameha feela ka ho thusa batho ka ho ba ruta ’nete?
◻ Pauluse o beile mohlala oa mofuta ofe mabapi le bafumanehi?
◻ Kamor’a ho hlahloba mehlala ea Jehova, Jesu le moapostola Pauluse, u bona ho hlokahala hore u etse’ng?
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Baholo ba Bakreste hammoho le ba bang ba lokela ho sebelisa keletso ea Jesu e ho Luka 14:13, 14.