Jesu—Bophelo le Tšebeletso tsa Hae
Jesu—Mohloli oa Khanyetsano
NAKOANA kamor’a hore a amoheloe lapeng la Simone, Jesu o qala leeto la hae la bobeli la boboleli Galilea. Leetong la hae la pele naheng eo, o ne a tsamaea le barutuoa ba hae ba pele, Petrose, Andrease, Jakobo le Johanne. Empa hona joale o tsamaea le baapostola ba 12, ’moho le basali ba bang ba itseng. Bana ba akarelletsa Maria Magdalena, Susanna, le Joanna, eo monna oa hae e leng letona la Morena Heroda.
Ha tšebeletso ea Jesu e ntse e matlafala, le khanyetso ka tšebetso ea hae le eona ea eketseha. Monna ea nang le modemona, ea sa boneng a bile a sitoa ho bua, o tlisoa ho Jesu. Ha Jesu a mo phekola, e le hore a lokolohe taolong ea bademona ’me a khone ho bua le ho bona, matšoele aa hlolloa. Ba qala hore: “Ana enoa hase mor’a Davida na?”
Matšoele a bokana ka bongata ho pota ntlo eo Jesu a lulang ho eona hoo eena le barutuoa ba hae ba sitoang le ho ja feela. Ntle ho bao ba nahanang hore e ka ’na eaba ke eena “Mora ea tšepisitsoeng oa Davida,” ho na le bangoli le Bafarisi ba tlohileng koana Jerusalema ho tla mo nyelisa. Ha bahabo Jesu ba utloa ka pherekano e amang Jesu, ba tla ho tla mo tšoara. Ka lebaka lefe?
Koana, banab’abo Jesu ba ntse ba e-s’o lumele hore ke mor’a oa Molimo. Hape, moferefere le khohlano tsa sechaba tseo a li tsositseng ke tseo ho hang li sa lokelang Jesu eo ba mo tsebileng ha a ntse a hōla Nazaretha. Ka hona ba lumela hore ho na le ntho e ’ngoe e khōlō e phoso kelellong ea Jesu. Ba etsa qeto ea hore: “Ha a sa nka [hantle],” (TLP) ’me ba batla ho mo tšoara le ho tsamaea ka eena.
Empa bopaki bo hlakile ba hore Jesu o phekotse monna ea nang le modemona. Bangoli le Bafarisi baa tseba hore ba ke ke ba latola bonnete ba sena, ’moho le ba mehlolo e meng ea Jesu. Kahoo e le ho nyelisa Jesu ba bolella batho: “Enoa ha a leleka bademona, ke ka Beelzebule feela, morena oa bademona.”
Ka ho tseba mohopolo oa bona, Jesu o bitsetsa bangoli le Bafarisi ho eena ’me o re: “’Muso o mong le o mong o khaohaneng ho itoantša o tla fetoha lesupi; le motse o mong le o mong, leha e le ntlo e khaohaneng ho itoantša, e ke ke ea tiea. Satane ha a leleka Satane, eba o khaohane ho itoantša; ana ’Muso oa hae o ka tiea joang?”
Ke karabo e tsietsang hakaakang! Kaha Bafarisi ba bolela hore batho ba boemong ba bona ba ’nile ba leleka bademona, Jesu o boetse oa botsa: “Ha ke fela ke leleka bademona ka Beelzebule, bara ba lōna, bona, ba ba leleka ka mang?” Ka mantsoe a mang, qoso eo ba e lebisang ho Jesu ka ho tšoanang e lokela ho lebisoa le ho bona. Joale Jesu oa ba lemosa: “Empa ekare ha ke leleka bademona ka Moea oa Molimo, le tsebe hoba ’muso oa Molimo o le fihletse ruri.”
Ho bontša hore ho leleka bademona ha hae ke bopaki ba matla a hae holim’a Satane, Jesu o re: “Kapa motho a ka kena joang tlung ea senatla, ho phahla mesebetsi ea sona, ha a sa ka a tlama senatla seo pele, ebe moo a phahlang ntlo ea sona? Ea sa ntoaneleng, oa ntoantša; le ea sa bokelleng le ’na, oa hasanya.” Ka ho hlakileng Bafarisi ba khahlanong le Jesu, ’me ba ipaka e le mahlaana a Satane. Ba qhalanyetsa Baiseraele hōle le eena.
Ka baka leo, Jesu o lemosa bahanyetsi bana ba bosatane hore “nyefolo e nyefotseng Moea, batho ba ke ke ba e tšoareloa.” Oa hlalosa: “Ha motho a sebile mor’a motho, a ka tšoareloa; empa ha a sebile Moea o Halalelang, a ke ke a tšoareloa, leha e le mehleng ena, leha e le ho e tlang ho tla.” Bangoli le Bafarisi bao ba entse sebe seo se sa tšoareloeng ka hore ka boomo ba hlalose seo ka ho totobetseng e leng tšebetso ea mohlolo ea moea o halalelang oa Molimo e le ea Satane. Mattheu 12:22-32; Mareka 3:19-30; Johanne 7:5.
◆ Leeto la bobeli la Jesu Galilea le fapana joang le la pele?
◆ Ke hobane’ng ha bahabo Jesu ba leka ho mo tšoara?
◆ Bafarisi ba leka joang ho nyelisa mehlolo ea Jesu, ’me Jesu o ba nyatsa joang?
◆ Bafarisi bao ba molato oa eng, hona hobane’ng?