Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 3/1 maq. 4-6
  • Bokamoso ba Hao—Tsela e Molemo ea ho Ithuta ka Bona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bokamoso ba Hao—Tsela e Molemo ea ho Ithuta ka Bona
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mohloli oa ’Nete oa Boitsebiso
  • Boprofeta bo Phethahetseng Kajeno
  • ‘Emisa Hlooho ea Hao’
  • Na Bonohe ba Linaleli bo Senola Bokamoso ba Hao?
    Tsoha!—2005
  • Balepi ba Linaleli ba Etela Jesu
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Na Bonohe bo ka re Thusa ho Tseba Bokamoso?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2018
  • Ho Batla se sa Tsejoeng ka Matla a Boloi le ka Tumelo ea ho Bua le Meea ea Bafu ka Lilaoli
    Moloko oa Batho o Batla Molimo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 3/1 maq. 4-6

Bokamoso ba Hao—Tsela e Molemo ea ho Ithuta ka Bona

KA 1962 linohe tsa linaleli tsa Maindia li nohile tlokotsi ea lefatše lohle “ka lebaka la ho kopana ho sa tloaelehang hoa liplanete tse 8 letšoaong la naleli ea Capricorn.” Ha ho letho le etsahetseng leha ho le joalo. Haufinyane, bofelong ba 1980, linohe tse ngata tsa linaleli tsa Mafora li ne li le khopolo e ’ngoe ka hore mookameli oa Fora, Giscard d’Estaing, o tla khethoa la bobeli. Empa mohanyetsi oa hae, François Mitterrand, a hlōla likhetho. Liphoso tse kang tsena li re hopotsa hore bonohe ba linaleli ha bo fane ka tsela e tšepahalang ea ho tseba bokamoso.

Leha ho le joalo, na ho na le tsela e ’ngoe? Ka mohlala, na boiteko ba bo-ramahlale ba ho noha bokamoso bo tla u thusa? Ponelopele e entsoeng ke Mokhatlo oa Thupelo McGraw oa Hill (United States) ka 1970 ka se neng se tla etsahala ka 1980 ke ena: “Lithethefatsi tse tla hlōla kankere, lihoana tse nang le batho tse tla ea ho Mars le Venus, bolulo ba kamehla khoeling, makoloi a tsamaeang ka motlakase, ho tlala hohle ha ‘li-computer’ matlung, ho tseba ho khetha bong ba lesea la hao, lithelevishene tse bontšang litšoantšo ka hohle le libaesekopo.”

Morao ka bo-1970, bo-ramahlale ba mokhatlo ’ona ba boletse: “Mokhoa ’ona [oa ho noha] o entsoe ka morero oa ho finyella ponelopele e tšepahalang ka tumellano ea sehlopha sa litsebi.” Empa liponelopele tsa litsebi tsena li ipakile li fosahetse mafapheng ana le ho a mang, joaloka lipolotiking le moruong.

Mohloli oa ’Nete oa Boitsebiso

Haeba linohe tsa linaleli le bo-ramahlale ba hlōleha ho noha ka nepo se tlang ho etsahala, na hoo ho bolela hore ke ho ke keng ha etsahala ho fumana boitsebiso bo tšepahalang ka bokamoso? Pele u tela, re lokela ho hlahloba seo Bibele e se bolelang ka taba ena. Hopola Jehova, Mongoli oa Bibele, o hlalosoa e le ‘Eo ha e sa le ho hlaheng a bolelang tse tlang ho tla, le eo khale a boletseng tse e-song ho hlahe.’—Esaia 46:10.

Lentsoe la Molimo le tšoere boprofeta bo bongata. Bo fapana joang le liponelopelo tsa linohe tsa linaleli? Ho latela karabo bukeng e bitsoang The Great Ideas e re: “Empa mabapi le tsebo ea pele ka batho ba shoang, baprofeta ba Baheberu ho bonahala ba ne ba ikhethile. Ho fapana le linohe tsa bohetene, . . . ha ba sebelise mekhoa e itseng ho senola liphiri. . . . Boholo ba lipuo tsa bona tsa boprofeta, ho fapana le tsa linohe, li bonahala e le ’nete. Sepheo [sa bona] ho bonahala e ne e le ho senola, e seng ho koahela, morero oa Molimo litabeng tsena kaha Eena ka boeena a lakatsa ha batho ba ka bona e sa le pele tataiso ea oona.”

Mohlala oa sena ke boitsebiso bo bongata ka Jesu bo ngoliloeng ka Bibeleng makholo-kholo a lilemo pele a tsoaloa. Ho ne ho profetiloe hore o tla tsoalloa motseng oa Bethlehema lelokong la Jese, ntat’a Morena Davida. (Mikea 5:2; Esaia 11:1, 10) Hape Mangolo a boletse e sa le pele hore ha ho le le leng la masapo a hae le tlang ho rojoa, joalokaha e ne e le tloaelo ka lipolao tse joalo. Boprofeta bona bo ipakile e le ’nete, ’me ke mehlala e ’maloa feela ea seo seithuti sa Bibele se lekanyetsang hore ke boprofeta bo fetang 120 bo phethahetseng ka Jesu.—Pesaleme ea 22:16, 17; 34:20.

Boprofeta bo Phethahetseng Kajeno

Ho feta moo, Bibele e na le boprofeta bo bongata bo supang mehla ea rōna. Ha re hlahlobeng bo bong ba bohlokoahali ho bona. Bo hlalosa letoto la liketsahalo tse tla tšoaea nako e tobileng ea ho kenella ho hlakileng ha ’Muso oa Molimo litabeng tsa lefatše. Liketsahalo tsena li akareletsa lintoa tsa lefatše, litšisinyeho tsa lefatše, mafu, litlala le ho eketseha ha tlōlo ea molao. Na ho eketseha ha lintho tsee ha hoa bonahala haholo litabeng tsa lefatše lekholong la rōna la bo20 la lilemo?—Mattheu 24:3, 7-14; Luka 21:7, 10, 11; 2 Timothea 3:1-5.

Jesu o hlalositse hore ho phethahala ha boprofeta bona ho tla tšoaea ho fihla ha ’Muso oa hae ka sebele joaloka ho thunya ha mahlaku a lifate ho tšoaea ho thoasa ha selemo. O hlakisitse hore liketsahalo li loketse ho phethahala molokong o le mong feela. Likarolo tsohle tsa pontšo, ho kopanyeletsa le tse boletsoeng kaholimo, li phethahetse mahlong a rōna ho tloha ka 1914.a Re ka ba le tšepo e feletseng ea hore ’Muso o tla nka bohato haufinyane.—Luka 21:29-33.

Tšobotsi e ’ngoe e profetiloeng bakeng sa nako ena ke “tsieleho ea lichaba le matsoalo.” (Luka 21:25) Joale, ke hobane’ng ha kajeno ho na le thahasello bonoheng ba linaleli le mefuteng e meng ea bonohe? Koranta ea litaba ea Fora Le Monde Dimanche e-ea arabela: “Ba tobane le qaka ena, batho ba ke ke ba phetsa ho batla thuso. Thuto ea mahlale a liphiri e fana ka matšeliso a maholo bakeng sa boiteko bo bonyenyane, ’me mehleng ee ea mesebetsi e makatsang ea tsoelopele ea mahlale e joaloka matla a nuclear le ho kopanya liphatsa tsa lefutso, batho ba leka ho balehela moo ba sa tsebeng, ba leka ho fumana hape se boleloang ke bophelo.” Kahoo ha rea lokela ho makatsoa ke thahasello e atileng ea bonohe joaloka ba linaleli. Ke e ’ngoe ea lipontšo tsa “tsieleho” tseo batho ba iphumanang ba le ho tsona kajeno mabapi le ho phethahala ha boprofeta ba Jesu.

‘Emisa Hlooho ea Hao’

Bakreste ba lokela ho etsa eng ha ba bona lintho tsena tsohle? Na ba tšoanetse ho tšaba joaloka batho ba ba potolohileng? Jesu o fane ka keletso e latelang: “Etlare ha tseo li qala ho hlaha, emisang lihlooho, ’me le lelale holimo, hobane topollo ea lōna e tla be e atametse.”—Luka 21:28.

Na u rata ho tseba bokamoso ba hao ka ho eketsehileng? Joale iphe nako ho hlahloba Bibele ka botebo le ho “leka lipolelo tse bululetsoeng, hore na ke tse tsoang ho Molimo.” (1 Johanne 4:1, NW) U ka etsa sena ka thuso ea makasine oa Molula-Qhooa oo hangata o hlalosang boprofeta ba Bibele le tšebetso ea bona mehleng ea rōna. Ka hona, joaloka ha u kholiseha hore bofelo ba lefatše la joale le tšoenyehileng bo haufi, le uena, u tla khona ho ‘emisa hlooho ea hao.’ Hape u tla ithuta ho thabela mahlohonolo a ’Muso oa Messia, oo haufinyane o tla kenella litaba tsa lefatše bakeng sa ho ruisa batho ba lipelo li lokileng molemo.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng ba ho phethahala ha boprofeta bona ho tloha ka 1914, bona khaolo 7 ea buka Khotso ea ’Nete le Tšireletso—U Ka Li Fumana Joang? e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

[Lebokose le leqepheng la 5]

“Pontšo . . . e tla Etsahala”

‘Ke eng se phoso ka ho ea ho senohe sa liketsahalo tsa kamoso kapa ho bala litaba tsa bonohe ba linaleli koranteng? Na ha se boithabiso feela bo seng kotsi?’

Bibele ha e nke taba ena habobebe. Bonneteng, e re hlokomelisa ka lintho tsa bonohe le boloi. Bukeng ea Deuteronoma, Jehova o fana ka keletso e latelang: “Ekare ha ho hlaha . . . moprofeta kapa molori oa litoro, ea u tsebisang pontšo kapa mohlolo, ha pontšo eo, kapa mohlolo oo a u boleletseng ’ona, o etsahala, ’me a re ho uena: A re latele melimo esele . . . u se ke ua mamela lipolelo tsa moprofeta eo, kapa tsa molori eo oa litoro.”—Deuteronoma 13:1-3.

Hlokomela hore Mangolo ha a latole ’nete ea hore liponelopele tse ling tsa bonohe ba bokamoso le bonohe ba linaleli li ka ’na tsa etsahala. Ho e-na le hoo, Bibele e re hlokomelisa hore haeba matšoao a bonohe a itšetlehile ka lintho tse leholimong kapa mekhoa e meng ea bonohe, li tsoa ho bademona, lia thetsa, ’me li ka tlosa batho ho Molimo oa ’nete.—Bona Liketso 16:16-18.

Ho mamela linohe tsa linaleli kapa ba bang ba ipolelang ho noha bokamoso ke ho ikenya mathateng a tebileng a moea ’me u qetelle u le lekhoba la “meea e bolotsana e sebakeng sa leholimo.” (Ba-Efese 6:12) Kahoo, ho batla thuso ho batho bana Molimo o ho talima e le sebe se tebileng; ba etsang lintho tse joalo ba manyala mahlong a oona ’me ba ke ke ba rua ’Muso oa oona.—Tšenolo 22:15.

Ho molemong oa rōna hore Bibele e re hlokomelise mabapi le bonohe ba linaleli le mefuta e meng ea bona.

[Lebokose le leqepheng la 6]

BIBELE E BOLETSE E SA LE PELE HORE:

◆ Jesu o tla tsoalloa Bethlehema.—Mikea 5:2

◆ O tla tsoalloa lelokong la Jese, ntat’a Morena Davida.—Esaia 11:1, 10

◆ O tla bolaeloa thupeng ea tlhokofatso.—Pesaleme ea 22:16, 17

◆ Ha ho le le leng la masapo a hae le tla rojoa.—Pesaleme ea 34:20

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela