Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 12/15 maq. 10-14
  • “U be Sebete ’me U be Matla Haholo”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “U be Sebete ’me U be Matla Haholo”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Matla a Joshua—a Tsoa Mohloling Ofe?
  • Lebitso la Jehova ka Pele-pele
  • Mohlolo oa Jehova Jordane
  • Ho Ikhopotsa Mohlolo
  • Seo Joshua a Ileng a se Hopola
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Buka ea Bibele ea 6—Joshua
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • O Batla Hore re Atlehe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • “Re Tla Sebeletsa Jehova, . . . Molimo oa Rōna”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 12/15 maq. 10-14

“U be Sebete ’me U be Matla Haholo”

“Le se ke la e tšaba, hobane Jehova, Molimo oa lōna, o tla le loanela e le eena.”—DEUTERONOMA 3:22.

1. (a) Boemo e ne e le bofe Iseraeleng qetellong ea leeto la lefeelleng? (b) Moshe joalo o ile a fana ka khothatso efe?

NAKO e ne e fihlile bakeng sa liketsahalo tsa bohlokoa historing ea Iseraele. Sechaba se halalelang sa Molimo joale se tlameha ho itokisetsa ho kena Lefatšeng la Pallo! Moshe o ne a ile a etella pele Baiseraele lefeelleng le leholo le le tšabehang ka lilemo tse 40. Empa joale ha a le Nōkeng ea Jordane naheng ea Moabe, a buisana le batho ba Molimo ka lekhetlo la ho qetela. A le lilemo li 120, “mahlo a hae a na a e-so ho fifale; ’me matla a hae a ne a e-so kokobele,” leha e le hore lentsoe la hae le ne felile. Joshua, ea neng a tla tloha a mo hlahlama, le Baiseraele bohle ba tlameha e be ba ne ba hloletsoe ke ho utloa litlhaloso tse matla tsa Moshe tsa molao oa Jehova le khothatso ea hae e matla ea hore ba be sebete ha ba tsamaea ho ea hapa naha eo.—Deuteronoma 1:1-5, 19, 21, 29, 30; 3:22; 31:6, 7, 23; 34:7.

2. Re tseba joang hore tlaleho ea lintho tsee e molemong oa ho re ruta kajeno?

2 Na liketsahalo tseo tsa lilemo tse ngata tse fetileng ke histori feela tjee? Le hanyenyane! Moapostola Pauluse oa re bolella: “Taba tsohle tse ngoliloeng pele, li ngoliloe ho re ruta, hore, ka ho mamella le ka ho tšelisoa ke Mangolo, re tle re be le tšepo.” (Ba-Roma 15:4) Tlaleho eo e na le e tšoanang le eona kajeno. E ka re matlafaletsa ntoa ea moea kajeno. E boetse e sebeletsa e le ‘litemoso ho rōna ba hlahetsoeng ke mehla ea bofelo,’ e re thusa hore re qobe maraba a Satane.—1 Ba-Korinthe 10:11; 1 Petrose 4:7.

Matla a Joshua—a Tsoa Mohloling Ofe?

3, 4. (a) Ke hobane’ng ha re hloka ho hlaolela ho hloka tšabo? (b) Hoo re ka ho etsa joang?

3 Haufinyane haholo batho ba Jehova ba tla tloha ba kena tsamaisong e ncha ea lintho. Ha ho talingoa liketsahalo tse ntseng li iponahatsa lefatšeng, ho hlokahala hore re hlaolele ho hloka tšabo. Hoo re ka ho etsa joang? Ha Joshua a itokisetsa ho kena Lefatšeng la Pallo, Molimo oa mo laela: “Feela u iphe matla [“u be sebete,” NW], u etse ka senna haholo [“u be matla haholo,” NW], u hlokomele ho etsa ka molao oohle oo Moshe, mohlanka oa ka, a u laetseng oona. U se ke ua o kheloha ho ea ka ho le letona, leha e le ho le letšehali, u tle u atlehe kahohle moo u eang teng. Buka ena ea molao e se ke ea tloha molomong oa hao; u o nahane motšehare le bosiu, u tle u hlokomele ho etsa ka tsohle tse ngoliloeng teng; ke moo u tla atleha metsamaong ea hao, u iketle.”—Joshua 1:7, 8.

4 Ke leo lekunutu! Bala Bibele letsatsi le leng le le leng. E re fuparetse molao oa Molimo. Nahanisisa ka eona. Ela hloko likhopotso tsa eona. U se ke ua itlohella hore u huleloe lefatšeng la lintho tse bonahalang, le la boitšoaro bo bobe le u potolohileng. Boemong leha e le bofe boo u iphumanang u le ho bona, etsa ka bohlale. Sebelisa hamolemo tsebo e nepahetseng le kutloisiso ea moea tseo u li fumaneng ka ho ithuta Lentsoe la Molimo. Bua ka lona le ba bang. Ka ho etsa joalo le ka ho tšepa Jehova, ka sebele u ka ‘ba sebete, ua ba matla haholo, le ho atleha metsamaong ea hao.’—Bapisa Pesaleme ea 1:1-3; 93:5; 119:165-168.

5. (a) Joaloka Joshua, basebeletsi ba bacha kajeno ba ka fumana matla joang? (b) Ke pakane efe e ntle eo Lipaki tse nyenyane li ka bang le eona kajeno?

5 Joshua e ne e bile “mohlanka oa Moshe ha e sa le bocheng ba hae.” (Numere 11:28) Ha ho pelaelo hore setsoalle sena se haufi se ne se mo thusitse hore a rue matla a moea. Ka ho tšoanang, basebeletsi ba banyenyane kajeno ba ka rua matla ka ho sebetsa le batsoali, bo-pula-maliboho, Lipaki tsa khale le bahlanka ba bang ba ineetseng ba tšepahalang ba Jehova. Ho kopanela bopaking ba ntlo le ntlo le ba chesehang joalo e ka ba thabo ’me ho ka thusa ho haha ka ho bacha ba rōna khōlo le takatso ea ho tsoela pele tšebeletsong. (Liketso 20:20, 21; Esaia 40:28-31) Ke pakane efe e molemonyana eo bacha ba Lipaki ba ka bang le eona ho feta tšebeletso ea nako e tletseng molemong oa ’Muso oa Jehova!—Pesaleme ea 35:18; 145:10-12.

6. Joshua e bile mohlala joang ho rōna mabapi le letšolo khahlanong le Amaleke?

6 Ha Moshe a roma Joshua ho ea loantša Baamaleke, “Joshua [a] etsa kamoo Moshe a ’moleletseng kateng.” O ne a utloa; kahoo, a hlōla. Le rōna, re tla kopanela ho itumiseng ha Jehova haeba re hlokomela haufi-ufi litaelo tsa ntoa tseo re li fumanang ka mokhatlo o hlophisitsoeng oa hae. Jehova o ile a bolella Moshe hore a ikhopotse ho hlōla ha Hae Baamaleke ka ho ho ngola bukeng le ka ho ho pheta litsebeng tsa Joshua. Ha ho pelaelo hore Joshua o ile a phahamisa tlhōlo ea Jehova ka ho tsoetseng pele ka ho bua ka eona ho ba bang. Ka tsela e tšoanang, le rōna kajeno re ka tsebahatsa liketso tse matla tsa Morena ’Musi Jehova, ’me re ka bolela ‘letsatsi la hae le haufi la liphetetso’ holim’a ba khopo.—Exoda 17:10, 13, 14; Esaia 61:1, 2; Pesaleme ea 145:1-4.

7, 8. (a) Joshua le Kalebe ba ile ba bontša tšepo efe ha ba khutla Kanana? (b) Re fumana temoso le khothatso life tseleng eo Jehova a ileng a sebetsa litaba ka eona ka nako eo?

7 Ha Moshe a roma mahosana a 12 ho ea hloela Lefatše la Pallo, o ile a akarelletsa le Joshua. Ha li khutla, lihloela tse leshome tsa bontša tšabo e khōlō ho baahi ba Bakanana ba naha eo ’me tsa susumetsa sechaba ho etsa letsoso la hore ho khutleloe Egepeta. Empa Joshua le Kalebe ka sebete ba re: “Ha Jehova a re baballa, o tla re isa lefatšeng leo, ’me o tla re nea lona; ke lefatše le kollang lebese le linotši. Feela, le se ke la ikhantšetsa Jehova; ’me le se ke la tšaba batho ba naha eo, hobane re tla ba qeta; lesoiti le se le tlohile holim’a bona, kanthe Jehova o na le rōna; le se ke la ba tšaba.”—Numere 13:1–14:38.

8 Leha ho le joalo, phutheho ea Iseraele ea ’na ea korotla, hoo Jehova a ileng a kenella ’me a ahlolela Baiseraele bao ba boi lilemo tse 40 ba ntse ba lelera lefeelleng. Ntle ho Kalebe le Joshua, banna bohle ba bona ba ntoa ba ile ba shoa ba sa ka ba bona Lefatše la Pallo. Ke temoso e kaakang ho rōna kajeno! Le ka mohla re se ke ra korotlela litokisetso tsa Jehova. Le haeba re thulana le mathata masimong a bopaki, a re beng sebete ’me re be matla ho ea malapeng a batho ka molaetsa oa ’Muso o pholosang bophelo. E se eka le kamohla re ke ke ra tšoana le bakoenehi bao ba kajeno bao, ho e-na le ho fana ka bopaki ba phatlalatsa, ba ikhethelang ho etselletsa baena ba bona le ho khutlela litseleng tsa lefatše—tse tšoantšelitsoeng ka Egepeta.—Numere 14:1-4, 26-30; Luka 12:45, 46; bapisa Liketso 5:27-29, 41, 42.

Lebitso la Jehova ka Pele-pele

9. Joshua o ile a phelela lebitso la hae le lecha joang?

9 Lethathamo la Bibele la lihloela tse 12 le bitsa Joshua Hosea, e bolelang “Poloko.” Empa ntlheng ena tlaleho e re: “Moshe a rea Hosea, mor’a Nune, lebitso la Joshua [le bolelang, ‘Jehova Ke Poloko’].” Ke hobane’ng ha Moshe a ile a hatisa lebitso la Jehova joalo? Ke kahobane Joshua o ne a sebeletsa haholo-holo bakeng sa tlhatsuo ea lebitso leo. Joshua e bile mohlala o motle oa kutlo taelong eo Moshe a neng a tla e hatisa hamorao ho Iseraele: “Rata Jehova, Molimo oa hao, ka pelo ea hao eohle, le ka moea oa hao oohle, le ka matla a hao ’ohle.” Ka ho etsa joalo, o ile a neoa tokelo ea ho bontša hore ‘Jehova ke poloko.’—Numere 13:8, 16; Deuteronoma 6:5.

10. (a) Lebitso la Jehova le bolela eng ho uena? (h) Re ka fumana matla afe mantsoeng a mang a Jehova ho Joshua?

10 Na le rōna ha rea fihla moo re nkang lebitso la Jehova e le la bohlokoahali le le lokeloang ke thoriso eohle? Lebitso la hae le hlomphehang le bolela “Ea Etsag Hore ho be” mabapi le ho phethahatsa litšepiso tsa hae. Litšepiso tsa hae tsa ’Muso ke tse khathollang pelo hakaakang! Ka cheseho e kang ea Joshua, re lokela ho batla ho hōlisa lebitso la Jehova le merero ea hae ka pel’a bohle ba sa ntsaneng ba ka amohela tšepo ea tsamaiso ea hae e hloekileng le e ncha ea lintho. Mehleng ena e lekang, re ka fumana matla mantsoeng a tsoelang pele a Jehova ho Joshua: “Na ha kea ka ka u laela? U be sebete ’me u be matla. U se ke ua tšoha kapa ua tšaba, hobane Jehova Molimo oa hao o na le uena hohle moo u eang teng.”—Joshua 1:9, NW.a

11. (a) Se boleloang ke lebitso la Jesu se ile sa hatisoa joang ha a kena a kaletse Jerusalema? (b) Jesu o ile a nka lebitso la Jehova joang, ’me ke eng e bontšang see?

11 Lebitso la Segerike le tšoanang le Joshua, kapa Jehoshua, ke Jesu, le lona le bolela “Jehova Ke Poloko.” Ke ka Jesu Kreste Jehova a fanang ka poloko bakeng sa batho. Ka 33 C.E. ha Jesu a kena a kaletse esele Jerusalema, letšoele la ’na la hooa: “Hosanna! ho bokoe ea tlang ka lebitso la Morena [Jehova]!” (Mareka 11:9; Zakaria 9:9) Joshua o ne a hlile a tšoantšetsa Jesu, ea ‘re sietseng mohlala re tle re hate moo a hatileng.’ (1 Petrose 2:21) Joaloka Joshua, Jesu o ile a nka lebitso la Jehova e le la bohlokoa, ’me o ile a phahamisa lebitso leo. Ka makhetlo a mabeli thapelong ea hae ea ho qetela a e-na le barutuoa ba hae, o ile a hatisa lebitso la Molimo, a re: “Lebitso la hao ke le senoletse batho bao u ’neileng bona lefatšeng; . . . Ke ba tsebisitse lebitso la hao, ’me ke tla ’ne ke ba tsebise lona, hore lerato leo u nthatileng ka lona le be ho bona, le ’na ke be ho bona.” (Johanne 17:6, 26) Re na le tokelo e kaakang ea ho tsebisa ba bang lebitso leo!

12. Re emetse liketsahalo life tse matla kajeno, hona hobane’ng?

12 Ha re bala tlaleho ea Bibele ea boeta-pele bo tšepahalang ba Joshua, re ka hopola hore Joshua e Moholoanyane, Jesu Kreste, o etelletse pele batho ba Molimo kajeno. “Letsatsi la Jehova” la ho itumisa le se le le haufi. Re emetse ka cheseho e kaakang phethahatso ea tšepiso ea hae ea tsamaiso e lokileng e ncha e tla latela letsatsi leo! (2 Petrose 3:10-13, 17, 18) Ka tšepo, he, re lebelletse liketso tse ling tse matla tsa Jehova, le tse matlanyana ho feta tseo a li entseng ka Joshua.

Mohlolo oa Jehova Jordane

13. (a) Ke boemo bofe bo neng bo bonahala bo le thata bo neng bo talimane le Iseraele ka lehlakoreng le ka bochabela ho Jordane? (b) Kutlo ea Iseraele e ile ea putsoa joang?

13 E ne e le nako ea kotulo ka selemo sa 1473 B.C.E., ’me Nōka ea Jordane e ne e ja litlhokoa. E be meea e limillione-millione, e meholo le e menyenyane, banna, basali le bana, ba ne ba ka tšelisoa joang nōka ee e befileng? Leha ho le joalo Jehova o ne a laetse Joshua: “Tsoha joale, u tšele Jordane ena, uena le sechaba sena kaofela.” Eaba sechaba sona se re ho Joshua: “Re tla etsa ka tsohle tseo u re laetseng tsona.” Iseraele ea qhaqha liahelo. Baprista ba tloha pele, ba jere areka ea selekane, e neng e koahetsoe ka hloko le e neng e tšoantšetsa boteng ba Jehova har’a bona. Eaba Jehova joale o qala ho ‘etsa mehlolo har’a bona,’ hobane “ba jereng areka ha ba fihla Jordane, ’me maoto a baprista ba jereng areka ha a qala ho kena metsing, . . . metsi a theohang, a tsoang holimo, a ema.” Metsi a ka tlaase “a khaoloa” ho phallela Leoatleng le Shoeleng, “’me sechaba sa tšela.” (Joshua 1:2, 16; 3:5-16) Mohlolo o moholohali ka sebele!

14. Ke tšoano efe e teng kajeno, ’me phello ea bopaki bo fanoeng ke efe?

14 Jordane e jang litlhokoa e tšoana le mahoholi a batho bao hona joale ba hohlomelang ho leba timelong ka Harmagedone. (Bapisa Esaia 57:20; Tšenolo 17:15.) Kajeno, ha batho ba eme lintšing tsa ho hohlomela hoo ha ho qetela, Jehova o matlafatsa batho ba hae, ba fetang 3 000 000 ka palo hona joale—palo e tšoantšoang le batho ba Molimo ba neng ba tsamaea le Joshua.—Bapisa Habakuke 2:3.

15. (a) Ke eng mehleng ea kajeno e tšoanang le ketso e sebete ea baprista morao koo? (b) “Bongata bo boholo ba batho” bo tšoantšelitsoe joang setšoantšong see?

15 Ha Baiseraele ba limillione ba ntse ba tšela nōkeng, “baprista ba jereng areka ea selekane sa Jehova, ba ema ba sataletse mobung o omileng, hare ho Jordane,” ho tšoantšetsa ho sitisoa ha litaba ke Jehova Molimo. (Joshua 3:17) Ke ka 1919 moo sehlotšoana sa Lipaki tse tlotsitsoeng se ileng sa hatela pele ka sebete ka pel’a “metsi” a batho. Ka 1922 ka sebete ba arabela pitso ea ho ‘tsebahatsa, ho tsebahatsa, ho tsebahatsa Morena le ’Muso oa hae,’ ha e le hantle ba re: “Ke ’na enoa, roma ’na.” Jehova oa ba tiisetsa: “Ha u tšela har’a metsi, ke tla ba le uena; ha u tšela linōka, li ke ke tsa u nka.” Ka 1931, o ile a ba hlompha ka ho ba nea lebitso la Lipaki tsa Jehova. (Esaia 6:8; 43:2, 12) Har’a ba ileng ba tšela Jordane e ne e tla ba Baiseraele bao e seng Balevi le bana ba “letšoele le kopakaneng” la bao e seng Baiseraele ba neng ba tlohile Egepeta le Moshe. Ka mokhoa o tšoanang, “bongata bo boholo ba batho” kajeno bo kopanela ho tšeleleng ka tsamaisong e ncha ea Molimo, ha masala a sehlopha sa moea sa boprista a eme a ‘tiile matla, a sa sisinyehe,’ a bea mohlala tumelong ea oona.—Exoda 12:38; Tšenolo 7:9; 1 Ba-Korinthe 15:58.

Ho Ikhopotsa Mohlolo

16. (a) Ho ile ha ikhopotsoa mohlolo oa Jordane joang? (b) Hoo ho fana ka maikutlo afe ka liketso tse matla tsa Jehova kajeno?

16 Jehova a tsoela pele ho ikhopotsa mohlolo ona oa Jordane, a laela hore banna ba 12, ba emelang meloko ea Iseraele, ba nke majoe a 12 ka nōkeng ’me ba a bee ka lehlakoreng le ka bophirima la lebōpo Gilgale. Majoe ao a ne a tla ema moo e le khopotso ea ka ho sa feleng lebitsong la Jehova le liketso tsa hae tse matla. Bara ba kamoso ba Iseraele ba ne ba tla bolelloa hore khopotso ena e ne e le “hore chaba tsohle tsa lefatše li tle li tsebe letsoho la Jehova hobane le matla, le hore le tšabe Jehova, Molimo oa lōna, ka mehla.” (Joshua 4:1-8, 20-24) Mehleng ea kajeno, liketso tse hlollang tsa Jehova ha a boloka batho ba hae, ho sa tsotellehe litlhaselo tse bohale tsa baeta-pele ba lipolotiki le ba bolumeli, li ema e le khopotso ea hore o na le batho ba hae. Ha ho pelaelo hore mesebetsi ea hae e meholo ea kajeno e tumisang lebitso la hae e tla hopoloa kamehla tsamaisong ea hae e ncha ea lintho.—Tšenolo 12:15, 16; Pesaleme ea 135:6, 13.

17. (a) Joshua o ile a hloma khopotso efe hape? (b) Batho ba sitiloe ho qoba bopaki bofe bo tšoanang kajeno?

17 Khopotso e ’ngoe e ne e loketse: “Hape, Joshua a hloma majoe a leshome le metso e ’meli ka hare ho Jordane, hona moo maoto a baprista ba jereng areka ea selekane a neng a eme teng; a sa le teng le kajeno.” Eare ha baprista ba e-tsoa ka nōkeng moo ho omileng ’me Jehova a lokolla metsi a matla a ikentseng letamo, a tla a ikentse lefito ho pota majoe ao a 12 a bopaki. (Joshua 4:9) Kahoo, metsi ao a matla a ne a ke ke a qoba boteng ba majoe ao. Ka ho tšoanang le kajeno, batho ba hohlomela ka potlako e kholoanyane ho ea ‘Leoatleng la Letsoai’ la Harmagedone. Empa ba ke ke ba qoba bopaki boo Lipaki tsa Jehova li bo bokelletseng lefatšeng ka bophara ha li eme li tiile ‘moeeng o le mong le pelong e le ’ngoe li ntse li loanela hammoho tumelo ea Evangeli.’ (Ba-Filippi 1:27, 28) Litlaleho tse teng li bontša hore, ka lilemo tse 67 ho tla fihlela selemong sena sa 1986, Lipaki li tsamaisitse mahaeng a batho lefatšeng ka bophara, ka lipuo tse fihlang ho 200, libuka le libukana tse fetang 570 000 000 le limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! tse fetang 6 400 000 000 hammoho le lipeeletso tse limillione—bopaki bo boholohali ka sebele!

18. (a) Sehlopha sa boprista se bonahalitse litšoaneleho life kajeno? (b) Batho bohle ba Molimo ba susumelitsoe joang?

18 Re ka thabela hore e be bopaki bo tsoetse pele ho tla fihlela selemong sena sa 1986. Ho etsa thato ea Molimo e bile mosebetsi o thata, joalokaha banna ba 12 e mong le e mong a ne a jere lejoe la hae la khopotso tsela ena eohle ho le isa Gilgale. Empa moea o moholo oa bopula-maliboho o kopantse batho ba Molimo ba kajeno, o ba susumeletsa hore kamehla ‘ba be sebete ’me ba be matla haholo.’—Pesaleme ea 27:14; 31:24; Sofonia 3:9.

19. Ha re hlahloba liketsahalo tse tsoelang pele tsa mehleng ea Joshua, re ka ba le tšepo efe?

19 Liketsahalo tse ling tsa mehleng ea Joshua li lokela ho re khothaletsa ho tsoela pele, re kholisehile hore Jehova o tla etsa mehlolo e meng molemong oa batho ba hae. Sehlooho sa rōna se latelang se tla bua ka e meng ea eona.

[Mengolo o botlaaseng ba leqephe]

a Asher Goldenberg oa ngola ho Metre and Its Significance in the Bible (Seheberu) hore nakong ea Tempele ea Pele, ho ne ho tloaelehile hore mabitso a batho a be malelele, a akarelletsa karolo ea litlhaku tse ’nè tsa Seheberu tse emelang lebitso la Molimo, ho bontša botšepehi ho Jehova. O hlalosa hore “ka libukeng tse hlano tsa pele, Moshe o fetola lebitso la Hoshe ben-Nun hore e be ‘Jehoshua’ ha a mo roma bohloela; kahoo o hlile a bona hore [Joshua] o ne a ke ke a eka [Jehova].”

Ho Ikhopotsa Liketsahalo tsa Mehleng ea Joshua—

◻ Ke hobane’ng ha tsee li sa lokela ho talingoa e le histori feela tjee?

◻ Re ka hlaolela sebete le matla a moea joang?

◻ Joshua o ile a re siela mohlala ofe o motle?

◻ Joshua o tšoantšelitse Jesu ka litsela life?

◻ Ke liketsahalo life kajeno tse tšoanang le tse etsahetseng Jordane?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela